Fetela boitsebisong

Sehlopha se Busang se Khothatsa Lipaki Tsa Russia le Ukraine

Sehlopha se Busang se Khothatsa Lipaki Tsa Russia le Ukraine

Ka mor’a hore mosali e mong a utloe ha Stephen Lett oa Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova a bala lengolo la bohlokoa, o ile a re: “Re ile ra hlokomela hore re ratoa haholo!” E ne e le e mong oa Lipaki tse 165 000 tse ileng tsa mamela puo ea Mor’abo rōna Lett ha a etetse naheng ea habo bona mafelo-bekeng a la 10 le la 11, May 2014.

Lipuo tse thehiloeng Bibeleng hammoho le mangolo a ileng a baloa a ile a fetolelloa lipuong tse hlano ’me a phatlalatsoa liholong tsa ’Musong tse ka bang 1 100 ho pholletsa le Ukraine.

Mafelo-bekeng ona ao, Mark Sanderson, eo le eena e leng setho sa Sehlopha se Busang, o ile a bala lengolo leo e le karolo ea lenaneo le lokiselitsoeng barab’abo rōna ba Russia. Lenaneo leo le ile la fetoleloa ka lipuo tse 14 ’me batho ba 180 413 ba liphutheho tse fetang 2 500 tsa Belarus le Russia ba ne ba mametse puo ena.

Lengolo leo le neng le tsoa ho Sehlopha se Busang, le ne le ngoletsoe liphutheho tsohle tsa Russia le Ukraine. Mor’abo rōna Sanderson o ile a le bala ka Serussia, ’me lengolo leo le ile la susumelletsa ofisi ea lekala ea Russia ho ngola e re: “Bara le barali babo rōna ba ile ba angoa maikutlo haholo ke hore ebe Sehlopha se Busang sea ba tsotella. E ne eka Sehlopha se Busang se re kopile ka matsoho.”

Lengolo leo le ne le ngoletsoe ho tšelisa le ho matlafatsa Lipaki tsa sebaka seo ho bileng le merusu ea lipolotiki ho sona. Le ne le khothalletsa barab’abo rōna hore e se ke ea e-ba “karolo ea lefatše” ka hore ba lule ba sa nke lehlakore litabeng tsa lefatše tsa lipolotiki.—Johanne 17:16.

Kahoo, Sehlopha se Busang se ile sa khothalletsa Lipaki hore li be le kamano e ntle le Jehova ka hore li rapele, li ithute Bibele li be li thuise ka seo li ithutileng sona Lentsoeng la Molimo. Bamameli ba ile ba hopotsoa hore ho sa tsotellehe mathata ao ba ka thulanang le ’ona, ba lokela ho kholiseha ka tšepiso e hlahang ho Esaia 54:17 e reng: “Sebetsa leha e le sefe se tla etsoa khahlanong le uena se ke ke sa atleha.”

Sehlopha se Busang se ile sa phethela lengolo leo ka mantsoe a reng: “Re le rata haholo. Kholisehang hore re lula re nahana ka lōna le hore re le etsetsa thapeli ho Jehova.”

Ha ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova ea Ukraine e bua ka liketelo tsena e ile ea ngola ea re: “Barab’abo rōna ba ne ba hloletsoe ke hore ebe Sehlopha se Busang se ile sa ba hlokomela ka lerato joalo le ho ba ela hloko ka tsela eo. Ho ba le Mor’abo rōna Lett le Mor’abo rōna Sanderson Ukraine le Russia mafelo-bekeng ao e ne e le bopaki ba hore batho Molimo ba momahane le hore Jehova le Jesu baa ba tsotella. Kaofela re ile ra lumela hore eo e bile nako e nepahetseng ea ketelo ’me ra utloa re matlafetse bakeng sa ho tsoela pele ho sebeletsa Jehova ho sa tsotellehe mathata ao re ka kopanang le ’ona.”