Fetela boitsebisong

Tlaleho ea Seboka sa Selemo le Selemo ea 2014

Lilemo Tse 100 Tsa Puso ea ’Muso!

Tlaleho ea Seboka sa Selemo le Selemo ea 2014

Ka la 4 October, 2014, batho ba ka bang 19 000 ba ile ba e-ba teng sebokeng sa bo130 sa selemo le selemo sa Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania. Lenaneo le ne le tšoaretsoe Holong ea Likopano ea Lipaki Tsa Jehova e Jersey City, New Jersey, U.S.A., ’me batho ba libakeng tse ling ba hoketsoe ka video.

Molula-setulo e ne e le Mark Sanderson oa Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova. Mantsoeng a hae a bulang, Mor’abo rōna Sanderson o ile a hatisa hore seboka sa selemong sena ke sa bohlokoa, hobane re ikhopotsa lilemo tse 100 ’Muso oa Bomesia o hlonngoe.

Mor’abo rōna Sanderson o ile a hlahloba lintho tse tharo tseo ’Muso o li finyeletseng ka lilemo tsa oona tsa pele tse 100:

  • Mosebetsi oa bobeli o etsoang lefatšeng lohle. Ka lebaka la tlhohonolofatso ea Jehova, batho ba hae ba ’nile ba sebetsa ka thata ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso. Palo ea rōna e ile ea nyoloha ho tloha ho bahoeletsi ba makholo ka 1914 ho ea ho limilione tse robeli selemong sa tšebeletso sa 2014. Re tla tsoela pele re paka ka cheseho ho fihlela Jehova a re ho lekane.

  • Ho sireletsa bafo ba ’Muso e le sehlopha. Baeta-pele ba bolumeli le ba lipolotiki ba re hanyetsa ka sehlōhō ba bile ba leka ho felisa Lipaki Tsa Jehova ka ho feletseng. Leha ho le joalo, Jehova o ’nile a sireletsa barapeli ba hae e le sehlopha. Re ’nile ra hlōla linyeoe tse ngata, ho akarelletsa ea Lekhotla le Phahameng la United States le Lekhotla la Europe la Litokelo Tsa Botho, ’me sena se bontša hore Jehova o ntse a e-na le rōna le kajeno.

  • Ho kopanngoa batho ba mefuta eohle. ’Muso oa Molimo o kopantse batho ba limelo tse sa tšoaneng, ba merabe e fapaneng, le lipuo tse sa tšoaneng, ’me o ba thusa hore ba hlōle liteko tse ngata le ho ba etsa sehlopha se momahaneng borapeling. Mor’abo rōna Sanderson o ile a re: “Ona ke mohlolo oo e leng Jehova Molimo feela ea ka khonang ho o etsa.” O ile a hatisa kamoo bohle ba teng sebokeng seo sa selemo le selemo ba leng lehlohonolo kateng hore e be ba teng ketsahalong eo ea bohlokoa.

Livideo tsa E-ba Motsoalle oa Jehova.

Taba ea bobeli eo ho ileng ha buuoa ka eona lenaneong la seboka sa selemo le selemo e bile livideo tsa bana tse seng li e-na le lilemo tse fetang tse peli li hatisoa. Mor’abo rōna Sanderson o ile a qala ka ho bapala video ea moo bana lefatšeng ka bophara ba ntšang maikutlo ka livideo tsena. Bamameli ba ile ba angoa maikutlo ke tsela eo ba neng ba hlalosa ka ho hlaka kateng ebile e le ho tloha pelong kamoo ba ananelang seo ba ithutileng sona livideong tseo.

Ho ile ha bapaloa video e ncha ea bana e bitsoang “Jehova o Tla u Thusa Hore u be Sebete.” Video ena ea metsotso e 12 e bua ka tlaleho ea Bibele ea ngoanana oa Moiseraele ea ileng a ba sebete ’me a bua ka Jehova ho mosali oa Naamane. (2 Marena 5:1-14) Video ena e ile ea kenngoa ho jw.org ka ’Mantaha oa la 6 October, 2014, ’me e fumaneha ka lipuo tse fetang 20.

Lenaneo la ho Ithuta Puo

. Mor’abo rōna Sanderson o ile a tsebisa bamameli ka lenaneo le lecha bakeng sa lisebelisoa tsa theknoloji, le ka sebelisoang ke Lipaki Tsa Jehova tse batlang ho ithuta lipuo tse ling e le hore li atolose tšebeletso ea tsona. Lenaneo lena le na le mantsoe le lipolelo tse fetang 4 000 ka lipuo tse 18. Ho ntse ho etsoa litokisetso tsa hore ho kenngoe mantsoe le lipolelo tse eketsehileng, likenyelletso tsa tšimo le lintho tse ling.

Khaso ea JW.

Bamameli ba ile ba thaba haholo ha ba bolelloa hore ho se ho e-na le seteishene se secha sa thelevishene se tšehetsoang ke Lipaki Tsa Jehova, se ileng sa qala ka ho hlahisoa ka Senyesemane feela. Seteishene sena se ntlo-khōlō e Brooklyn, New York, U.S.A., ’me se tla hasa livideo tsa rōna, ’mino le ’malo oa Bibele oa tšoantšiso. Ho phaella moo, se tla ba le mananeo a khoeli le khoeli a tsamaisoang ke setho sa Sehlopha se Busang kapa mothusi oa tse ling tsa likomiti.

Mor’abo rōna Sanderson o ile a bontša batho a mang a mananeo a pele a seteishene sena. Le leng le ne le tsamaisoa ke setho sa Sehlopha se Busang e leng Stephen Lett ’me le hlahisa liketsahalo tsa ha ho ntse ho lokisetsoa hore lenaneo le hasoe moeeng. Khaso ea JW e ile ea hasoa moeeng ka la 6 October, 2014, ’me u ka e shebella ka hore u kene ho tv.pr418.com.

“’Muso o Busitse ka Lilemo Tse 100 ’me o Ntse o Tsoela Pele.”

Samuel Herd oa Sehlopha se Busang o ile a pheta litaba tsa video ea kamoo ’Muso oa Molimo o ’nileng oa tsoela pele ho re thusa hore re hōle le ho ntlafatsa mosebetsi oa boboleli. Video ena e na le likarolo tsa mehleng ea khale, lipontšo tsa se etsahetseng le liphihlelo tse phetoang ke Lipaki Tsa Jehova tsa mehleng ea khale ’me e boetse e hlahisa “Photo-Drama of Creation”; hore na keramafono le likarete tsa bopaki li ne li sebelisoa joang, mekoloko ea phatlalatso, likoloi tse nang le libuela-hōle; le likolo tse re koetlisetsang ho etsa mosebetsi oa boboleli.

Re rua molemo joang ka ho nahanisisa ka seo ’Muso o se finyeletseng ka lilemo tsa oona tsa pele tse 100? Ha re etsa joalo, ’Muso e tla ba oa sebele ho rōna ’me sena se tla phahamisa tebello ea rōna bakeng sa lintho tseo o tla li etsa nakong e tlang.

Lipina Tsa Borapeli.

David Splane oa Sehlopha se Busang, o ile a thabisa bohle ba neng ba le teng ha a phatlalatsa hore buka ea lipina ea Binelang Jehova, e tl’o nchafatsoa. E tla ba le lekoko le leputsoa le molomo o silevera joaloka New World Translation. Ho sebelisa thepa ea boleng bo phahameng joalo, ke bopaki ba hore ka sebele re nka ’mino e le karolo ea bohlokoa ea borapeli ba rōna.

Mor’abo rōna Splane o ile a boela a re buka ea lipina e tla eketsoa ka lipina tse ’maloa. Empa ha rea lokela ho emela lipina tse ncha hore li hatisoe ebe ke hona re li binang. Li tla ba teng ho jw.org.

Tse tharo tsa lipina tsena tse ileng tsa hlahlojoa ke lelapa la Bethele pejana bekeng eo, li ile tsa binoa sebokeng sa selemo le selemo. Mor’abo rōna Splane o ile a etella pele sehlopha se neng se bina pina ea “’Muso o Hlonngoe—Ha o ke o Tle!” Pina ena e entsoe e le ho keteka lilemo tse 100 tsa ho thehoa ha ’Muso. Ka mor’a hore sehlopha se bine, bamameli ba ile ba bina hammoho le sona. Hamorao ha lenaneo le ntse le tsoela pele, sehlopha se ile sa bina le bamameli pina e ’ngoe e ncha e reng “U re fe Sebete.

Puisano ka lipotso.

Gerrit Lösch oa Sehlopha se Busang o ile a bapala lebanta la puisano ka lipotso moo barab’abo rōna ba bararo le basali ba bona ba qetileng lilemo tse mashome ba le tšebeletsong ea Bethele ba fanang ka liphihlelo tsa bona. Ba ile ba fana ka liphihlelo tsa liphetoho tse ngata tseo ba li boneng lilemong tse fetileng, ba hatisa hore batho ba Molimo ba ntse ba hatela pele. Mor’abo rōna Lösch o ile a re Bibele e buile esale pele ka ho hatela pele ha mokhatlo, ’me a ipiletsa ho batho bohle hore ba tsamaisane le mokhatlo oa Jehova.Esaia 60:17.

“Liketsahalo le seo li se tšoantšetsang.”

Mor’abo rōna Splane o ile a fana ka puo ena, e neng e hlalosa hore na ke hobane’ng ha lilemong tsa morao tjena lingoliloeng tsa rōna li sa bue haholo ka liketsahalo le seo li se tšoantšetsang joalokaha ho ne le joalo pele.

Nakong e fetileng, banna le basali ba tšepahalang ba hlahang ka Bibeleng ba ne ba tšoantšetsa lihlopha tsa Bakreste ba tšepahalang mehleng ena. Ka ho tšoanang, litlaleho tse ngata tse hlahang ka Bibeleng li profeta liketsahalo tse amang bahlanka ba Molimo ba mehleng ea kajeno. Ke ’nete hore hoa hlolla ho ithuta lipapiso tse joalo. Joale ke hobane’ng ha lingoliloeng tsa rōna li sa atise ho bua ka liketsahalo le seo li se tšoantšetsang?

Mangolo a bontša hore batho ba bang kapa liketsahalo tse itseng, e ne e le tšoantšetso ea se molemohali kapa motho ea moholoanyane. Moo Bibele e buang ka ho toba ka liketsahalo tsa sebele hammoho le seo li se tšoantšetsang, re amohela tlhaloso eo ka thabo. Mor’abo rōna Splane o ile a re: “Empa moo Bibele e sa reng letho, ha rea lokela ho bua ka hona.” Re lokela ho qoba ho hlalosa mangolo ho feta tekano. Ho feta moo, haeba re qeta nako e ngata haholo re ntse re sheba liketsahalo tsa sebele ebe re batla seo li se tšoantšetsang hammoho le phethahatso ea tsona, ho ka etsahala hore re hlokomolohe seo litlaleho tseo tsa Bibele li re rutang sona, ebang re na le tšepo ea ho phela leholimong kapa lefatšeng.Baroma 15:4. *

“Na U Tla ‘Lula U Lebetse’?”

Puo ena e neng e fanoa ke Mor’abo rōna Lett, e ile ea lokisa kutloisiso ea rōna ka papiso ea Jesu ea baroetsana ba leshome. (Matheu 25:1-13) Re se re utloisisa papiso eo tjena: Monyali ke Jesu ’me baroetsana ke balateli ba hae ba tlotsitsoeng. (Luka 5:34, 35; 2 Bakorinthe 11:2) Papiso ena e bua ka matsatsi a ho qetela, ao sehlohlolo sa ’ona se tla ba ka nako ea matšoenyeho a maholo. Ha Jesu a ne bua ka baroetsana ba bahlano ba maoatla, o ne a sa bolele hore boholo ba bahlanka ba hae ba tlotsitsoeng ba ke ke ba tšepahala ebe ba hloka ho nkeloa sebaka ke ba bang. Ho e-na le hoo, o ne a fana ka temoso e matla. Feela joalokaha baroetsana ba bahlano e bile maoatla ’me ba bahlano ba bile masene, e mong le e mong oa batlotsuoa o lokela ho khetha hore na o tla lula a itokisitse a bile a falimehile kapa o tla phela bophelo ba ho se tšepahale.

Ho latela molao-motheo oa hore re se ke ra hlalosa Mangolo ho feta tekano, hase bohlale ho batlana le se tšoantšetsoang ke ntho e ’ngoe le e ’ngoe papisong ena. Ho e-na le hoo, re lokela ho ithuta lintho tsa bohlokoa papisong ena. Ho sa tsotellehe hore na re batlotsuoa kapa “linku tse ling,” kaofela ha rōna re na le boikarabelo ba ho khantša leseli la rōna le hore re ‘lule re lebetse.’ (Johanne 10:16; Mareka 13:37; Matheu 5:16) Ha ho motho ea ka tšepahalang bakeng sa rōna. E mong le e mong oa rōna o lokela hore a “khethe bophelo” ka hore a lule a hlaphohetsoe moeeng le ho ba teng kamehla tšebeletsong.Deuteronoma 30:19.

“Papiso ea Litalenta.”

Anthony Morris oa Sehlopha se Busang o ile a fana ka puo e latelang e neng e thusa bamameli hore ba lokise kutloisiso ea bona mabapi le papiso ea litalenta. (Matheu 25:14-30) Re se re utloisisa hore mong’a makhoba ea papisong ena, (Jesu) o tla putsa makhoba (balateli ba hae ba tšepahalang ba tlotsitsoeng ba lefatšeng) nakong e tlang mohla a tlang ho tla ba tsosetsa leholimong. Ha Jesu a bua ka se tla etsahalla “lekhoba le khopo le le noabolohang,” o ne a sa bolele esale pele hore boholo ba balateli ba hae e tla ba ba sa tšepahaleng. Ho e-na le hoo, o ne a lemosa batlotsuoa hore ba lokela ho lula ba le mafolofolo ’me ba qobe boitšoaro le liketso tsa lekhoba le khopo.

Re ka ithuta eng ea bohlokoa papisong ee? Mong’a makhoba ea papisong ena o ile a beha ntho ea bohlokoa kalosong ea makhoba a hae. Ka ho tšoanang, Jesu o behile ntho eo a e nkang e le ea bohlokoa kalosong ea balateli ba hae, e leng mosebetsi oa ho bolela le ho etsa barutuoa. O lebeletse hore kaofela ha rōna re etse mosebetsi ona oa boboleli ka mafolofolo, ho itšetlehile ka maemo a rōna. Mor’abo rōna Morris o ile a babatsa bamameli ka hore ebe ba etsa mesebetsi e amanang le ’Muso ka cheseho.

“Ke Mang ea Tla Hlasela Batho ba Molimo?”

Sena e bile sehlooho se thahasellisang sa puo e phethelang e ileng ea fanoa ke Geoffrey Jackson oa Sehlopha se Busang. Mor’abo rōna Jackson o ile a bua ka tlhaselo e tla tlela batho ba Molimo e tla beng e eteletsoe pele ke Gogo oa Magogo.Ezekiele 38:14-23.

Nakong e fetileng, re ne re utloisisa hore Gogo ke lebitso le leng leo Satane Diabolose a ileng a le fuoa ka mor’a hore a lelekoe leholimong. Leha ho le joalo, Mor’abo rōna Jackson o ile a bua ka lipotso tsa bohlokoa tseo re ka ipotsang tsona mabapi le taba ena. Ka mohlala, Jehova o ile a bolela esale pele hore ha Gogo a hlōloa, Jehova o tla fana ka Gogo e le “lijo tsa linonyana tse jang nama, linonyana tsa mapheo a mefuta eohle, le ho libata tsa naha.” (Ezekiele 39:4) Jehova o ile a boela a bolela esale pele hore “Gogo le bongata bohle ba hae” ba tla pateloa lefatšeng. (Ezekiele 39:11) Empa ke joang lintho tsee li ka etsahallang libōpuoa tsa moea? Satane o tla lahleloa ka mohohlong ka lilemo tse 1 000, ha a na ho jeoa kapa a patoe. (Tšenolo 20:1, 2) Ho feta moo, qetellong ea lilemo tseo tse 1 000, Satane o tla lokolloa ’me “o tla tsoa ho ea khelosa lichaba tseo likhutlong tse ’nè tsa lefatše, Gogo le Magogo.” (Tšenolo 20:7, 8) Ho hlakile hore Satane a ke ke a khelosa Gogo haeba eena ka boeena e le Gogo.

Mor’abo rōna Jackson o ile a hlalosa hore Gogo oa Magogo ea hlahang boprofeteng ba Ezekiele ha a emele Satane, empa e emela machaba a ikopantseng a tla hlasela batho ba Molimo nakong e tlang. Ka ho tšoanang, tlhaselo ea Gogo e tšoana le ea “morena oa leboea” le ea “marena a lefatše.”Daniele 11:40, 44, 45; Tšenolo 17:12-14; 19:19.

“Morena oa leboea” ke mang? Re tla lokela ho ema re tle re bone. Leha ho le joalo, ho matlafatsa tumelo ho bona kamoo kutloisiso ea rōna ka liketsahalo tsa nakong e tlang e ntseng e hloekisoa ha nako eo e ntse e atamela. Ha re tšabe tlhaselo e tlelang batho ba Molimo, hobane rea tseba hore ha Gogo oa Magogo a hlasela, o tla hlōloa ’me a felisoe ka ho feletseng—ebe batho ba Molimo ba ba teng ka ho sa feleng. *

Sephetho.

Mor’abo rōna Sanderson o ile a phatlalatsa hore Bibele e nyenyane ea New World Translation e se e fumaneha. Hape, khatiso e rekotiloeng ea Bibele e ntse e etsuoa, ’me e tla ba le mantsoe a batho ba fapaneng ba tla bala mantsoe a buuoang ke batho ba hlahang ka Bibeleng. Likhatiso tsena li tla kenngoa ho jw.org hanyane ka hanyane, ho qaloa ka lengolo la Matheu.

Mor’abo rōna Sanderson o ile tsebisa bamameli hore temana ea selemo ea 2015 ke Pesaleme ea 106:1: “Lebohang Jehova, kaha o molemo.” O ile a khothalletsa bohle hore ba batle mabaka a ho leboha Jehova letsatsi le letsatsi.

Pina e koalang e ne e le ea boraro ho tse ncha, e leng “Lebitso la Hao ke Jehova.” Litho tse supileng tsa Sehlopha se Busang li ile tsa bina hammoho le sehlopha ’me bamameli le bona ba bina pina ena e monate, e leng tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho phethela seboka sena sa bohlokoa!

^ ser. 22 Puo ena hammoho le tse peli tse e latelang li ne li thehiloe lihloohong tse tla hlaha Molula-Qhooeng oa March 15, 2015.

^ ser. 30 Puo ena e ne e thehiloe sehloohong se tla hlaha Molula-Qhooeng oa May 15, 2015.