Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Hulda o Ile a Fumana Ntho eo a Neng a e Batla

Hulda o Ile a Fumana Ntho eo a Neng a e Batla

LILEMO tse itseng tse fetileng haeba u ne u ka etela sehlekehleke se senyenyane sa Sangir Besar se Indonesia, u ne u tla kopana le barali ba bo rona ba bararo lebopong la leoatle. Ba ne ba tsebahala haholo sehlekehlekeng seo hobane ba ne ba thusa batho hore ba utloisise Bibele. Empa ka nako eo u ne u tla ba fumana ba etsa mosebetsi o mong.

Sehlekehleke sa Sangir Besar se ka leboea ho Indonesia

Ba ne ba kena ka har’a metsi ’me ba fumana majoe a boima ebe ba a ntšetsa lebopong. Majoe a mang a ne a le boholo ba bolo. Ka mor’a moo, ba ne ba lula litulong tse nyenyane tse entsoeng ka lepolanka ’me ba sebelisa lihamore ho thuha majoe ao, ba a etsa hore a be manyenyane ho feta lehe la khoho. Ba ne ba kenya majoe ao a manyenyane ka liemereng tsa polasetiki ebe baa a nka, ba nyoloha litepisi ka ’ona ho ea moo ba lulang teng. Ka mor’a moo, ba ne ba tšela majoe ao ka mekotleng e meholo e neng e palamisoa literakeng e le hore a ka sebelisoa ha ho etsoa tsela.

Hulda o bokella majoe lebopong la leoatle

E mong oa barali bao ba bo rona e ne e le Hulda. Maemo a hae a ne a mo lumella hore a qete nako e ngata ho feta ba bang a etsa mosebetsi ona. O ne a sebelisa chelete eo a e fumanang ho hlokomela lelapa la hae ka eona. Leha ho le joalo, ho ne ho e-na le ntho e ’ngoe eo a neng a batla ho e etsa. O ne a batla ho reka thabolete e le hore a ka khona ho sebelisa JW Library® app. Morali oa bo rona Hulda o ne a tseba hore livideo le lintho tse ling tse teng ho eona li ne li tla mo thusa hore a ntlafatse tšebeletso ea hae le tsela eo a utloisisang Bibele ka eona.

Morali oa bo rona Hulda o ile a qeta khoeli le halofo a sebetsa lihora tse peli hoseng ho hong le ho hong, a thuha majoe a ka lekanang teraka e nyenyane. Qetellong o ile a ba le chelete e lekaneng ea hore a ka reka thabolete.

Hulda o tšoere thabolete ea hae

Morali oa bo rona Hulda o re: “Le hoja ke ne ke khathetse ebile ’mele oa ka o ne o le bohloko ke ho thuha majoe, ke ile ka lebala kapele ka bohloko boo ke neng ke bo utloa hobane ke ne ke se ke khona ho sebelisa thabolete ea ka e ncha e neng e nthusa hore ke ntlafatse tšebeletso ea ka le hore ke lokisetse liboka tsa Bokreste habonolo.” O boetse o re thabolete eo ea hae e ne e mo thusa hore a kene liboka hammoho le bara le barali ba bo rona qalong ea seoa sa COVID-19. Re thaba le Morali oa bo rona Hulda hobane o ile a atleha ho etsa ntho eo a neng a batla ho e etsa.