Fetela boitsebisong

BIBELE E FETOLA BATHO

“Ha ke sa le Ntoa-Lumela”

“Ha ke sa le Ntoa-Lumela”
  • Ke Hlahile ka: 1956

  • Naha ea Heso: Canada

  • Pele: Ke ne ke bona bophelo bo sena thuso, ke phela bophelo bo litšila hape ke rata ho loana

BOPHELO BA KA NAKONG E FETILENG

 Ke hlahetse toropong ea Calgary e Alberta, Canada. Ha ke sa le lesea batsoali ba ka ba ile ba hlalana eaba ʼmè oa ka o tsamaea le ’na o e’o lula habo. Batsoali ba ʼmè oa ka ba ne ba re rata haholo ’me ke ne ke le ngoana ea thabileng. Ke ntse ke hopola linako tseo tse monate tsa ha ke ntse ke le ngoana.

 Ha ke le lilemo li supileng, batsoali ba ka ba ile ba khutlelana ’me ra e’o lula St. Louis e Missouri, Amerika. Lintho li ile tsa fetoha ’me bophelo ba ka ba qalella ho ba thata. Ke ile ka hlokomela hore ntate oa ka ke motho ea khopo. Ka mohlala, letsatsi la pele ha ke ne ke qala ho ea sekolong bana ba bang ba ile ba ntlhorisa eaba ha ke itoanele ’me ntate o ile a tseba ka sena eaba o halefa haholo. Kahoo, o ile a nchapa ho feta kamoo ba ileng ba nkotla kateng sekolong a re o nthuta hore ke itoanele. Ke qalile ho loana ka lekhetlo la pele ha ke le lilemo li supileng.

 Batsoali ba ka ba ne ba lula ba loantšana ka mantsoe, ho ne ho ba hobe ho isa boholeng ba hore ntate oa ka a otle ʼmè oa ka. Ke ile ka qala ho sebelisa lithethefatsi le ho noa joala haholo ha ke ne ke le lilemo li 11. Ke ile ka rata ntoa haholo ’me nako le nako ke lula ke loana le batho seterateng. Eitse ha ke se ke qeta sekolong eaba joale ke se ke le ntoa-lumela.

 Ha ke le lilemo li 18, ke ile ka ngolisetsa ho kenela sesole sa Amerika. Ke moo ke ileng ka fumana koetliso e ileng ea mpefatsa mabifi ao ke neng ke sentse ke e-na le ’ona hobane ke ile ka tseba hore na nka bolaea motho joang. Ka mor’a lilemo tse hlano, ke ile ka tlohela sesole e le hore ke ithute psychology (e leng ho ithuta kamoo kelello ea motho e sebetsang kateng le tsela eo a itšoarang ka eona) ka tšepo ea hore ke tla sebetsa Federal Bureau of Investigation. Ke ithutetse eona Univesithing e Amerika ’me e ile eare ha ke khutlela hae Canada, ka ntšetsa lithuto tsa ka pele.

 Ha ke le Univesithing, ke ile ka phoqeha haholo ka mor’a ho ithuta ka tsela eo batho ka kakaretso ba leng ka eona. Ho ne ho bonahala batho ba ichebile bo bona, lefatšeng ho se na tšepo ho hang ebile batho ba sitoa ho itharollela mathata ao ba neng ba kopana le ’ona. Ke ne ke se ke sena tšepo ea hore batho ba tla ke ba phele ba thabile.

 Kaha ke ne ke bona bophelo bo se na thuso, ke ile ka qala ho rata joala, lithethefatsi, chelete le thobalano. Ke ne ke phelela liphathi, beke le beke ke robala le basali ba fapaneng. Koetliso eo ke ileng ka e fumana sesoleng e ile ea etsa hore ke rate ntoa. Kahoo, ke ne ke lula ke loana. Ke ne ke nahana hore nka iketsetsa qeto ea hore na ke eng se fosahetseng le se nepahetseng ’me ke ne ke lula ke loanela batho bao ke bonang eka ba tšoeroe ka leeme. Ka hona ke ile ka lumela ho laoloa ke maikutlo a ntoa.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG

 Ka letsatsi le leng ha ke ne ke e-na le motsoalle oa ka, re tsubile haholo, re le mokatong o ka tlaase lapeng re ntse re lokisetsa ho ea rekisa matekoane ka botsotsi, o ile a mpotsa hore na ke lumela ho Molimo. Ke ile ka re ho eena: “Haeba Molimo ke eena ea re bakelang mathata, ha ke batle ho utloa letho ka eena.” Letsatsi le hlahlamang leo, ke ile ka ea mosebetsing oa ka o mocha ebile e le lekhetlo la ka la pele, mosebetsi-’moho le ’na oa Paki ea Jehova o ile a mpotsa a re: “Na u nahana hore Molimo ke eena ea re bakelang mathata?” Ke ile ka makala haholo ha a mpotsa potso eo ’me sena se ile sa etsa hore ke batle ho tseba haholoanyane. Ka likhoeli tse tšeletseng re ile ra buisana ka lipotso tse neng li ntšoenya bophelong ’me o ile a li araba a sebelisa Bibele.

 Kharebe ea ka eo ke neng ke lula le eona ka nako eo o ne a sa batle ha ke mo qoqela ka lintho tseo ke ithutileng tsona. Ka Sontaha se seng ke ile ka mo joetsa hore ke memme Lipaki Tsa Jehova ho tla ithuta Bibele le rona. Letsatsi le hlahlamang ha ke tsoa mosebetsing ke ile ka fumana a tsamaile ka thepa eohle ea ka tlung, a ntšiile. Ke ile ka lula kantle ka lla haholo eaba ke rapela Molimo hore a nthuse. E ne e le lekhetlo la pele ke sebelisa lebitso la Molimo e leng Jehova, ha ke rapela.—Pesaleme ea 83:18

 Matsatsi a mabeli hamorao, ke ile ka qala ho ithuta Bibele le banyalani ba bang ba Lipaki. Ka mor’a hore ba tsamaee, ke ile ka tsoela-pele ho bala buka eo re neng re e sebelisa ho ithuta Bibele ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng eaba ke e qeta hona bosiung bona boo. a Seo ke ithutileng sona ka Jehova Molimo le Mora oa hae Jesu Kreste se ile sa ama pelo ea ka. Ke ile ka bona hore Jehova o na le kutloelo-bohloko ebile o utloa bohloko ha re hlaheloa ke mathata. (Esaia 63:9) Ke ile ka angoa haholo ke ho bona tsela eo Molimo a nthatang ka eona le kamoo Mora oa hae a ileng a itela kateng molemong oa ka. (1 Johanne 4:10) Ke ile ka bona hore Jehova ha aa ka a mphella pelo “hobane ha a lakatse hore mang kapa mang a timetsoe empa o lakatsa hore bohle ba bake.” (2 Petrose 3:9) Ke ile ka utloa hore Jehova o batla hore ke be motsoalle oa hae.—Johanne 6:44.

 Ke ile ka qalella ho ea libokeng bekeng eona eo. Ke ne ke na le moriri o molelele, ke roala masale ke bile ke shebahala ka tsela e neng e ka tšosa batho ba bangata empa Lipaki Tsa Jehova li ile tsa ntšoara joaloka e mong oa lelapa eo li neng li thabetse ho mo bona ka mor’a nako e telele. E ne e le Bakreste ba ’nete. Ke ile ka utloa eka ke khutletse lapeng habo ʼmè oa ka empa ho le monate ho feta pele.

 Ho e-s’o ee kae ke ile ka etsa liphetoho tse neng li hlokahala. Ke ile ka kuta moriri oa ka, ka tlohela ho etsa boitšoaro bo litšila bo amanang le thobalano ka ba ka tlohela ho noa joala hampe le ho sebelisa lithethefatsi. (1 Bakorinthe 6:9, 10; 11:14) Ke ne ke batla ho thabisa Jehova. Ha ke ne ke ithuta hore ntho eo ke e etsang ha a e thabele, ke ne ke e tlohela. Ke ne ke utloa bohloko ha ke bona ke sitoa ho tlohela ho etsa ntho eo ke tsebang hore ha e mo thabise ebe ke re: ‘Ke lokela ho khaotsa ho etsa ntho ena.’ Ka mor’a moo ntho eo ke ne ke e emisa hang-hang. Ka lebaka leo, ke ile ka bona bophelo ba ka bo ntlafala ha ke etsa lintho ka tsela e thabisang Jehova. Likhoeli tse tšeletseng ka mor’a hore ke qale ho ithuta Bibele, ke ile ka kolobetsoa ka ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova ka la 29 July 1989.

MELEMO EO KE E FUMANENG

 Bibele e ile ea fetola tsela eo ke neng ke le ka eona. Khale, ha ke ne ke kopana le motho ea mabifi feela ke ne ke mo loantša empa hona joale ke leka ho ba le “khotso le batho bohle.” (Baroma 12:18) Ke ka thuso ea Jehova, matla a Lentsoe la hae le moea oa hae o halalelang hore ebe ke motho eo ke leng eena kajeno.—Bagalata 5:22, 23; Baheberu 4:12.

 Ho e-na le ho ba lekhoba la lithethefatsi, la ntoa le boitšoaro bo litšila ke se ke etsa sohle seo nka se khonang ho thabisa Jehova Molimo. Seo se akarelletsa ho thusa batho ba bang ho mo tseba. Lilemo tse ’maloa ka mor’a hore ke kolobetsoe, ke ile ka ea moo ho hlokahalang batho ba bolelang litaba tse monate ba eketsehileng ho ea thusa teng. Ke se ke na le lilemo joale ke thabela ho ithuta Bibele le batho le ho bona kamoo Bibele e fetotseng bophelo ba bona kateng ha ba ntse ba tsoela-pele ho ithuta eona. Ke thabisoa le ke hore ʼmè oa ka e ile ea ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova, le leng la mabaka e le hobane a ile a bona liphetoho tseo ke ileng ka li etsa ka mor’a hore ke ithute Bibele.

 Ka 1999 ha ke le El Salvador, ke ile ka ea sekolong seo hona joale se bitsoang Sekolo sa Baevangeli ba ’Muso. Koetliso eo ke e fumaneng sekolong seo e ile ea nthusa hore ke bolele litaba tse monate ka tsela e atlehang, ke rute hantle le ho ba moholo ea molemo ka phuthehong. Hamorao selemong sona seo ke ile ka nyala mosali oa ka ea ratehang Eugenia. Re sebeletsa ’moho Guatemala re le baboleli ba litaba tse monate ba kamehla.

 Hona joale ke se ke thabela bophelo ha ke sa utloa eka ha bo na thuso joaloka pele. Ke se ke le motho ea ratang batho e le kannete ebile ke na le khotso hobane melao-motheo ea Bibele e nthusitse ho tlohella ho kopanela boitšoarong bo litšila bo amanang le thobalano le ho tlohella ho ba motho ea ratang ntoa.

a Lipaki Tsa Jehova li se li sebelisa buka ea U ka Thaba ka ho sa Feleng! ho ithuta Bibele le batho.