Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Lipuo Tsa Rōna li Tsoa “Toreng ea Babele”?

Na Lipuo Tsa Rōna li Tsoa “Toreng ea Babele”?

“Jehova a ba hasanya lefatšeng lohle ho tloha moo, ’me butle-butle ba tlohela ho haha motse. Ke ka lebaka leo o rehiloeng lebitso la Babele, kahobane Jehova o ile a ferekanya puo ea lefatše lohle moo.”—Genese 11:8, 9.

NA KETSAHALO ee e tlalehiloeng Bibeleng e hlile e etsahetse? Na batho ba ile ba qala ho bua lipuo tse fapaneng ka nako e le ’ngoe joalokaha ho hlalosoa? Ba bang ba soma tlaleho ea Bibele ea hore lipuo tsa batho li ile tsa qala ho ata joang. Mongoli e mong o re: “Ka sebele tšōmo ea Tora ea Babele ke e ’ngoe ea lipale tse sa utloahaleng ka ho fetisisa tse kileng tsa phetoa.” Esita le rabi e mong oa Mojuda o ile a bitsa tlaleho ena “boiteko bo bontšang ho hloka tsebo bo hlalosang hore na lichaba li qalehile joang.”

Ke hobane’ng ha batho ba sa lumellane le tlaleho ea Babele? Ka mantsoe a bonolo feela, ke hobane ha e lumellane le likhopolo-taba tse teng mabapi le hore na lipuo li qalehile joang. Ka mohlala, litsebi tse ling li bolela hore lipuo ha lia ka tsa hlaha hang-hang empa li ile tsa e-ba teng butle-butle ho tsoa puong ea pele e le ’ngoe. Litsebi tse ling tsona li lumela hore lipuo tse ’maloa tsa pele li bile teng ka botsona, ha batho ba ntse ba kokotletsa eaba li fetoha lipuo tse rarahaneng. Likhopolo tsena le tse ling tse hanyetsanang li entse hore batho ba bangata ba lumellane le Moprofesa W. T. Fitch, eo bukeng ea hae e bitsoang The Evolution of Language, a ileng a re: “Ha re e-s’o fumane likarabo tse kholisang ka botlalo.”

Baepolli ba lintho tsa khale le bafuputsi ba fumane eng mabapi le hore na lipuo li bile teng joang, hona li ile tsa ata joang? Na seo ba se fumaneng se lumellana le e ʼngoe ea likhopolo tsee? Kapa se lumellana le tlaleho ea Babele? A re qale ka ho hlahlobisisa tlaleho ena ea Bibele.

E ETSAHETSE HOKAE, HONA NENG?

Bibele e bontša hore ho ferekanngoa ha puo le ho arohana ha batho ho etsahetse “naheng ea Shinare,” eo hamorao e ileng ea bitsoa Babylonia. (Genese  11:2) Hoo ho etsahetse neng? Bibele e re: “Lefatše [“baahi ba lefatše,” NW, ftn.] le ile la aroloa” mehleng ea Pelege, ea tsoetsoeng hoo e ka bang lilemo tse 250 pele ho Abrahama. Kahoo, ho hlakile hore liketsahalo tsa Babele li etsahetse lilemong tse ka bang 4 200 tse fetileng.—Genese 10:25; 11:18-26.

Litsebi tse ling li hakanya hore lipuo tsa kajeno li tsoa puong e le ʼngoe ea pele, eo li nahanang hore batho ba ne ba e bua hoo e ka bang lilemong tse fetileng tse 100 000. * Tse ling li bolela hore lipuo tsa kajeno li amana le lipuo tse ʼmaloa tsa pele tseo mohlomong li neng li buuoa lilemong tse fetileng tse 6 000. Empa litsebi tsa puo li fumana joang hore na lipuo tse seng li sa buuoe li bile teng joang? Makasine e bitsoang Economist, e re, “Taba ena e thata. Ho fapana le litsebi tsa baeloji, litsebi tsa puo ha li na mesaletsa ea lintho tsa boholo-holo e ka li tataisang.” Makasine ena e phaella ka ho bontša hore setsebi se seng sa puo se fihlela liqeto tsa sona ka ho “kopanya lipalo tseo se inahanelang tsona.”

Leha ho le joalo, “mesaletsa ea lipuo tsa boholo-holo” e teng. Mesaletsa ee ke eng, hona e senola’ng ka lipuo tsa pele tsa batho? The New Encyclopædia Britannica, e re: “Litlaleho tsa pele tsa puo e ngotsoeng, e leng tsona feela tse teng ke tsa hoo e ka bang lilemo tse 4 000 kapa 5 000 tse fetileng.” Baepolli ba lintho tsa khale ba sibolotse ‘mesaletsa ee ea puo ea boholo-holo,’ kapa “litlaleho tsa puo e ngotsoeng hokae”? Tlaase ho Mesopotamia, moo Shinare ea boholo-holo e neng e le hona teng. * Kahoo, ho na le bopaki bo tiisang se boletsoeng Bibeleng.

LIPUO TSE SA TŠOANENG LE MENAHANO E SA TŠOANENG

Bibele e bolela hore Molimo o ile a “ferekanya puo ea bona [Babele] e le hore e mong a se ke a utloa puo ea e mong.” (Genese 11:7) Ka lebaka lena, basebetsi “ba tlohela ho haha motse” oa Babele ʼme ba hasana “lefatšeng lohle.” (Genese 11:8, 9) Kahoo, Bibele ha e bolele hore lipuo tsohle tse teng kajeno li tsoile puong e le ʼngoe ea pele. Ho e-na le hoo, e hlalosa hore ka tšohanyetso feela ho ile ha hlaha lipuo tse ngata tse ncha tse ikemetseng, e ʼngoe le e ʼngoe e khona ho hlalosa maikutlo a motho le monahano oa hae ʼme e ʼngoe le e ʼngoe e fapane ebile ea ikhetha.

Letlapa la letsopa la mongolo oa cuneiform le tsoang Mesopotamia, ka selemo sa likete tse tharo B.C.E.

Re ka re’ng ka lipuo tse buuoang kajeno? Na lia tšoana kapa li fapane? Rasaense ea sebetsanang le kelello, Lera Boroditsky, o ile a ngola a re: “Ha litsebi tsa puo li ntse li batlisisa lipuo tsa lefatše ka botebo (li batlisisitse tse ka bang 7 000, e leng karolo e fokolang feela ea tsona), li ile tsa fumana ho se tšoane ho hoholo ho neng ho sa lebelloa.” Ke ’nete hore le hoja lipuo tse kang Secanton le Sehakka tse buuoang ka boroa ho Chaena li batla li tšoana, li fapane haholo le tse ling tse kang Secatalan sa Bophirimela le Sevalencia tse buuoang Spain.

Lipuo li ama tsela eo batho ba nahanang ka eona le eo ba hlalosang lintho tse ba potolohileng tse kang mebala, bongata, libaka le hore na li fumaneha hokae. Ka mohlala ka puo e ’ngoe motho a ka re, “Letsohong la hao le letona ho na le kokoanyana.”  Athe ka e ’ngoe a ka re, “Letsohong la hao le ka boroa-bophirimela ho na le kokoanyana.” Seo re ka se bolelang ke hore ho se tšoane hona hoa ferekanya. Kahoo, ha ho makatse hore ebe lihahi tsa Babele li ile tsa thatafalloa ho tsoela pele ho haha.

NA KE HO KOKOTLETSA KAPA KE PUO E RARAHANENG?

Puo eo batho ba neng ba e bua pele e ne e le joang? Bibele e bolela hore motho oa pele, e leng Adama, o ile a khona ho qapa mantsoe a macha ha a ne a reha liphoofolo tsohle le linonyana mabitso. (Genese 2:20) Ho feta moo, Adama o ile a qapa thoko ho hlalosa maikutlo a hae ka mosali oa hae ʼme o ile a hlalosa ka ho hlaka seo Molimo a neng a mo laetse sona le hore na liphello tsa ho se mamele Molimo e tla ba life. (Genese 2:23; 3:1-3) Kahoo, puo ea pele e ile ea thusa batho hore ba buisane ka botlalo le hore ba itlhalose ka boqhetseke.

Ho ferekanngoa ha lipuo Babele ho ile ha sitisa batho hore ba utloane le ho sebelisana ’moho. Leha ho le joalo, lipuo tsa bona tse ncha li ne li rarahane feela joalokaha puo ea pele e ne e rarahane. Ka mor’a makholo a seng makae a lilemo, batho ba ile ba haha metse e meholo, ba khobokanya mabotho a matla ʼme ba hoebisana le lichaba tse ling. (Genese 13:12; 14:1-11; 37:25) Na ba ne ba ka tsoela pele hakaalo ba se na melao ea puo le pokello ea mantsoe? Ho ea ka Bibele, puo eo batho ba neng ba e bua pele le lipuo tse ileng tsa qaptjoa Babele, e ne e se ho tsetsela le ho kokotletsa, empa e ne e le lipuo tse rarahaneng.

Lipatlisiso tse entsoeng mehleng ena li tšehetsa ʼnete ena. The Cambridge Encyclopedia of Language, e re: “Ha ho etsoa lipatlisiso, ho fumanoe hore sechaba se seng le se seng, ho sa tsotellehe hore na se nkoa ‘se saletse morao’ hakae, se na le puo e rarahaneng, e nang le melao eohle ea puo ho tšoana le lichaba tse ling tseo ho thoeng li ‘tsoetse pele.’” Ka ho tšoanang, bukeng ea hae e bitsoang The Language Instinct, Moprofesa Steven Pinker oa K’holeje ea Harvard, o re: “Ha ho na puo eo ho ka thoeng e saletse morao.”

BOKAMOSO BA PUO

Re ka fihlela qeto efe ka mor’a hore re hlahlobe nako le sebaka seo “mesaletsa” ea lipuo tsa khale e fumanehileng ho tsona, phapang e khōlō pakeng tsa lipuo tsa boholo-holo le ho rarahana ha tsona? Ba bangata ba fihlela qeto ea hore tlaleho ea Bibele ea se etsahetseng Babele ke eona e tšepahalang ka ho fetisisa.

Bibele e re bolella hore Jehova Molimo o ile a ferekanya puo ea batho Babele hobane ba ile ba mo fetohela. (Genese 11:4-7) Leha ho le joalo, o tšepisitse hore o “tla etsa hore lichaba li fetohele puong e hloekileng, e le hore kaofela ha tsona li ipiletse lebitsong la Jehova, e le hore li mo sebeletse ka mahetla a bapileng.” (Sofonia 3:9) Kajeno ‘puo ena e hloekileng,’ e leng ʼnete e tsoang Lentsoeng la Molimo, e kopanya batho ba tsoang lefatšeng lohle. Kahoo, re ka lebella hore nakong e tlang Molimo o tla momahanya batho ka hore a ba fe puo e le ʼngoe, e le hore a etsolle se etsahetseng Babele.

^ ser. 8 Hangata likhopolo tse mabapi le puo li etsoa ke batho ba nahanang hore batho ba bile teng ba tsoa liphoofolong tse kang tšoene. Bakeng sa ho hlahloba likhopolo tse joalo, sheba bukana ea The Origin of Life—Five Questions Worth Asking, leqepheng la 27-29 e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.

^ ser. 9 Baepolli ba lintho tsa khale ba epolotse litora tsa tempele tse kang liphiramide sebakeng se haufi le Shinare. Bibele e bolela hore lihahi tsa tora ea Babele li ile tsa haha ka litene eseng ka majoe ʼme tsa etsa taka ka sekontiri. (Genese 11:3, 4) The New Encyclopædia Britannica e re “majoe a ne a fumanoa seoelo kapa a le sieo ho hang” Mesopotamia, empa sekontiri e ne e le matletsetletse.