Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U ne U Tseba?

Na U ne U Tseba?

Litene tse fumanoeng moo Babilona ea boholo-holo e neng e le teng le mokhoa oo li neng li etsoa ka oona li paka joang hore Bibele e nepahetse?

BAEPOLLI ba lintho tsa khale ba ile ba fumana litene tse ngata tse ileng tsa sebelisoa ho haha motse oa Babilona ha ba ne ba cheka moo motse oo o neng o le hona teng. Moepolli e mong oa lintho tsa khale ea bitsoang Robert Koldewey o re litene tseo li ne li chesetsoa liboping “tse ka ntle ho motse moo letsopa le lintho tse neng li sebelisoa ho besa litene tseo . . . li neng li le ngata.”

Baepolli ba lintho tsa khale ba boetse ba na le bopaki ba hore ba boholong pusong Babilona ba ne ba boetse ba sebelisa libopi tsena ho etsa lintho tse ling tse sehloho. Setsebi sa histori le puo ea khale ea Asiria e leng moprofesa Paul-Alain Beaulieu oa Univesithi ea Toronto o re: “Libuka tse ngata tsa Bababilona . . . li bontša hore morena o ile a laela hore ba sa mo mameleng kapa ba sa hlompheng lintho tseo a neng a li nka li halalela ba akheloe ka seboping sa mollo.” Ka mohlala, buka e ’ngoe ea mehleng ea Morena Nebukadnezare e re: “Ba bolaeeng, ba cheseng, ba pheheng, . . . ba akheleng mollong . . . e le hore mosi oa bona o ka kubella.”

Taba ena e re hopotsa ketsahalo e hlahang ho Daniele khaolo ea boraro. Khaolo eo e re Morena Nebukadnezare o ile a beha setšoantšo se seholo sa khauta thoteng ea Dura ka ntle ho motse oa Babilona. Ha Shadrake, Meshake le Abednego ba hana ho khumamela setšoantšo seo, Nebukadnezare o ile a loloma ke bohale. O ile a “laela hore sebopi se beseletsoe ka makhetlo a supileng ho feta kamoo ba neng ba tloaetse ho se beseletsa kateng” ’me banna bao ba ile ‘ba lahleloa ka seboping se tukang sa mollo.’ Lengeloi le matla le ile la ba pholosa.​—Dan. 3:1-6, 19-28.

© The Trustees of the British Museum. Licensed under CC BY-NC-SA 4.0. Source

Setene se ngotsoeng lebitso la Nebukadnezare

Litene tse fumanoeng Babilona le tsona lia paka hore Bibele e nepahetse. Boholo ba litene tsena li ngotsoe mantsoe a rorisang morena. A mang a mantsoe a ngotsoeng moo a re: “Nebukadnezare, Morena oa Babilona . . . Phaleisi eo ’na Morena e Moholo ke e hahileng . . . E se eka meloko ea ka e ka busa Babilona ka ho sa feleng.” Mantsoe ana a tšoana haholo le a hlahang ho Daniele 4:30 moo Nebukadnezare ka boikhohomoso a ileng a re: “Na ee ha se Babilona e Moholo eo ’na ka bonna ke e hahetseng ntlo ea borena ka matla a ka hore ke tlotlisoe ke be ke hlomphuoe?”