Fetela boitsebisong

Lipaki Tsa Jehova li Fuoa Khau ea ho Thusa Batšoaruoa

Lipaki Tsa Jehova li Fuoa Khau ea ho Thusa Batšoaruoa

Lipaki Tsa Jehova tse robong tsa Australia li ile tsa fuoa lisetifikeiti e le ho li leboha ka “mosebetsi o babatsehang” oo li ileng tsa o etsetsa batšoaruoa ba setsing se seholo sa batho ba tšoaretsoeng ho lula Australia ntle ho molao. Lipaki tseo li ile tsa fuoa likhau ke setsi se seholo sa batšoaruoa se Curtin pela Derby, Australia bophirimela. *

Lipaki tsena li etela batšoaruoa beke le beke ho utloa hore na ba ile ba kopana le maemo afe ’me ba buisane le bona ka molaetsa oa Bibele oa matšeliso le tšepo. Christopher Riddoch e leng mohokahanyi oa tsa bolumeli le setso setsing seo o ile a re: “Ho bonahala liphetoho hang-hang ho batšoaruoa ka mor’a hore Lipaki li ba etele.” O ile a boela a re lifahleho tsa batšoaruoa lia ela ’me eba batho ba thabileng haholoanyane ka mor’a hore li ba etele, ’me o babatsa banna bana ka hore ebe ba tsotella batho e le kannete.

Riddoch o ile a tsoela pele ka ho re lisetifikeiti tseo ba li fileng Lipaki ke pontšo e nyenyane feela ea kamoo ba li lebohang kateng hore ebe li “ntlafalitse bophelo ba banna ba tlhokomelong ea bona.” O ile a phaella ka ho re Lipaki tsena “ke batho ba molemo malapeng a bona, phuthehong le mokhatlong.”

^ ser. 2 Ho ka lula banna ba ka bang 1 500 setsing sena.