Fetela boitsebisong

Leeto Leo a ke Keng a le Lebala

Leeto Leo a ke Keng a le Lebala

Selemo le selemo, batho ba likete ba etela ofisi ea lekala e United States le ntlo-khōlō ea Lipaki Tsa Jehova e New York State. Libaka tsena li bitsoa Bethele, e leng lentsoe la Seheberu le bolelang “Ntlo ea Molimo.” Baeti ba etelang libakeng tsena ba hlaha ka makhalo ’ohle ho tla bona tsela eo lingoliloeng li hatisoang ka eona, ho ithuta kamoo mosebetsi oa rōna o hlophisitsoeng kateng le ho etela metsoalle ea bona e sebeletsang moo. E mong oa baeti bana o ne a ikemiselitse haholo ho nka leeto lena.

Marcellus, e leng e mong oa Lipaki Tsa Jehova ea lulang Anchorage, Alaska, U.S.A., o thatafalloa ho bua hantle ka lebaka la hore o ile a otloa ke setorouku lilemong tse ’maloa tse fetileng. * O tsamaea ka koloi ea likooa ’me o hloka ho thusoa ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Ho sa tsotellehe seo, o ne a labalabela ho etela Bethele. Haufinyane tjena toro ea hae e ile ea phethahala.

Corey, e leng motsoalle oa Marcellus ea ileng a mo thusa ho hlophisa leeto lena o re: “O ne a le leqoophe. A lula a ntetsetsa a batla ho utloa hore na litlhophiso li tsamaea joang. Kaha Marcellus o khona feela ho re ‘E’ kapa ‘Che,’ ke ne ke lokela ho mo botsa lipotso tse ngata ha a ntetselitse.” Puisano ea bona e ne e le tjena:

“Na u batla ke tle?”

“Che.”

“U batla ke founele ngaka?”

“Che.”

“U batla ke u bolelle ka leeto la ho ea Bethele?”

“E.”

“Ka mor’a moo, ke ne ke lokela ho mo hlalosetsa hore ke hōle hakae ka litlhophiso tsa leeto. Ke ne ke thabile haholo ha a khonne ho ea Bethele.”

Marcellus o ile a lokela ho hlōla mathata a itseng e le hore a khone ho tsamaea. Kaha o ne a fumana chelete e nyane, o ile a qeta lilemo tse peli a ntse a boloka chelete e le hore a ka lefella leeto la ho ea New York e bohōle ba lik’hilomithara tse 5 400. Ka lebaka la hore o tsamaea ka koloi ea likooa, o ne a hloka motho ea tla mo thusa. Hape o ne a hloka tumello ea ngaka hore a tsamaee ’me e ile ea lumela matsatsi a ’maloa pele ho nako eo sefofane se neng se tla tloha ka eona.

Ha Marcellus a fihla New York, o ile a bontšoa mehaho e Brooklyn, Patterson le Wallkill. O ile a bona mechine e meholo e hatisang libuka le Libibele a ba a ithuta kamoo mosebetsi oa rōna o hlophisitsoeng kateng. Ha a ntse a le ntlo-khōlo, o ile a boela a fihla sebakeng se bontšang histori se nang le sehlooho se reng “Bibele le Lebitso la Molimo” le se reng “Batho Bakeng sa Lebitso la Jehova.” O ile a theha setsoalle le batho ba bangata ha a ntse a le moo. Ka sebele ebile leeto leo a ke keng a le lebala!

Batho ba bangata ba re ba haelloa ke mantsoe ha ba kōptjoa hore ba hlalose leeto la bona la ho ea Bethele. Empa ha Marcellus a botsoa hore na o ikoahlaela qeto ea ho etela Bethele, o ile a araba ka ho re: “Che. Che. Che!”

Ho etela Bethele ho ka khothatsa uena le lelapa la hao, feela joaloka Marcellus. Batho ba ka etela liofisi tsa rōna tsa makala tse lefatšeng lohle. Na u ka thabela ho re etela?

^ ser. 3 Marcellus o ile a hlokahala ka la 19 May, 2014, ha sehlooho sena se ntse se lokisetsoa ho phatlalatsoa.