Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Na ho na le lijo tse ling tseo Baiseraele ba neng ba li ja lefeelleng ntle ho manna le likoekoe?

Lijo tseo Baiseraele ba neng ba li ja haholo ha ba le lefeelleng ka lilemo tse 40, e ne e le manna. (Ex. 16:35) Jehova o ile a boela a ba fa likoekoe ka makhetlo a mabeli. (Ex. 16:12, 13; Num. 11:31) Leha ho le joalo, Baiseraele ba ne ba ntse ba e-na le lijo tse ling tseo ba neng ba ka li ja.

Ka mohlala, ka linako tse ling Jehova o ne a isa batho ba hae “sebakeng sa ho phomola” se neng se e-na le metsi le lijo tseo ba neng ba tla li ja. (Num. 10:33) Se seng sa libaka tseo e ne e le Elime, “moo ho neng ho e-na le liliba tsa metsi tse 12 le lifate tsa palema tse 70,” ho ka ’na ha etsahala hore e ne e le lifate tsa litholoana tsa palema. (Ex. 15:27) Buka ea Plants of the Bible e re lifate tsa palema tse neng li beha litholoana “li ne li hlaha libakeng tse sa tšoaneng . . . ’me ke tsona tse neng li fana ka lijo lehoatateng hape li ne li fana ka oli le sebaka seo batho ba limilione ba ka lulang ho sona.”

E ka ’na eaba Baiseraele ba ile ba fihla sebakeng se seng se seholo se lehoatateng se nang le metsi, seo kajeno se bitsoang Feiran e leng karolo ea Khohlo ea Feiran. a Buka ea Discovering the World of the Bible e re khohlo ena e bolelele ba lik’hilomithara tse 130 ’me ke e ’ngoe ea likhohlo tse telele ka ho fetisisa. E ntle ebile e tsebahala haholo likhohlong tsa Sinai. Buka ena e boetse e re haeba motho a ka nka leeto la lik’hilomithara tse ka bang 45 ho tloha moo khohlo eo e kopanang le leoatle teng, o tla fihla sebakeng se nang le metsi se lehoatateng sa Feiran. Sebaka sena se bophahamo ba limithara tse ka bang 610 le bolelele ba lik’hilomithara tse 4,8. Se na le lifate tsa palema ebile se setle haholo hoo se bapisoang le serapa sa Edene. Ho tloha khale batho ba etela sebaka sena ka lebaka la lifate tsa palema tse nang le litholoana.

Lifate tsa palema tse nang le litholoana sebakeng se bitsoang Feiran

Ha Baiseraele ba tloha Egepeta, ba ile ba nka hlama le likotlolo tseo ho lubeloang ho tsona ’me mohlomong ba ile ba nka le koro le oli. Lijo tsena li ne li ke ke tsa ba nka nako e telele. Ba ile ba boela ba tsamaea ka “liphoofolo tsa bona tse ngata e leng linku, lipoli le liphoofolo tse kholo.” (Ex. 12:34-39) Kaha ho ne ho le boima lefeelleng, e ka ’na eaba liphoofolo tse ngata li ile tsa shoa. E ka ’na eaba Baiseraele ba ne ba ja liphoofolo tse ling le ho etsa mahlabelo ka tse ling ’me ba ne ba etsetsa le melimo ea bohata mahlabelo ka tsona. b (Lik. 7:39-43) Baiseraele ba ne ba ntse ba e-na le liphoofolo tse ling, re bona sena mantsoeng ao Jehova a ileng a ba bolella ’ona ha ba ne ba sa mo mamele. O ile a re: “Bara ba lona e tla ba balisa lefeelleng ka lilemo tse 40.” (Num. 14:33) E ka ’na eaba ka linako tse ling liphoofolo tsa bona li ne li ba fa lebese le nama empa lijo tseo li ne li ke ke tsa lekana batho ba ka bang limilione tse tharo ka lilemo tse 40. c

Liphoofolo li ne li fumana lijo le metsi hokae? d Ka nako eo ho ka etsahala hore pula e ne e na hangata ’me ho ne ho e-na le limela tse ngata lefeelleng. Buka ea Insight on the Scriptures, Volume 1, e re lilemong tse 3 500 tse fetileng ho ne ho e-na le metsi a mangata sebakeng seo Baiseraele ba neng ba le ho sona ho feta mehleng ena. Re tseba sena hobane sebaka seo se na le likhohlo tse ngata tse ommeng le tse tebileng tse bakiloeng ke linoka tse neng li le teng moo. Leha ho le joalo, lefeella e ne e le sebaka seo ho neng ho se na motho ea eang ho sona le seo batho ba se tšabang. (Deut. 8:14-16) Haeba Jehova a ne a sa ka a fa Baiseraele metsi ka mohlolo, Baiseraele hammoho le liphoofolo tsa bona ba ne ba tla shoa.—Ex. 15:22-25; 17:1-6; Num. 20:2, 11.

Moshe o ile a bolella Baiseraele hore Jehova o ile a ba fepa manna “e le hore [ba] tsebe hore motho ha a phele ka bohobe feela empa o phela le ka polelo e ’ngoe le e ’ngoe e tsoang molomong oa Jehova.”—Deut. 8:3.

a Sheba Molula-Qhooa oa May 1, 1992, leq. 24 le 25.

b Bibele e bua ka makhetlo a mabeli ao ho ’ona ho neng ho etsetsoa Jehova mahlabelo ka liphoofolo lefeelleng. Lekhetlo la pele ke ha ho ne ho hlomamisoa baprista ’me lekhetlo la bobeli ke nakong ea Paseka. Liketsahalo tsena tse peli li ile tsa etsahala ka selemo sa 1512 B.C.E., e leng selemo ka mor’a hore Baiseraele ba tlohe Egepeta.—Lev. 8:14–9:24; Num. 9:1-5.

c Qetellong ea lilemo tse 40 Baiseraele ba le lefeelleng, ba ile ba nka liphoofolo tse ngata tseo ba li hapileng ntoeng. (Num. 31:32-34) Ho ntse ho le joalo, ba ile ba tsoela pele ba ntse ba ja manna ho fihlela ba kena Naheng e Tšepisitsoeng.—Josh. 5:10-12.

d Re ka nka qeto ea hore liphoofolo li ne li sa je manna hobane Jehova o ile a laela hore Baiseraele ba nke manna ho latela hore na motho o ja hakae.—Ex. 16:15, 16.