Fetela boitsebisong

O Ile a Thabisoa ke Melemo eo a e Fumaneng

O Ile a Thabisoa ke Melemo eo a e Fumaneng

 ’Mè e mong ea bitsoang Desicar ea lulang Venezuela o holisa bana a le mong. Naheng eo a lulang ho eona, ho na le mathata a lichelete. Leha ho le joalo, o ne a ikemiselitse ho eketsa nako eo a e qetang a sebeletsa Jehova ka hore e be pula-maliboho ea kamehla. E ile ea feela ea e-ba pula-maliboho, ha a sa ntsane a natefetsoe eaba seoa sa Covid-19 sea fihla.

 Desicar o ne a thatafalloa ke ho sebelisa mekhoa e meng e mecha ea ho bolela litaba tse monate ha seoa sa Covid-19 se ne se qala. Ho ngola mangolo ho ne ho mo thatafalla haholo ebile a sa khone ho bolela litaba tse monate a sebelisa video call kaha Inthanete e tura haholo sebakeng seo a lulang ho sona. O re: “Kaha ke ne ke se ke sa khone ho bolela litaba tse monate ka tsela eo ke neng ke e tloaetse, ke ile ka nyahama haholo. Ke ne ke utloa ke se ke sa tšoanelehe ho ba pula-maliboho ea kamehla.”

 Ka January 2021, ofisi ea lekala ea Lipaki tsa Jehova e ile ea lokisetsa hore ho be le letšolo le khethehileng la ho bolela litaba tse monate Venezuela. Ho ile ha lokisetsoa hore ho hasoe lipuo tse thehiloeng Bibeleng liea-le-moeeng tse ka bang 60 le mananeong a thelevishene a supileng mafelo beke a mang le a mang khoeling eo. Lipaki Tsa Jehova li ile tsa khothaletsoa ho mema batho ba ka thabelang ho mamela lipuo tsena. E le ho thusa bara le barali ba bo rona ha ba ntse ba paka ka fono le ho ngola mangolo, lekala le ile la fana ka lipotso tseo ba ka li sebelisang le mangolo a Bibele a arabang lipotso tseo. Ho ekelletsa moo, lekala le ile la bontša bohlokoa ba ho romella batho molaetsa ka fono e le mokhoa o mong o mocha oa ho paka moo Venezuela.

 Desicar o ne a thabetse letšolo lena haholo. Le hoja a ne a e-so bolele litaba tse monate ka ho romela molaetsa ka fono, o ile a leka ho etsa joalo. Empa o ne a hloka thuso. O re: “Ha ke motle haholo ka theknoloji.” Empa o ile a kopa morali oa hae ho mo ruta ho ngola melaetsa a sebelisa fono ’me ka makhetlo a ’maloa a mo bontšitse hore a etse joang, o ne a se a loketse ho kenya letsoho letšolong leo.

Desicar

 Desicar o ile a mema batho bao a ba tloaetseng ka ho ba romella molaetsa ka fono hore ba tl’o mamela lipuo tsena tse rekotiloeng. O ile a thabisoa ke melemo ea seo. Batho ba bangata bao a ba tsebang ba ile ba tla ho tla mamela lipuo tseo ba ba ba botsa lipotso tse ngata. Ke ’nete ho ile ha e-ba le ba bang ba sa kang ba khona ho li mamela empa Desicar o ile a ba bolella seo lipuo tseo li neng li bua ka sona. O re: “Ke ile ka bokella lintlha tseo ke neng ke li ngotse kaofela ’me ka li arolelana le bona. Ha ke so ka ke etsa maeto a ho boela a fetang a mahlano ka khoeli empa ha letšolo lena le fela ke ne ke e-na le maeto a ho boela a 112. a

 Desicar o ile a mema ausi oa hae eo e neng e se paki ea lulang pela ha hae hore a tl’o mamela lipuo tsena tse hasoang seea-le-moeeng. Desicar o re; “Ke ile ka makala ha a lumela. Sontaha se seng le se seng ka 8 hoseng ke ne ke ea moo a lulang teng ebe re mamela lenaneo leo. O ne a e-na le lipotso tse ngata nakong ea lenaneo le ka mor’a lona.” Ausi oa Desicar o ile a ba a mamela puo ea sehopotso sa lefu la Jesu ka video-conferencing, a ba a lumella Desicar hore a sebelise ea hae ha a ntse a bua le batho ka Bibele.

 Desicar o re: “Ke leboha Jehova haholo. Ke boetse ke leboha le baholo ba ileng ba nkhothatsa le ho nthusa hore ke boele ke thabele ho bolela litaba tse monate hape.” (Jeremia 15:16) Desicar e ntse e le pula-maliboho ’me o thabela ho ithuta Bibele le batho bao a ileng a ba fumana ha a ntse a bolela litaba tse monate ka fono.

a Lipaki Tsa Jehova li bolela litaba tse monate li ipapisitse le melao ea naha ea ho sireletsa boitsebiso ba batho.