Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U ne U Tseba?

Na U ne U Tseba?

Na Baroma ba ne ba ka lumella hore motho ea khokhothetsoeng thupeng joaloka Jesu a patoe ka tsela e tloaelehileng?

BATHO ba bangata ba tloaelane le tlaleho ea hore Jesu o ne a khokhothetsoe thupeng pakeng tsa masholu a mabeli. (Mat. 27:35-38) Leha ho le joalo, batho ba bang ha ba lumele tlaleho ea Bibele e bontšang hore ka mor’a moo Jesu o ile a patoa lebitleng.​—Mar. 15:42-46.

Batho ba bang ba hanyetsang Likosepele ba belaella hore motho ea khokhothetsoeng thupeng o ne a ka patoa lebitleng. Ba lumela hore batho ba neng ba khokhotheloa thupeng ba ne ba tšoaroa ka tsela e fapaneng. Ariel Sabar e leng mongoli oa makasine ea Smithsonian, o hlalosa hore na ke hobane’ng ha batho ba bang ba nahana joalo, o re: “Ho ne ho thakhisoa batho ba neng ba etsa lintho tse mpe haholo ’me litsebi tse ling li re e ne e le ntho e sa utloahaleng hore Baroma ba lumelle hore batho bao ba patoe ka tsela e nepahetseng.” Baroma ba ne ba batla ho tlotlolla masholu ao, kahoo hangata litopo tsa bona li ne li tlohelloa moo thupeng e le hore li jeoe ke liphoofolo tse hlaha. Ka mor’a moo, masapo a bona a ne a lahleloa lebitleng leo ho neng ho patoa batho ba bangata.

Baepolli ba lintho tsa khale ba ile ba fumana ntho e fapaneng ka masapo a Bajuda ba bang ba ileng ba bolaoa. Ka 1968 ba ile ba fumana masapo a monna ea ileng a khokhotheloa thupeng mehleng ea Jesu. Ba ile ba a fumana lebitleng la lelapa la Bajuda haufi le Jerusalema. Masapo a monna eo a ne a le ka lebokoseng ’me la serethe le ne le le har’a ’ona. Le ne le kokotetsoe thupeng ka sepekere se bolelele ba lisenthimithara tse 11.5. Sabar o re: “Lesapo la serethe sa Yehochanan le ile la fana ka bopaki ba hore e ka ’na eaba Likosepele li bua ’nete ha li re Jesu o patetsoe lebitleng. Lesapo la serethe sa Yehochanan ke mohlala oa motho ea ileng a thakhisoa mehleng ea Jesu, eo Baroma ba ileng ba lumella hore a patoe ka tsela eo Bajuda ba neng ba patoa ka eona.”

Taba ena e entse hore batho ba be le maikutlo a fapaneng ka hore na Jesu o ne a khokhothetsoe thupeng joang. Leha ho le joalo, ho hlakile hore masholu a mang a neng a khokhothetsoe thupeng a ne a patoa ka tsela e tloaelehileng ’me a sa lahleloe feela ka lebitleng leo ho neng ho patoa batho ba bangata. Kahoo, taba ea hore Bibele e re Jesu o ile a pateloa lebitleng ke ’nete ’me bopaki bo fumanoeng bo tiisa seo.

Ntho ea bohlokoa ke hore Jehova o ile a bua esale pele hore Jesu o ne a tla pateloa lebitleng la monna ea ruileng ’me ha ho na motho ea ka thibelang seo Molimo a se buileng hore se phethahale.​—Esa. 53:9; 55:11.