Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA BOTŠELELA

Ho ba le Mekhoa e Metle

Ho ba le Mekhoa e Metle

HO BOLELA’NG?

Motho ea nang le mekhoa e metle ke ea khonang ho khetholla ntho e fosahetseng ho e nepahetseng. Liketso tsa hae ha li laoloe ke tsela eo a ikutloang ka eona. Empa o tataisoa ke melao-motheo esita le moo a leng mong.

MELEMO EA HO BA LE MEKHOA E METLE

Bana ba foqoa mashano a mangata a hore na lintho tse nepahetseng le tse fosahetseng ke life hohle moo ba leng teng. Taba ena e etsahala ha ba mametse ’mino, ba shebeletse limovie kapa TV kapa ha ba le sekolong. Mashano ana a ka etsa hore ba belaelle tsela e nepahetseng eo batsoali ba bona ba ba rutileng eona.

Ntho ena e etsahala haholo ha ba kena lilemong tsa boroetsana kapa tsa bohlankana. Buka ea Beyond the Big Talk e re: “Bana ba lokela ho tseba hore ha ba ntse ba hola ho na le batho ba tla ba susumeletsa hore ba itšoare ka tsela eo ba sa holisoang ka eona e le hore batho ba bang ba ba rate. Hape ba lokela ho ithuta ho ikemela le haeba ba bang ba ba khesa.” Taba ena e bontša hore batsoali ba hloka ho koetlisa bana ba bona ho tloha ba sa le banyenyane.

U KA BA TATAISA JOANG?

Ba Rute Melao.

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “Batho ba holileng . . . matla a bona a ho lemoha a [koetliselitsoe] ho khetholla se nepahetseng le se fosahetseng.”​—Baheberu 5:14.

  • Thusa ngoana ho tseba phapang. Etsetsa ngoana oa hao mehlala ka lintho tse etsahalang letsatsi le letsatsi ’me u mo rute phapang pakeng tsa ho bua ’nete le ho bua leshano, ho tšepahala le ho se tšepahale. U mo bontše phapang pakeng tsa ho ba mosa le ho ba khopo. Ha ngoana oa hao a ntse a hola o tla ithuta phapang pakeng tsa lintho tse nepahetseng le tse fosahetseng ’me o tla leka ho etsa tse nepahetseng.

  • Mo hlalosetse mabaka. Mohlala, u ka botsa ngoana oa hao lipotso tse kang: “U nahana ke hobane’ng ha e le ha bohlokoa hore u tšepahale?” “U nahana leshano le ka qabanya bakhotsi joang?” “Ke hobane’ng ha motho a sa lokela ho utsoa?” Thusa ngoana ho ba le mabaka a ho etsa lintho tse nepahetseng le a ho qoba tse fosahetseng.

  • Mo bolelle melemo eo a tla e fumana. Mohlomong u ka re: “Ha u tšepahala, batho ba tla u tšepa” kapa “ha u le mosa, batho ba tla rata ho lula ba e-na le uena.”

Lelapa la hao le lokela ho tsebahala ka mekhoa e metle.

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “Le ’ne le leke seo le leng sona.”​—2 Bakorinthe 13:5.

  • Ho phela ka mekhoa e metle e lokela ho ba molao oa lapeng la hao e le hore u ka bua ka phatla e phahameng oa re:

    • “Rona lapeng ha re bue leshano.”

    • “Ha re otlane ebile ha re halefelane.”

    • “Ha re buelane mantsoe a bohloko.”

Ngoana oa hao o tla hlokomela hore ho ba le mekhoa e metle ha se feela molao oa lapeng empa ho thusa lelapa hore le be le seriti.

  • Buisanang khafetsa ka melao ea lelapa. Ruta ngoana ka lintho tse etsahalang letsatsi le leng le le leng. Le ka bapisa melao ea lapeng le lintho tse etsoang ke bana ba bang sekolong kapa batho ba hlahang thelevisheneng. U ka botsa ngoana oa hao lipotso tse kang tsena: “Ha e ne e le uena u ka be u entse’ng?” “Rona lapeng moo ebe re ka be re entse’ng?”

Ba thuse ho rata ho etsa lintho tse nepahetseng.

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “E-bang le letsoalo le molemo.”​—1 Petrose 3:16.

  • Mo babatse. Haeba ngoana oa hao a entse ntho e ntle, mo babatse u be u mo bolelle hore na ke hobane’ng ha u re ntho eo e ntle. Mohlala, u ka re: “Ke motlotlo ka uena ngoan’a ka hore ebe u tšepahetse.” Haeba ngoana oa hao a u bolella hore o entse phoso, pele u ka mo khalemela, mo babatse hore ebe o boletse phoso ea hae.

  • Mo khaleme. Ruta bana ba hao ho amohela molato ha ba entse phoso. Ngoana o lokela ho tseba hore na o fositse hokae, le hore na o tlotse molao ofe oa lelapa. Batsoali ba bang ha ba batle ho toba ngoana ha a entse phoso hobane ba sa batle a koate, empa haeba motsoali a mo toba, o tla be a thusa ngoana hore a nahane pele a ka etsa phoso.