Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE KA NTLE

Lipaki Tsa Jehova ke Bo-mang?

Lipaki Tsa Jehova ke Bo-mang?

“Ke khale ke tseba hore Mike ke Paki ea Jehova. Empa ke ’nile ka makatsoa ke kereke ena ea hae. Jehova ke mang? Ke hobane’ng ha Lipaki li sa keteke matsatsi a phomolo? Na Mike o ne a kene lequloaneng la bolumeli ba bokhelohi?”—Becky oa California, U.S.A.

“Ha baahelani ba ka ba qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova, ke ile ka ipotsa ka re: ‘Lipaki Tsa Jehova ke’ng? Hoa makatsa hore ebe kereke e ka ba le lebitso le tjena!’”—Zenon oa Ontario, Canada.

“’Na le mosali oa ka re ne re nahana hore Lipaki Tsa Jehova li nka monyetla hobane re sa ea kerekeng. Re ne re nahana hore haeba likereke tse khōlō li sa re khotsofatse, ha ho kamoo lequloana le sa tsebisahaleng le kang la Lipaki Tsa Jehova le ka re khotsofatsang kateng.”—Kent oa Washington, U.S.A.

“Ha e le hantle ke ne ke sa tsebe Lipaki Tsa Jehova le hore na li lumela’ng.”—Cecilie oa Esbjerg, Denmark.

Mohlomong u kile ua bona Lipaki Tsa Jehova li ea ka ntlo le ntlo kapa li le libakeng tsa sechaba, li aba lingoliloeng tsa Bibele ’me li ithaopela ho ithuta Bibele le batho. E ka ’na eaba u fumane makasine ena ho e mong oa tsona. Leha ho le joalo, u ka ’na ua ipotsa hore na ha e le hantle Lipaki Tsa Jehova ke bo-mang. Mohlomong u ikutloa joaloka batho bao ho buuoeng ka bona ka holimo.

Haeba le uena u ipotsa lipotso tse joalo, u ka fumana likarabo hokae? U ka tseba joang hore na Lipaki Tsa Jehova li lumela’ng? Ke mang ea lefellang litšenyehelo tsa mosebetsi oa tsona le libaka tsa tsona tsa borapeli? Hona ke hobane’ng ha li buisana le uena ka Bibele ha hao kapa libakeng tsa sechaba?

Cecilie eo ho buuoeng ka eena pejana o re: “Ke balile haholo ka Lipaki Tsa Jehova Inthaneteng. Batho ba bangata ba ne ba li bua hampe ’me ka ba mamela. Ka lebaka leo ke ile ka utloa ke sa li batle.” Leha ho le joalo, hamorao o ile a buisana le Lipaki Tsa Jehova ’me tsa mo araba ka tsela e khotsofatsang.

Na u ka rata hore lipotso tsa hao tse mabapi le Lipaki Tsa Jehova li arajoe ka tsela e nepahetseng? Re u khothalletsa hore u buisane le Lipaki Tsa Jehova, e leng bahatisi ba makasine ena. (Liproverbia 14:15) Re tšepa hore lihlooho tse latelang li tla u thusa hore u tsebe hore na re bo-mang, re lumela eng le hore na mosebetsi oa rōna o etsoa joang.