Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Hōlisa Bana Hore ba be le Boikarabelo

Ho Hōlisa Bana Hore ba be le Boikarabelo

Se Tlisang Thabo ka Lapeng

Ho Hōlisa Bana Hore ba be le Boikarabelo

George: * “Ho ne ho etsahala ntho e tšoanang bosiu bo bong le bo bong. Mora oa ka ea lilemo li ’nè, Michael, o ne a siea lintho tseo a bapalang ka tsona li jalane hohle ka tlung. Ke ne ke leka ho etsa hore a li phuthe pele ke mo robatsa. Empa Michael o ne a ithaburanya, a lla ’me a sa laolehe. Ka linako tse ling ke ne ke lekeha hoo ke neng ke mo kharumela, empa seo se ne se mpefatsa litaba. Ke ne ke batla hore ke mo robatse a thabile. Kahoo ke ile ka khaotsa ho mo phuthisa tsona, eaba kea li phutha.”

Emily: “Bothata bo ile ba qala ha Jenny, morali oa ka ea lilemo li 13, a ne a sitoa ho utloisisa hore na tichere ea hae e hloka hore a etse eng mosebetsing oo e neng e mo file oona hore a o etsetse hae. Jenny o ile a lla hora kaofela ha a fihla hae. Ke ile ka mo khothalletsa hore a kōpe thuso sekolong, empa o ile a tsitlella hore tichere ea hae e khopo, kahoo o ne a tšaba ho bua le eona. Ho ile ha re ke lebe sekolong moo ka bohale ke fihle ke joetse tichere eo hore litsebe li tlale. Ho ne ho se na motho ea nang le tokelo ea ho sulafalletsa ngoana oa ka bophelo!”

NA KA linako tse ling u ikutloa joaloka George le Emily? Ho tšoana le batsoali bao, batsoali ba bangata ba utloa ho le thata ho tlohella bana ba bona ha ba sa thaba kapa hore ba sokole ha ba le bothateng. Ka tlhaho batsoali ba leka ho sireletsa bana ba bona. Ha e le hantle maemo a hlalositsoeng ka holimo a ne a fa batsoali bao monyetla oa hore ba rute bana ba bona thuto ea bohlokoa ea ho ba le boikarabelo. Ke ’nete hore thuto e fuoang ngoana ea lilemo li ’nè e fapane le e fuoang ea lilemo li 13.

Leha ho le joalo, ’nete ke hore u ke ke ua khona ho sireletsa ngoana oa hao mathateng ’ohle a bophelo. Qetellong, ngoana o tla tlohela ntate oa hae le ’mè oa hae a ‘jare mojaro oa hae’ oa boikarabelo. (Bagalata 6:5; Genese 2:24) E le hore bana ba khone ho ikemela ha ba se ba hōlile, sepheo sa batsoali e lokela ho ba ho ruta bana ba bona ho hloka boithati, ho tsotella le ho ba le boikarabelo. Eo hase ntho e bonolo!

Ka lehlohonolo, batsoali ba ka ithuta ho Jesu le tsela eo a neng a sebelisana le barutuoa ba hae ka eona. Jesu o ne a se na bana. Empa morero oa hae ha a khetha barutuoa ba hae le ha a ba koetlisa e ne e le ho etsa hore le ha a se a le sieo ba ’ne ba tsoele pele ka mosebetsi oo. (Matheu 28:19, 20) Seo Jesu a ileng a se etsa ka barutuoa ba hae ke seo batsoali le bona ba batlang ho se finyella ka bana ba bona hore e be ba nang le boikarabelo. Hlokomela mehlala e meraro feela eo Jesu a ileng a e behela batsoali.

‘Behela’ Bana ba Hao “Mohlala” Ha Jesu a se a le haufi le ho shoa, o ile a re ho barutuoa ba hae: “Ke le behetse mohlala, e le hore, feela joalokaha ke entse ho lōna, le ka etsa ka ho tšoanang.” (Johanne 13:15) Batsoali le bona ka ho tšoanang ba lokela ho hlalosetsa bana le ho ba bontša ka liketso hore na ho ba le boikarabelo ho bolela’ng.

Ak’u ipotse: ‘Na hangata ke bua hantle ka boikarabelo boo ke lokelang ho bo phetha? Na ke bua ka hore na ke khotsofala hakae ka ho sebeletsa ba bang ka thata? Kapa na ka linako tse ling kea tletleba kapa ke ipapisa le bao ho bonahalang ba phela hamonate?’

Ke ’nete hore ha ho na motho ea phethahetseng. Ka linako tse ling kaofela re ikutloa re imetsoe. Empa mohlala oo u o behang ke oona o ka thusang bana ba hao haholo hore ba bone bohlokoa ba ho ba le boikarabelo le molemo oa teng.

LEKA HO ETSA TJENA: Haeba u khona, ka linako tse ling e-ea le ngoana oa hao mosebetsing u mo bontše hore na u etsa’ng e le ho hlokomela lelapa. E-ea le ngoana oa hao ha u il’o thusa motho ea hlokang ho thusoa. Ka mor’a moo, buisana le eena ka hore na ke eng seo le se thabetseng ka ho phetha boikarabelo boo.—Liketso 20:35.

U se ke Ua Lebella Mohlolo Jesu o ile a hlokomela hore ho tla nka nako e telele pele barutuoa ba hae ba khona ho phetha mesebetsi le boikarabelo boo a neng a lebeletse hore ba bo phethe. Ka lekhetlo le leng o ile a re ho bona: “Ke na le lintho tse ngata tseo ke sa ntseng ke tla le bolella tsona, empa ha le khone ho li jara hona joale.” (Johanne 16:12) Jesu ha aa ka a batla hore hang-hang barutuoa ba hae ba etse letho ba le bang. Ho e-na le hoo, o ile a qeta nako e ngata a ntse a ba ruta lintho tse ngata. Jesu o ile a rōma barutuoa ba hae ba le bang ha a se a nahana hore ba se ba ka khona ho etsa joalo.

Ka ho tšoanang, hase ntho e utloahalang hore batsoali ba lebelle bana ba bona ho phetha boikarabelo ba batho ba baholo pele ba ka khona ho etsa joalo. Leha ho le joalo, ha bana ba ntse ba hōla, batsoali ba lokela ho hlahloba hore na ke mesebetsi efe e loketseng eo ba ka e etsang. Ka mohlala, batsoali ba lokela ho ruta bana hore ke boikarabelo ba bona hore ba lule ba hloekile, ba hloekise kamore ea bona, ba boloke nako le hore ba sebelise chelete hantle. Ha ngoana a se a e-ea sekolong, batsoali ba lokela ho ruta bana hore mosebetsi oa sekolo ke boikarabelo ba bona ba bohlokoa boo ba lokelang ho bo phetha.

Batsoali ha baa lokela hore ba fe bana ba bona boikarabelo feela. Empa hape ba lokela ho ba tšehetsa ha ba ntse ba leka ho bo phetha. George, e leng ntate eo ho buuoeng ka eena qalong, o ile a hlokomela hore lebaka le leng leo Michael a neng a koatela ho phutha lintho tsa hae tsa ho bapala ka lona e ne e le hobane mosebetsi oo o ne o bonahala o le mongata haholo. George o re: “Ho e-na le hore ke kharumele Michael hore a phuthe lintho tsa hae tsa ho bapala, ke ile ka leka ho mo ruta hore na a li phuthe joang.”

O ile a etsa’ng ka ho khetheha? George o re: “Ke ile ka qala ka ho beha nako e tobileng ea ho phutha lintho tseo tsa ho bapala bosiu bo bong le bo bong. Joale, ka sebetsa le Michael, re phutha sebakeng se le seng ka nako. Ke ile ka etsa hore mosebetsi oo eke ke papali, ka ba ka re re bone hore na ke mang ea tla qeta pele. Ho e-s’o ee kae e ile ea e-ba tloaelo ea bosiu bo bong le bo bong ha re il’o robala. Ke ile ka tšepisa Michael hore haeba a etsa mosebetsi kapele, ke tla mo balla lipale tse peli pele a robala. Empa haeba a lieha, o iphokoletsa nako ea ho balloa pale.”

LEKA HO ETSA TJENA: Hlahloba hore na u ka lebella ngoana ka mong hore a etse’ng e le ho kenya letsoho ho etsa hore lintho li tsamaee hantle lapeng. Ak’u ipotse, ‘Na ho na le lintho tseo ke ntseng ke li etsetsa bana ba ka tseo ba ka iketsetsang tsona?’ Haeba ho joalo, li etse le bana ba hao ho fihlela u kholisehile hore ba ka khona ho li etsa ba le bang. Ba bolelle ka ho hlaka hore ho tla ba le kotlo kapa moputso ho itšetlehile ka hore na ba etsa mosebetsi oa bona joang. Ebe u phethahatsa kotlo eo kapa ua ba putsa.

Fana ka Litaelo Tse Tobileng Joaloka mosuoe e mong le e mong ea hloahloa, Jesu o ne a tseba hore tsela e molemo ea hore motho a ithute ntho ke hore a e etse. Ka mohlala, ha Jesu a hlokomela hore barutuoa ba hae ba se ba ka ikemela, o ile a ba rōmela “ka bobeli ka pele ho eena ho kena motseng o mong le o mong le sebakeng se seng le se seng seo a neng a tla tla ho sona.” (Luka 10:1) Leha ho le joalo, ha aa ka a ba rōma feela a sa ba thuse. Pele a ba rōma, o ile a ba fa litaelo tse tobileng. (Luka 10:2-12) Ha barutuoa ba khutla ba mo tlalehela hore na ba atlehile hakae, Jesu o ile a ba babatsa a ba a ba khothatsa. (Luka 10:17-24) O ile a bontša hore oa ba tšepa ebile o motlotlo ka bona.

U etsa’ng ha bana ba hao ba tobana le boikarabelo bo boima? Na u leka ho ba sireletsa linthong tseo ba li tšabang e le hore ba se ke ba soetseha kapa ba hlōleha? Ka tlhaho feela, ntho e tlang pele kelellong ea hao e ka ’na ea ba ho “sireletsa” ngoana oa hao kapa hona ho mo jarela moroalo.

Empa hlokomela: Nako le nako ha u potlakela ho “sireletsa” bana ba hao, u ba fa maikutlo afe? Na u bontša hore ua ba tšepa ebile u lumela hore ba na le bokhoni? Kapa na u etsa hore ba nahane hore e ntse e le masea a ntseng a hloka thuso ea hao nthong e ’ngoe le e ’ngoe?

Ka mohlala, Emily eo ho buuoeng ka eena qalong o ile a sebetsana le bothata ba morali oa hae joang? Ho e-na le hore a ikenye litabeng tseo, o ile a etsa qeto ea ho tlohela Jenny hore e be eena ea buang le tichere ea hae. Emily hammoho le Jenny ba ile ba ngola lipotso tseo Jenny a neng a tla ea le tsona sekolong. Eaba ba buisana ka hore na nako e loketseng ea hore Jenny a ee ho tichere ke efe. Ba ile ba ba ba ikoetlisa hore na puisano e ka ’na ea ba joang. Emily o re: “Jenny o ile a ba le sebete sa ho bua le tichere ’me le tichere ea hae e ile ea mo babatsa ka seo a se entseng. Jenny o ile a ba motlotlo ka seo a se entseng—’me le ’na ke ne ke le motlotlo ka eena.”

LEKA HO ETSA TJENA: Ngola bothata boo ngoana oa hao a tobaneng le bona. Pel’a bothata boo ngola hore na u ka etsa’ng e le hore u mo thuse hore a sebetsane le bona ntle le ho mo “balehisa” ho bona. Uena le ngoana oa hao hlahlobang hore na ke mehato efe eo a lokelang ho e nka e le hore a hlōle bothata boo. Bolella ngoana oa hao hore u kholisehile hore o tla atleha.

Haeba u lula u sireletsa ngoana oa hao ha a e-na le bothata, ha e le hantle u ka ’na ua etsa hore a sitoe ho sebetsana le mathata bophelong. Ho e-na le hoo, hōlisa bana ba hao ka tsela e tla ba thusa hore ba amohele boikarabelo ba bona. Ha u etsa joalo, u tla be u ba fa lefa la bohlokoa ka ho fetisisa.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 3 Mabitso a fetotsoe.

IPOTSE . . .

▪ Na lintho tseo ke li lebeletseng ho bana ba ka ke tse utloahalang?

▪ Na kea ba bolella ebile kea ba bontša hore na ba etse’ng e le hore ba atlehe?

▪ Ke qetetse neng ho khothatsa ngoana oa ka kapa hona ho mo babatsa?