Fetela boitsebisong

Batho ba Memeloa ho Tl’a Bona Mehaho ea Lekala ea Selters

Batho ba Memeloa ho Tl’a Bona Mehaho ea Lekala ea Selters

Lipaki Tsa Jehova li na le makala a 15 ao ho ’ona ho hatisoang lingoliloeng lefatšeng lohle. Le leng la ’ona ke la Europe Bohareng ’me le motseng oa Selters, Germany, sebakeng se bitsoang Steinfels, eo ka Sejeremane e bolelang “Lefika.”

Ka la 23 ho ea ho la 25 May, 2014, lekala la Europe bohareng le ile la mema batho ba lulang haufi le lona, bo-rakhoebo le bahlanka ba ’muso hore ba tl’o bona mehaho ea lekala. Ketsahalo ena e ne e bitsoa, “Lilemo tse 30 re le Selters” kaha lekala le ile la khakoloa ka molao ka la 21 April, 1984.

Ke batho ba 3 000 ba ileng ba e-ba teng ho tla bona mehaho ea lekala. Ramotse ea ’nileng a sebetsa lekaleng la ’muso ka lilemo tse ka bang 30 o ile a re: “Kamehla ho etela ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e ba ketsahalo e khethehileng. Ke ntse ke hloletsoe ke tsela eo lekala la Steinfels le ileng la hahoa kapele kateng ho tloha ka 1979 ho ea ho 1984.”

Lintlha-khōlō Tsa Letsatsi la ho Bona Mehaho ea Lekala

Pontšo e ’ngoe e ne e bitsoa, “Batho ba Jehova Europe Bohareng.” Baeti ba ile ba bontšoa lintho tse ileng tsa etsahalla Lipaki Tsa Jehova sebakeng sena lilemong ka bang 120 tse fetileng. Pontšo ea histori ena e se e lula e le teng ofising ea lekala.

Pontšo e ’ngoe e ne e e-na le Libibele tse sa fumaneheng habonolo. Ka mohlala, ho ne ho e-na le khatiso ea pele e feletseng ea Bibele ea Sejeremane ea ho tloha ka 1534 le karolo ea Bibele ea Elias Hutter’s Polyglot ea ho tloha ka 1599, e ngotsoeng ka lipuo tse 12. Ho phaella moo, lipontšo, lichate le livideo li ne li bontša bohlokoa ba melao-motheo ea Bibele mehleng ea kajeno.

Ha baeti ba etetse lekala, ba ile ba ithuta hore na banna le basali ba fetang 1 000 ba lulang ofising ea lekala ba phela joang le hore na ba etsa mosebetsi oa letsatsi le letsatsi joang. Leetong la bona la pele le neng le bitsoa, “Mokhoa oo re Phelang ka Oona,” baeti ba ile ba bontšoa likamore tsa ba bang ba batho ba lulang lekaleng. Ba ile ba jella ka phaposing ea ho jela ’me ba otlolla maoto ka jareteng e ntle ea lekala. E mong oa baeti o ile a re: “Sebaka sena se botle bo hlollang!”

Leetong la bobeli le neng le bitsoa “Mosebetsi,” ba ile ba bontšoa Mechine e Hatisang, Mechine e Kopanyang Libuka le Lefapha la Thomello. Ba ile ba bona ka mahlo hore na lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng li hatisoa joang, li kopanngoa joang ebe li isoa linaheng tse fetang 50. Ntate e mong o ile a re: “Ke ne ke sa tsebe hore Lipaki Tsa Jehova ke mokhatlo oa lefatše lohle. Lingoliloeng tsa tsona li fihla lefatšeng lohle. Ho makatsang ke hore ba ithaopetse ho etsa mosebetsi ona.”

Baeti ba ithuta ka jw.org

Ntlha-khōlō e bile pontšo ea jw.org e bontšang websaete e molaong ea Lipaki Tsa Jehova. Batho ba baholo le ba banyenyane ba ile ba shebella lipontšo le livideo ’me lipotso tse ngata tseo ba neng ba e-na le tsona tsa arajoa.

Ka mor’a hore ba ithute ka mokhatlo oa lefatše lohle oa Lipaki Tsa Jehova, baeti ba bangata ba ne ba hloletsoe ke mosebetsi o etsoang moo, ba bile ba thabile. Ntate e mong o ile a re: “Ke ne ke e-na le maikutlo a fosahetseng ka Lipaki. Ke lokela ho inahana hape.” ’Mè e mong o ile a re: “Kajeno ke bone ho hloka leeme.”

^ ser. 17 Lipalo tsa 2014

^ ser. 21 Lipalo tsa 2014

^ ser. 24 Lipalo tsa 2014