Fetela boitsebisong

Na Bakreste ba Lokela ho Sebelisa Lithibela-pelehi?

Na Bakreste ba Lokela ho Sebelisa Lithibela-pelehi?

Karabo ea Bibele

Jesu ha aa ka a laela balateli ba hae hore ba be le bana kapa ba se ke ba ba le bona. Ebile ha ho le ea mong oa barutuoa ba Jesu ea ileng a ntša taelo e joalo. Ha ho moo ka ho toba Bibele e nyatsang thero ea malapa. Tabeng ena, ho sebetsa molao-motheo o ngotsoeng ho Baroma 14:12 o reng: “E mong le e mong oa rōna o tla ikarabella ho Molimo.”

Kahoo, banyalani ba lokolohile ho iketsetsa qeto ea hore na ba batla bana kapa che. Hape ba ka etsa qeto ea hore na ba batla bana ba bakae, hona neng. Ha monna le mosali ba khetha ho sebelisa sethibela-pelehi se sa ntšeng mpa, e le hore mosali a se ke a ima, eo ke qeto ea bona le boikarabelo ba bona. Ha ho ea lokelang ho ba ahlola.—Baroma 14:4, 10-13.