Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na u ne u Tseba?

Na u ne u Tseba?

Letona la Ethiopia le ne le palame kariki ea mofuta ofe ha Filipi a ne a ea ho lona?

LENTSOE la Segerike le fetoletsoeng e le “kariki” le sebelisitsoeng ho Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha le ka bolela mefuta e fapaneng ea likariki. (Lik. 8:​28, 29, 38) Leha ho le joalo, ho bonahala letona la Ethiopia le ne le palame kariki e kholo ho feta kariki e sebelisoang ha ho uoa ntoeng kapa mejahong. A re bueng ka mabaka a entseng hore ho fihleloe qeto ena.

Monna oa Moethiopia e ne e le letona ’me o ne a tsamaile leeto le lelelele. “O ne a le pusong ea mofumahali oa Ethiopia, a hlokomela matlotlo ’ohle a mofumahali.” (Lik. 8:27) Naha ea khale ea Ethiopia e ne e akareletsa naha ea Sudan le karolo e ka boroa ea Egepeta ea mehleng ena. Le hoja ho ka etsahala hore monna eo ha aa palama kariki e le ’ngoe leeto leo kaofela, e ka ’na eaba o ne a nkile thoto e ngata. Tse ling tsa likariki tse neng li sebelisoa ho nka baeti mehleng ea baapostola e ne e le kariki e koahetsoeng e mabili a mane. Buka ea Acts—An Exegetical Commentary e re: “Mofuta o joalo oa likariki o ne o khona ho tšela lithoto tse ngata, kahoo o ne o etsa hore leeto e be le monate. Hape ho ka etsahala hore ebe o ne o ka lumella motho hore a tsamaee leeto le lelelele.”

Monna oa Moethiopia o ne a ntse a bala ha Filipi a fihla ho eena. Tlaleho e re “Filipi [o ile] a mathela kariking ’me a utloa letona le ntse le bala buka ea moprofeta Esaia ka lentsoe le phahameng.” (Lik. 8:30) Likariki tse nkang maeto li ne li sa etsetsoa hore li tsamaee kapele. Kaha kariki eo e ne e tsamaea butle, letona le ne le ka nolofalloa ho bala, le Filipi o ne a ka khona ho mathela ho eona ka maoto.

Monna oa Moethiopia o ile a “kopa Filipi hore a hloelle ’me a lule fatše le eena.” (Lik. 8:31) Batho ba palamang kariki ea mejaho ba ne ba ema ka maoto empa kariking e nkang leeto ho ne ho ka ba le setulo moo letona le Filipi ba neng ba ka lula teng.

Ka lebaka la se tlalehiloeng ho Liketso khaolo ea borobeli le bopaki ba histori, morao tjena lingoloa tsa rona li se li hlahisa setšoantšo sa letona la Ethiopia le palame kariki e kholo ho feta kariki ea ntoa kapa e eang mejahong.