Fetela boitsebisong

Litaelo Tsa Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona

Litaelo Tsa Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona

Tse ka Hare

1. Litaelo tse hlahang mona li tl’o thusa batho bohle ba nkang karolo sebokeng sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona. Batho bohle ba abetsoeng likarolo tseo ba tla li etsa libokeng, ba lokela ho bala litaelo tse hlahang tokomaneng ena le Bukaneng ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso pele ba lokisetsa. Bahoeletsi bohle ba lokela ho khothaletsoa hore ba ingolisetse ho fana ka lipuo. Batho ba tlang libokeng kamehla ba ka ’na ba ingolisa hore le bona ba fane ka lipuo haeba feela ba lumela seo Bibele e se rutang ba bile ba phela ka melao-motheo ea Bokreste. Molebeli oa Seboka sa Bophelo le Tšebeletso a ka bua le motho eo eseng mohoeletsi, ea batlang ho nka karolo sebokeng ka hore na ho lebeletsoeng ho eena a be a bolelle motho eo haeba a tšoaneleha. O lokela ho etsa joalo a e-na le mohoeletsi ea ithutang le motho eo (kapa a e-na le motsoali ea kolobelitsoeng oa motho eo). Ho lateloa tataiso e tšoanang hore motho a ka tšoaneleha ho nka karolo sebokeng sena le ha a batla ho ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang.—od khao. 8 ser. 8.

SEO RE TL’O ITHUTA SONA

 2. Motsotso o le mong. Beke e ’ngoe le e ’ngoe ka mor’a pina e bulang le thapelo, molula-setulo oa Seboka sa Bophelo le Tšebeletso o tla etsa hore phutheho e labalabele ho utloa lenaneo le tl’o latela. Molula-setulo o lokela ho hatisa lintlha tsa bohlokoa tse tla tsoela phutheho molemo.

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  3Puo: Metsotso e leshome. Bukaneng ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ho na le sehlooho se nang le lintlha tse peli kapa tse tharo tse ka sehloohong. Puo ena e lokela ho fuoa moholo kapa mohlanka ea sebeletsang ea tšoanelehang. Haeba ho qaloa lengolo le lecha ’malong oa Bibele oa beke le beke, ho tla bapaloa video e re behang leseling ka lengolo leo. Sebui se ka bolela lintlha tse hlahileng videong tse lumellanang le sehlooho. Leha ho le joalo, se lokela ho tiisa hore se bua ka lintlha tse hlahang bukaneng ea seboka. Ho feta moo, haeba nako e lumela, se lokela ho kenyeletsa litšoantšo tse bukaneng ea seboka, kaha li etselitsoe ho hlakisa lintlha tse tšohloang. A ka ’na a kenyeletsa le lintlha tse hlahang litšupisong tse ling le hoja li sa hlahe bukaneng ea seboka, hafeela li ntse li lumellana le lintlha tsa puo.

 4Matlotlo a Patiloeng: Metsotso e leshome. Ena ke karolo ea lipotso le likarabo ’me mor’abo rona ha aa lokela ho etsa kenyeletso kapa sephetho. E lokela ho fuoa moholo kapa mohlanka ea sebeletsang ea tšoanelehang. Mor’abo rona o lokela ho botsa lipotso tse peli tse hlahang bukaneng. Hape, o tla etsa qeto ea hore na litemana tse bontšitsoeng li ka baloa kaofela kapa che. Bamameli ba lokela ho fana ka likarabo tsa metsotsoana e 30 kapa ka tlase ho moo.

 5’Malo oa Bibele: Metsotso e mene. Puo ena ea moithuti e lokela ho fanoa ke mor’abo rona. Moithuti o lokela ho bala litemana tseo a li abetsoeng a sa etse kenyeletso kapa sephetho. Ka ho khetheha, molula-setulo oa seboka o tla thusa baithuti hore ba bale ka nepo, ba utloisise seo ba se balang, ba bale ba sa khitlele, ba hatise moo ho loketseng, ba feto-fetole molumo oa lentsoe, ba khefutse moo ho hlokahalang ’me ba bale ka tsela ea tlhaho. Kaha puo ea ’malo oa Bibele e ka ba le litemana tse ngata kapa tse ’maloa, molebeli oa Seboka sa Bophelo le Tšebeletso o lokela ho nahanela bokhoni ba moithuti eo a mo abelang puo ena.

 E-BA MAFOLO-FOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

 6. Metsotso e 15. Karolo ena e reretsoe ho fa bohle monyetla oa ho itloaetsa seo ba tla se bua tšimong le ho ntlafatsa bokhoni ba bona ba ho bolela le ho ruta. Maemong a mang, baholo ba ka ’na ba fuoa lipuo tsena tsa baithuti. Moithuti ka mong o lokela ho sebeletsa lintlheng tse hlahang bukaneng ea Ho Bala le ho Ruta le ea Rata Batho tse ngotsoeng ka masakaneng pel’a karolo eo a e abetsoeng Bukaneng ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso. Ka linako tse ling, ho tla ba le karolo ea puisano. Karolo eo e lokela ho fuoa moholo kapa mohlanka ea sebeletsang ea tšoanelehang.—Sheba  serapa sa 15 ho bona hore na likarolo tsa puisano li lokela ho etsoa joang.

7Ha u Qala Moqoqo: Puo ena e ka fuoa mora kapa morali oa bo rona. Mothusi ha ea lokela ho ba motho oa bong bo fapaneng ntle leha e le setho sa lelapa. Moithuti le mothusi ba ka ’na ba lula fatše kapa ba ema.—Ho fumana lintlha tse eketsehileng tsa kamoo u ka etsang sena kateng le litsela tse fapaneng tsa ho qoqa le batho karolong ena, sheba  serapa sa 12 le sa  13.

 8Khutlela ho Batho: Puo ena e ka fuoa mora kapa morali oa bo rona. Mothusi ha ea lokela ho ba motho oa bong bo fapaneng. (km 5/97 leq. 3) Moithuti le mothusi ba ka ’na ba lula fatše kapa ba ema. Moithuti o lokela ho bontša seo re lokelang ho se bua ha re khutlela ho motho eo re ileng ra qoqa le eena nakong e fetileng.—Ho fumana lintlha tse eketsehileng tsa kamoo u ka etsang sena kateng le litsela tse fapaneng tsa ho qoqa le batho karolong ena, sheba  serapa sa 12 le sa  13.

 9Ha u Etsa Barutuoa: Puo ena e ka fanoa ke mora kapa morali oa bo rona. Mothusi ha ea lokela ho ba motho oa bong bo fapaneng. (km 5/97 leq. 3) Moithuti le mothusi ba ka ’na ba lula fatše kapa ba ema. Puo ena e lokela ho ba pontšo ea thuto ea Bibele e seng e ntse e tsoela pele. Ha ho hlokahale hore moithuti a etse selelekela kapa sephetho ntle le haeba ka ho toba a sebeletsa lintlheng tseo. Hape ha ho hlokahale hore ho baloe lirapa tsohle nakong ea puo le hoja e se phoso ho etsa joalo.

 10Hlalosa Seo u se Lumelang: Haeba karolo ena e le puo, e ka fanoa ke mor’abo rona empa haeba e le pontšo, e ka fanoa ke mora kapa morali oa bo rona. Mothusi ha ea lokela ho ba motho oa bong bo fapaneng ntle leha e le setho sa lelapa. Moithuti o lokela ho araba potso e fanoeng ka bohlale le ka tsela e utloahalang a sebelisa litšupiso tse fanoeng. Moithuti a ka khetha hore na ha a etsa karolo ena libokeng, o tla bontša mothusi oa hae sengoloa se hlahang litšupisong tse fanoeng kapa che.

 11Puo: Puo ena ea moithuti e lokela ho fanoa ke mor’abo rona ’me e be puo e tobisitsoeng ho phutheho. Haeba puo ena e thehiloe lintlheng tsa A bukaneng ea Rata Batho, moithuti o lokela ho bontša hore na litemana tsena li ka sebelisoa joang ha re bua le batho ka molaetsa oa Bibele. Ka mohlala, a ka hlalosa hore na temana eo e ka sebelisoa maemong afe, hore na e bolela’ng le hore na re ka beha mabaka le motho joang ha re hlalosa temana ena. Haeba puo ena e thehiloe ntlheng e itseng thutong e bukaneng ea Rata Batho, moithuti o lokela ho hlalosa hore na re ka sebelisa ntlha eo joang ha re bua le batho ka molaetsa oa Bibele. A ka boela a bua ka mohlala o hlahang ntlheng ea 1 thutong eo kapa a ka bua ka tse ling tsa litemana tse hlahang tlas’a “U ka Boela oa Sheba” haeba ho hlokahala.

 12Kamoo u ka Etsang Sena Kateng: Litaba tse hlahang serapeng sena le se latelang li tla thusa bahoeletsi bao lipuo tsa bona li hlahang karolong ea “Ha u Qala Moqoqo” le ea “Khutlela ho Batho.” Ntle le ha ho fanoe ka litaelo tse fapaneng, likarolong tsena ntho ea bohlokoa eo moithuti a lokelang ho e etsa ke ho bolella mong’a ntlo molaetsa oa Bibele oo a tla o thabela. Hape o lokela ho phethela moqoqo ka ho bua ka ntho e tla etsa hore ba boele ba qoqe ka molaetsa oa Bibele nakong e tlang. Moithuti o lokela ho bua ka ntho eo batho ba sebakeng sa habo ba amehileng ka eona le eo ba ratang ho qoqa ka eona. Moithuti a ka khetha hore na o tla siela motho eo a buisanang le eena sengoloa kapa ho mo bontša video e hlahang ho Lithulusi Tsa ho Ruta. Ho e-na le hore moithuti a tšoare ka hlooho seo a tla se bua, o lokela ho ithuta mekhoa e fapaneng ea ho qoqa le batho, e kang ho qoqa ka tsela e bontšang hore o thahasella batho le ho bua ka tsela e tloaelehileng.

   13Litsela Tse Fapaneng Tsa ho Qoqa le Batho: Moithuti o lokela ho sebelisa mokhoa oa ho bolela molaetsa oa Bibele oo a o abetsoeng ho latela maemo a sebakeng sa habo. Ka mohlala:

  1.     (1) Ka Ntlo le Ntlo: Mokhoa ona o akareletsa ho bolella batho molaetsa oa Bibele ka ntlo le ntlo, ka ho ba founela kapa ho ba ngolla mangolo. O boetse o akareletsa ho khutlela ho batho ba ileng ba thabela molaetsa oa rona ha re ne re ba etetse.

  2.  (2) Bua le Batho ha Monyetla o Hlaha: Mokhoa ona o akareletsa ho nka monyetla oa hore u bolelle motho molaetsa oa Bibele nakong eo u ntseng u iqoqela feela le eena ka lintho tse tloaelehileng. U ka nka monyetla ha u le mosebetsing, sekolong, ha u bua le baahisani, ha u palame lipalangoang tsa sechaba kapa ha u le sebakeng sefe kapa sefe u ntse u iphethela mabaka a hao.

  3.  (3) Bua le Batho ka Bibele Seterateng: Mokhoa ona o akareletsa ho sebelisa literoli, ho bua le batho libakeng tsa khoebo, seterateng, liphakeng, moo ho pakoang likoloi kapa hohle moo batho ba tholahalang teng.

14Ho Sebelisa Livideo le Lingoloa: Ho itšetlehile ka maemo, moithuti a ka khetha hore na o tla bontša mong’a ntlo video kapa o tla mo siela sengoloa. Haeba moithuti a fuoe litaelo tsa hore a sebelise video kapa a khetha ho e sebelisa, o lokela ho etsa eka oa mo shebellisa ebe ka mor’a moo ba qoqa ka eona.

 PHELA JOALOKA MOKRESTE

  15. Ka mor’a pina, metsotsong e 15 e qalang, ho tla ba le puo e le ’ngoe kapa tse peli tse thusang bamameli ho phela ka tsela eo Jehova a e batlang. Ntle le ha ho ka fanoa ka litaelo tse ling, lipuo tsena li ka fanoa ke baholo kapa bahlanka ba sebeletsang ba tšoanelehang. Empa litlhoko tsa phutheho tsona, li lokela ho fanoa ke baholo feela. Haeba karolo e itseng e le puisano, selelekela sa motho ea fanang ka puo eo se lokela ho ba sekhutšoanyane e le hore a tle a khone ho akareletsa lintlha tsa bohlokoa le ho fa bamameli nako e lekaneng ea ho araba. Nakong eo a ntseng a fana ka puo, o lokolohile hore a ka botsa lipotso tse sa hlaheng bukaneng ea seboka e le ho thusa bamameli ho utloisisa sehlooho hantle. Haeba sebui se batla ho botsa motho e mong har’a bamameli lipotso tse itseng, ha ho khoneha motho eo o lokela ho araba lipotso tseo a le sethaleng.

16Thuto ea Bibele ea Phutheho: Metsotso e 30. E lokela ho fuoa moholo ea tšoanelehang. (Liphuthehong tseo ho nang le palo e fokolang ea baholo, ho ka ’na ha sebelisoa bahlanka ba sebeletsang ba tšoanelehang.) Sehlopha sa baholo se lokela ho khetha hore na ke bo-mang ba tšoanelehang ho khanna Thuto ea Bibele ea Phutheho. Ba khethiloeng, ba lokela ho ba le bokhoni ba ho etella pele ka tsela e molemo e le hore thuto e se ke ea ja nako. Ba boetse ba lokela ho hatisa mangolo a sehlooho ba be ba thuse bohle ho utloisisa hore na ba ka sebelisa lintlha tseo ba ithutileng tsona joang. Ba tla thusoa ke ho bala lingoloa tse buang ka hore na karolo ea lipotso le likarabo e lokela ho tšoaroa joang. (w23.04 p. 24, lebokose) Haeba karolo e baloang bekeng eo e tšohliloe ka botlalo, ha ho hlokahale hore mor’abo rona a lelefatse thuto. Ha ho khoneha, bakhanni le babali ba lokela ho fetoloa beke le beke. Haeba molula-setulo oa Seboka sa Bophelo le Tšebeletso a re Thuto ea Bibele ea Phutheho e lokela ho khutsufatsoa, mokhanni o tla lokela ho etsa qeto ea hore na o e khutsufatsa joang. A ka ’na a etsa qeto ea hore ho se ke ha baloa lirapa tse ling.

  LINTLHA TSE PHETHELANG

  17. Metsotso e meraro. Molula-setulo oa Seboka sa Bophelo le Tšebeletso o tla hatisa lintlha tseo ka ho khetheha e leng tsa bohlokoa sebokeng seo. Hape o lokela ho bua ka lintlha tse tla ithutoa bekeng e tlang. A ka ’na a bolela mabitso a baithuti ba abetsoeng lipuo bekeng e tlang haeba nako e mo lumella ho etsa joalo. O lokela ho etsa litsebiso leha e le life tse hlokahalang nakong ea lintlha tsa hae tse phethelang hape a bale mangolo leha e le afe ao ho hlokahalang hore a balloe phutheho ntle le ha ho ka fanoa ka litaelo tse ling. Lintlha tse tloaelehileng, tse kang litokisetso tsa tšebeletso ea tšimo le ho hloekisa, ha lia lokela ho boleloa sethaleng empa li lokela ho behoa moo ho manehoang litsebiso. Haeba ho bonahala hore ho ke ke ha e-ba le nako e lekaneng ea ho etsa litsebiso kapa ea ho bala mangolo nakong e behiloeng ea lintlha tse phethelang tsa molula-setulo, o lokela ho kopa bara ba bo rona ba fanang ka lipuo karolong ea Phela Joaloka Mokreste hore ba khutsufatse lipuo tsa bona. (Sheba  serapa sa 16 le sa  19.) Seboka se tla koaloa ka pina le thapelo.

HO BABATSA LE HO FANA KA KELETSO

  18. Ka mor’a puo e ’ngoe le e ’ngoe ea moithuti, molula-setulo oa Seboka sa Bophelo le Tšebeletso o na le hoo e ka bang motsotso ho babatsa moithuti le ho mo fa keletso e thehiloeng ntlheng eo moithuti a neng a sebeletsa ho eona. Ha molula-setulo a etsa kenyelletso e suthelang puo ea moithuti, a ke ke a bolela hore na o shebuoe thutong efe. Leha ho le joalo, ha puo e fela, ka mor’a hore molula-setulo a babatse moithuti, a ka bolela hore na o ne a shebiloe thutong efe, a be a bolele hore na ke hobane’ng ha a ipabotse ho eona kapa a hlalose ka mosa hore na ke hobane’ng ha a lokela ho ntlafatsa ka ho eketsehileng thutong eo le hore na a ka etsa seo joang. Molula-setulo a ka ’na a boela a bua ka lintlha tse ling tsa puo ea moithuti haeba a bona eka li tla tsoela moithuti kapa bamameli molemo. Haeba ho na le lintlha tse ling tseo molula-setulo a hlokang ho li bua le moithuti, ba ka bua moo ba leng bang ka mor’a liboka kapa ka nako e ’ngoe. A ka boela a mo fa keletso ka thoko e thehiloeng bukaneng ea Rata Batho, Ho Bala le ho Ruta kapa bukeng ea Sekolo sa Tšebeletso ka mor’a seboka kapa ka nako e ’ngoe, ebang ke thutong eo a neng a shebiloe ho eona kapa thutong e ’ngoe.—Sheba  serapa sa 19,  24 le sa  25 bakeng sa litaelo tse mabapi le boikarabelo ba molula-setulo oa Seboka sa Bophelo le Tšebeletso le moeletsi ea thusang.

NAKO

     19Ha ho na sebui se lokelang ho ja nako ho akareletsa le molula-setulo oa Seboka sa Bophelo le Tšebeletso. Le hoja Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona e bontša hore na puo ka ’ngoe e lokela ho nka nako e kae, haeba sebui se akarelelitse lintlha tsohle pele nako eo e fela, ha sea lokela ho kenyeletsa lintlha tse eketsehileng hore feela se qete puo ka nako e behiloeng. Haeba libui tse ling li ka ja nako, molula-setulo oa Seboka sa Bophelo le Tšebeletso kapa moeletsi ea thusang o lokela ho li eletsa ka thoko. (Sheba  serapa sa 24 le sa  25.) Seboka sohle, ho akareletsa lipina le thapelo, se lokela ho nka hora le metsotso e 45.

KETELO EA MOLEBELI OA POTOLOHO

 20. Ha phutheho e e-na le ketelo ea molebeli oa potoloho, lenaneo le lokela ho tsoela pele joalokaha ho hlalositsoe Bukaneng ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ’me ho tla etsoa liphetoho linthong tse latelang: Thuto ea Bibele ea Phutheho e hlahang karolong ea Phela Joaloka Mokreste, e tla nkeloa sebaka ke puo ea tšebeletso ea molebeli oa potoloho ea metsotso e 30. Pele ho puo ea tšebeletso, molula-setulo oa Seboka sa Bophelo le Tšebeletso o tla hlahloba lintlha tseo re ithutileng tsona sebokeng, a be a bolele lintlha tseo re tla ithuta tsona sebokeng sa beke e tlang ’me o tla etsa litsebiso tse hlokahalang, a bale mangolo a hlokahalang ebe ka mor’a moo o etsa kenyelletso e suthelang molebeli oa potoloho. Ka mor’a puo ea tšebeletso, molebeli oa potoloho o tla phethela seboka ka pina eo a ikhethetseng eona. A ka ’na a kopa mor’abo rona e mong hore a koale ka thapelo. Nakong ea ketelo ea molebeli oa potoloho, litlelase tse ling ha lia lokela ho ba teng. Sehlopha se buang puo e ’ngoe se ka tšoara seboka sa sona esita leha molebeli oa potoloho a etetse phutheho e hlokometseng sehlopha seo. Leha ho le joalo, sehlopha sena se lokela ho mamela puo ea tšebeletso ea molebeli oa potoloho hammoho le phutheho.

BEKE EA KOPANO EA POTOLOHO KAPA EA SETEREKE

 21. Ho ke ke ha e-ba le liboka bekeng ea kopano ea potoloho kapa ea setereke. Phutheho e ka hopotsoa hore motho ka mong kapa lelapa ka leng le ka ipalla lintlha tse lokelang ho tšohloa sebokeng sa beke eo.

BEKE EA SEHOPOTSO

 22. Haeba Sehopotso se le har’a beke, ho ke ke ha e-ba le Seboka sa Bophelo le Tšebeletso.

MOLEBELI OA SEBOKA SA BOPHELO LE TŠEBELETSO

 23. Moholo ea khethiloeng ke sehlopha sa baholo, e tla ba molebeli oa Seboka sa Bophelo le Tšebeletso. Boikarabelo ba hae ke ho tiisa hore seboka sena se hlophisitsoe hantle ebile se tsamaisoa ho latela litaelo tse fanoeng mona. Ho lokela hore ho be le puisano e ntle pakeng tsa hae le moeletsi ea thusang. Hang ha Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso e se e fumaneha, molebeli oa Seboka sa Bophelo le Tšebeletso o tla aba lipuo tsa baithuti bakeng sa likhoeli tse peli. Sena se akareletsa lipuo tsohle tseo bara ba bo rona ba fanang ka tsona ho akareletsa le ba tla etsa karolo ea molula-setulo. (Sheba  serapa sa 3-16 le sa  24.) Ha a abela batho lipuo o lokela ho nahana ka lilemo, boiphihlelo ba bona le hore na moithuti oa tšoaneleha ho bua ka sehlooho seo. O lokela ho etsa se tšoanang ha a abela bara ba bo rona lipuo. Moithuti o lokela ho fuoa puo bonyane libeke tse tharo pele ho letsatsi leo a tla fana ka eona ho sebelisoa foromo ea Kabelo ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso (S-89). Molebeli oa Seboka sa Bophelo le Tšebeletso o lokela ho etsa bonnete ba hore lenaneo la batho ba tla fana ka lipuo le behoa leboteng la litsebiso. Sehlopha sa baholo se ka khetha moholo kapa mohlanka ea sebeletsang hore a mo thuse empa moholo ke eena feela ea lokelang ho khetha libui tsa lipuo tseo eseng tsa sekolo.

MOLULA-SETULO OA SEBOKA SA BOPHELO LE TŠEBELETSO

    24. Bekeng e ’ngoe le e ’ngoe moholo a le mong e tla ba molula-setulo oa Seboka sa Bophelo le Tšebeletso. (Liphuthehong tseo ho nang le palo e fokolang ea baholo ho ka sebelisoa bahlanka ba sebeletsang ba tšoanelehang haeba ho hlokahala.) Mosebetsi oa hae e tla ba ho etsa selelekela le lintlha tse phethelang. O tla boela a etse kenyelletso e suthelang lipuo tse ling tsohle. Ha sehlopha sa baholo se le senyenyane, mohlomong a ka abeloa ho fana ka puo likarolong tse ling sebokeng sena haholo-holo karolo eo ho eona ho nang le video empa ho sa hlokahale hore ho buuoe ka eona. Ha aa lokela ho bua haholo lipakeng tsa lipuo. Sehlopha sa baholo se tla etsa qeto ea hore na ke baholo bafe ba tšoanelehang ho phetha mosebetsi ona. Baholo ba tšoanelehang ba ka chenchana mosebetsing oa ho ba molula-setulo. Ho itšetlehile ka maemo a sebaka se seng le se seng, molebeli oa Seboka sa Bophelo le Tšebeletso e ka ba molula-setulo ka makhetlo a mangata ho feta baholo ba bang ba tšoanelehang. Haeba moholo a tšoaneleha ho khanna Thuto ea Bibele ea Phutheho, ho ka etsahala hore ebe o boetse oa tšoaneleha ho ba molula-setulo sebokeng sena. Leha ho le joalo, molula-setulo o lokela hore a babatse le ho fana ka keletso e lerato le e thusang ba nang le lipuo tsa baithuti haeba ho hlokahala. Molula-setulo o boetse o ikarabella bakeng sa ho tiisa hore seboka sena se fela ka nako. (Sheba  serapa sa 17 le  19.) Haeba molula-setulo a rata ’me ho e-na le sebaka se lekaneng sethaleng, a ka sebelisa microphone o mong ha a etsa kenyeletso e suthelang puo e latelang ha sebui se ntse se lokisetsoa microphone o mong. Kapa molula-setulo a ka khetha ho lula tafoleng e sethaleng ha baithuti ba fana ka lipuo tsa bona. Sena se ka boloka nako.

MOELETSI EA THUSANG

   25. Haeba ho khoneha, ho ka ba molemo hore ho sebelisoe moholo eo e leng sebui se nang le boiphihlelo hore a phethe mosebetsi ona. Boikarabelo ba moeletsi ea thusang ke ho eletsa baholo le bahlanka ba sebeletsang ka thoko haeba ho hlokahala bakeng sa lipuo leha e le life tseo ba fanang ka tsona, tse kang lipuo Sebokeng sa Bophelo le Tšebeletso, lipuo tsa phatlalatsa, le ho khanna kapa ho bala lirapa thutong ea Molula-Qhooa kapa Thutong ea Bibele ea Phutheho. (Sheba  serapa sa 19.) Haeba ho e-na le baholo ba bangata phuthehong bao e leng libui le mesuoe e hloahloa, baholo ba tšoanelehang ba ka chenchana selemo le selemo ka mosebetsi oa moeletsi ea thusang. Empa ha ho hlokahale hore moeletsi ea thusang a fane ka keletso ka mor’a puo e ’ngoe le e ’ngoe.

LITLELASE TSE LING

 26. Ho itšetlehile ka palo ea baithuti, liphutheho li ka tšoara litlelase tse ling bakeng sa lipuo tsa baithuti. Tlelase ka ’ngoe e lokela ho ba le moeletsi ea tšoanelehang ’me ho ka ba molemo ha e ka ba moholo. Mohlanka ea sebeletsang ea tšoanelehang hantle a ka koala sekheo haeba ho hlokahala. Sehlopha sa baholo se lokela ho etsa qeto ea hore na ke bo-mang ba ka khethoang hore ebe baeletsi litlelaseng tsena le hore na ba lokela ho chenchana kapa che. Moeletsi o lokela ho latela litaelo tse boletsoeng  serapeng sa 18. Haeba ho tšoaroa litlelase tse eketsehileng ka mor’a Matlotlo a Patiloeng a hlahang karolong ea Matlotlo a Tsoang Bibeleng, baithuti ba lokela ho koptjoa hore ba ee moo ho tšoareloang litlelase tsena teng. Ba lokela ho boela ba kopana le phutheho ka mor’a puo ea ho qetela lipuong tsa baithuti.

LIVIDEO

 27. Ho tla shebelloa livideo tse khethiloeng sebokeng sena. Livideo tsa seboka sena sa har’a beke li tla fumaneha ho JW Library® ’me li ka fumaneha lisebelisoeng tse fapa-fapaneng tsa elektronike.

© 2023 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania

S-38-SU 11/23