Fetela boitsebisong

SE KA THUSANG LELAPA

Kamoo U ka Buisanang le Bana ba Hao ka Joala Kateng

Kamoo U ka Buisanang le Bana ba Hao ka Joala Kateng

 Ntate Alexander o re: “Morali oa rona o ne a le lilemo li tšeletseng ha re bua le eena ka joala ka lekhetlo la pele. O ile a re makatsa hobane o ne a tseba lintho tse ngata ka joala ho feta kamoo re neng re nahanne.”

 Seo u lokelang ho se tseba

 Ho bua ka joala le bana ke habohlokoa. U se ke oa emela hore ngoana oa hao a be a fihle lilemong tsa bocha. Ntate Khamit ea lulang Russia o re: “Ekare re ka be re ile ra bua le mora oa rona ka ho sebelisa joala hantle ho tloha ha a sa le monyenyane. Ke ithutile bohlokoa ba ho etsa joalo habohloko. Ke ile ka fumana hore mora oa rona o ne a se a noa joalo ha a le lilemo li 13.”

 Ke hobane’ng ha u lokela ho tšoenyeha?

  •   Bana bao a kenang sekolo le bona, lipapatso le thelevisishene li ka susumetsa tsela eo ngoana oa hao a nkang joala ka eona.

  •   Ho ea ka mokhatlo oa Amerika oa Taolo le Thibelo ea Mafu, liphesente tse 11 tsa joala bohle bo nooang Amerika bo nooa ke bana ba ka tlaase ho lilemo tsa molao tsa ho noa joala.

 Ke kahoo ba tsa bophelo bo botle ba khothalletsang batsoali hore ba rute bana ba bona ka likotsi tsa joala ho tloha ba sa le banyenyane. U ka etsa se joang?

 Seo u ka se etsang

 U lebelle hore ngoana o tla u botsa lipotso. Bana ba banyenyane ba rata ho botsa lipotso kaha ba batla ho tseba lintho tse ngata ’me ba baholoanyane ba batla ho tseba lintho tse ngata le ho feta. Ka lebaka leo u lokela ho itokisa hantle hore na u tla araba lipotso tsa bona joang. Ka mohlala:

  •   Haeba ngoana oa hao a batla ho tseba hore na joala bo latsoeha joang, u ka ’na oa re veine e batlile e tšoana le juice e bolila athe biri eona ehlile e ea baba.

  •   Haeba ngoana oa hao a batla ho latsoa joala, u ka ’na oa mo bolella hore joala bo hlola bana. Hlalosa hore na joala bo ka etsa’ng: Ke ’nete hore joala boa khatholla, empa ha motho a noa bo bongata bo ka ’na ba etsa hore a tsekele, a etse lintho tse se nang kelello hape a bue le lintho tseo a ka ikoahlaelang tsona.​—Liproverbia 23:29-35.

 Tseba lintho tse itseng ka joala. Bibele e re: “E mong le e mong ea masene o tla sebetsa ka tsebo.” (Liproverbia 13:16) U lokela ho utloisisa litla-morao tsa ho noa joala ’me hape u tsebe le melao ea ho noa joala naheng ea heno. Ka ho etsa joalo u tla khona ho thusa ngoana oa hao.

 Eba oa pele ea buisanang le ngoana oa hao ka joala. Ntate Mark ea lulang Brithani o re: “Ka linako tse ling bana ba qetella ba ferekana hore na ho nepahetse ho noa joala kapa che. Ke ile ka botsa mora oa ka ea lilemo li robeli hore na o nahana joang, na o nahana hore ho fosahetse kapa ho nepahetse ho noa joala. Ke ne ke sa tiisa ’mele ha ke bua le eena ka taba ena ’me sena se ile sa mo thusa hore a phutholohe a ntjoetse ntho e ’ngoe le e ’ngoe.”

 Ha u lula u bua le ngoana oa hao ka joala, u tla etsa hore a utloisise taba eo haholoanyane. Ho itšetlehile ka hore na ngoana oa hao o lilemo li kae, u ka ’na oa bua le eena ka lintho tsena tsa bohlokoa tse akarelletsang boipaballo ’mileng le ho etsa thobalano.

 Eba mohlala. Bana ba khona ho amohela le ho etsisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e haufi le bona ’me lipatlisiso li fumane hore batsoali ba ka susumetsa bana ba bona ho feta motho leha e le ofe. Haeba ntho ea pele eo u e etsang ha u na le mathata ke hore u noe joala, bana ba hao ba ka ’na ba nahana hore joala ke tharollo ea mathata. Kahoo, eba mohlala o motle. Etsa bonnete ba hore u noa ka boikarabello.

Bana ba tla ithuta mohlaleng oa hao hore na ba lokela ho noa joala joang