Fetela boitsebisong

Ho Khakoloa Letsolo Nokeng ea Maroni

Ho Khakoloa Letsolo Nokeng ea Maroni

 Morung oa Amazon o Amerika Boroa hole le sephethe-phethe le lerata la toropong, ho lula batho ba bangata ba merabe e sa tšoaneng le ba buang lipuo tse fapa-fapaneng. Kahoo ka July 2017, Lipaki Tsa Jehova tse ka bang 13 li ile tsa tsoa letšolo ho ea nokeng ea Maroni le metseng e ka Bochabela ho eona ea French Guiana. Sepheo sa tsona e ne e le sefe? E ne e le ho bolella batho ba lulang haufi le noka eo molaetsa oa Bibele.

Ba Itokisetsa Letšolo

 Khoeli pele ho letšolo lena le neng le tl’o nka matsatsi a 12, bohle ba neng ba tl’o nka karolo ba ile ba e-ba le seboka e le hore ba ka itlhopha hantle. Mor’abo rona Winsley o re: “Re ile ra batlisisa ka sebaka sena le ho ithuta ka histori ea sona eaba ka mor’a moo, re itlhophela tsela.” Bohle ba ile fuoa moo ba ka tšelang lintho tseo ba tla robala ho tsona le linete tse thibelang monoang. Leeto lena le ne le akarelletsa ho tsamaea lihora tse ngata ka likepe tse nyane le ho palama sefofane ka makhetlo a mabeli.

Claude le Lisette

 Bara le barali ba bo rona ba neng ba menngoe ba ile ba ikutloa joang? Mor’abo rona Claude le Morali’abo rona Lisette ba ka bang lilemo li 65 ha baa ka ba senya nako ha ba fumana memo ena. Mor’abo rona Claude o re: “Ke ne ke thabile haholo empa ke ne ke tšohile. Re ne re lula re utloela hore noka eno e kotsi.” Ka ho tšoanang, Morali’abo rona Lisette le eena ho ne ho e-na le se mo tšoenyang. O re: “Ke ne ke ipotsa hore na ebe ke tla khona ho bua lipuo tsa moo hantle.”

 Mor’abo rona Mickaël le eena o ne a ikutloa ka tsela e tšoanang. O re: “Re ne re sa tsebe hakaalo ka moetlo oa batho ba Wayana. Kahoo, ke ile ka etsa lipatlisiso Inthaneteng e le hore nka ithuta mantsoe a seng makae a puo ea bona le tsela ea ho ba lumelisa.

 Morali’abo rona Shirley ea neng a tsamaile le molekane oa hae eena o ile a etsa lethathamo la lipuo tse buuoang moo. O re: “Re ile ra etsa hore re be le livideo tse ’maloa tsa lipuo tse buuoang moo tse hlahang websaeteng ea rona ea jw.org ra ba ra batla le buka e ngotsoeng ka Sewayana e neng e tla re thusa ho ithuta puo eo.”

Ra Fihla Moo ho Lulang Maamerika a India

 Ka labobeli la la 4 July, bara le barali bana ba bo rona ba ile ba palama sefofane se tlohang Saint-Laurent du Maroni ’me sa ba siea Maripasoula e leng torotsoana e nyane e French Guiana.

 Bara le barali ba bo rona ba ile ba qeta matsatsi a mane a latelang ba ntse ba bolella batho ba lulang metseng e ithatikileng ka Noka ea Maroni molaetsa oa Bibele ’me ba ne ba sebelisa liketsoana tse bitsoang pirogues. Mor’abo rona Roland o re: “Batho ba mona ba ne ba thahasella molaetsa oa Bibele haholo. Ba na le lipotso tse ngata ’me ba bang ba bona ba ne ba batla ho ithuta Bibele le rona.”

 Motseng o mong, Mor’abo rona Johann le Morali’abo rona Shirley ba ile ba kopana le banyalani ba bang bao mong ka bona a ileng a ipolaea. Mor’abo rona Johann o re: “Re ile ra ba bontša video e nang le sehlooho se reng ‘Letsoalloa la Amerika le Fumana ’Mopi oa Lona,’ e hlahang ho JW Broadcasting. Video ena e ile ea ama banyalani bana haholo. Ba ile ba re fa mekhoa ea ho hokahana le bona e le hore re ’ne re buisane le bona.”

 Motse o neng o le hole ka ho fetisisa oo Lipaki li ileng tsa ea ho oona e ne e le Antécume Pata. Morena oa moo o ile a li lumella ho phomola teng sebakeng se seng se neng se sebelisoa ke sechaba. Li ile tsa hlapela nokeng kaha ke moo batho ba moo ba neng ba hlapela teng.

 Ha li tloha moo, li ile tsa ea motseng oa Twenké moo teng li ileng tsa fumana batho ba moo ba siame kaha ho ne ho sa tsoa ba le lefu. Mor’abo rona Éric o re: “Morena oa moo o ile a re lumella ho tsamaea ka bolokolohi motseng moo e le hore re ka tšelisa ba siameng. Morena le lelapa la hae ba ile ba ananela haholo ha re ba balla mangolo ho tsoa Bibeleng ea bona ea Sewayana. Re ile ra boela ra ba bontša livideo tse buang ka tšepo ea tsoho.”

Ba Fetela Grand-Santi le Apatou

 Lekhetlong lena, sehlopha sena se ile sa palama sefofane eaba se nka halofo ea hora ho tloha Maripasoula ho ea motseng oa Grand-Santi. Se ile sa bolella batho ba moo molaetsa oa Bibele ka labobeli le ka laboraro. Eaba ka Labone se nka leeto le leng hape le neng le nka lihora tse hlano le halofo ho ea motseng oa Apatou.

Noka ea Maroni le moru oa Amazon pakeng tsa motse oa Maripasoula le oa Grand-Santi

 Ha ho setse letsatsi le le leng, sehlopha se sena se ile sa ea metseng e meru ea batho ba Maroons, e leng litloholo tsa makhoba a Afrika a ileng a tlisoa Amerika Boroa ho re e tl’o ba makhoba nakong eo naha ea boahisane ea Suriname e neng e le kolone. Bara le barali ba bo rona ba ile ba mema motho e mong le e mong hore a be teng libokeng tseo ba neng ba tl’o li tšoarela ka tenteng hona ka morung kamoo. Mor’abo rona Claude o re: “Re ile ra thaba hona hoo ha re bona batho ba tlile ka bongata. Re ne re ba memme hoseng ha letsatsi leo.” Mor’abo rona Karsten eo e neng e le lekhetlo la hae la pele a e-ba letšolong le kang lena o ile a fana ka puo ka Seaukane e neng e e-na le sehlooho se reng, “Na Bophelo Boo ke Bona Phetho?” Ho ne ho tlile batho ba 91 ba neng ba tsoa metseng e fapaneng.

“Re Ikemiselitse ho le Pheta Hape”

 Nako ea hore bara le barali bana babo rona ba khutlele Saint-Laurent du Maroni e ile ea fihla. Ba ne ba thabile haholo kaha batho ba moo ba ne ba ananela le ho thabela molaetsa oa Bibele ’me ba ile ba amohela lingoliloeng tsa rona tse ngata le ho shebella livideo tsa rona tse ngata.

 Morali’abo rona Lisette o re: “Ke thabile hoo ke sa tsebeng hore na nka re’ng hore ebe ke ile ka ea letšolong lena.” Morali’abo rona Cindy o lumellana le eena. O re: “Ha ho ka ba le monyetla o mong o kang ona, nka etsa sohle hore ke be karolo ea letšolo le kang lena. U lokela ho inoesa ka nkho e le hore u ka utloa monate o teng mona!”

 Bara le barali ba bo rona ba bang ba ile ba e-ba le boikutlo ba ho khutlela mona hape ka mor’a letšolo lena. Mor’abo rona Mickaël o re: “Re ikemiselitse ho le pheta hape!” Mor’abo rona Winsley o se a le Saint-Laurent du Maroni. Ha Mor’abo rona Claude le Morali’abo rona Lisette, bao ka bobeli ba leng lilemong tsa bo-60 bona ba le Apatou.