Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lintja Tsa Ka li Fuoa Lintho Tse Monate

Lintja Tsa Ka li Fuoa Lintho Tse Monate

NICK ea lulang Oregon Amerika o re: “Mathoasong a selemo sa 2014 ke ile ka qala ho ea toropong e haufi le moo ke lulang ke tsamaea le lintja tsa ka. Kamehla toropong ho ne ho e-na le Lipaki tse emeng ka literoli. E ne e le batho ba apereng hantle ebile ba bososela le motho e mong le e mong ea fetang.

“Ba ne ba se mosa ho batho feela empa le ho lintja tsa ka. Ka letsatsi le leng, Elaine, ea neng a eme pel’a teroli o ile a fa lintja tsa ka tse peli lintho tse monate. Ka mor’a moo, nako ena kaofela ha re ne re atamela teroli, lintja tsa ka li ne li batla ho ea ho Lipaki tseo e le hore li il’o fumana lintho tse monate.

“Ho ile ha feta likhoeli tse ’maloa. Lintja tsa ka li ile tsa natefeloa ke lintho tse monate, le ’na ka tsoela pele ho thabela meqoqo e mekhutšoanyane le Lipaki. Empa ke ne ke sa batle ho tloaelana le Lipaki tsena haholo. Ke ne ke le ka holimo ho lilemo tse 70 ’me ke ne ke sa tsebe seo Lipaki Tsa Jehova li se lumelang. Ke ne ke ile ka etsa qeto ea ho ipalla Bibele ke le mong ka mor’a ho soetsoa ke likereke tse ngata.

“Ka nako eona eo, ka lehlakoreng le leng la toropo ke ile ka bona Lipaki li eme pel’a literoli. Le tsona li ne li le botsoalle. Li ne li lula li sebelisa Bibele ho arabela lipotso tsa ka ’me ke ile ka li tšepa.

“Ka letsatsi le leng, Elaine o ile a mpotsa a re: ‘Na u lumela hore liphoofolo ke mpho e tsoang ho Molimo?’ Ke ile ka araba ka re: ‘E, kea lumela!’ Ka mor’a moo Elaine o ile a bala lengolo la Esaia 11:​6-9. Ho tloha ka nako eo, ke ile ka batla ho ithuta Bibele empa ke ne ke ntse ke sa batle ho nka lingoloa tsa bona.

“Matsatsing a ileng a latela, ke ile ka thabela meqoqo e mekhutšoanyane empa e le e thahasellisang le Elaine le monna oa hae Brent. Ba ile ba nkhothaletsa ho bala Bibele ho tloha ho Matheu ho ea ho Liketso, ho ithuta hore na ho bolela’ng ho ba Mokreste oa ’nete. Ke ile ka etsa joalo. Nakoana ka mor’a moo ke ile ka lumela ho ithuta Bibele le bona. E ne e le bohareng ba selemo sa 2016.

“Ke ne ke tatela hore nako ea ho ithuta Bibele beke le beke le ho ea libokeng e fihle. Ke ile ka utloa ke hlohonolofetse ebile ke thabile haholo ho ithuta seo Bibele e se rutang. Ka mor’a selemo ke ile ka kolobetsoa hore ke be Paki ea Jehova. Hona joale ke se ke le lilemo li 79 ’me ke ananela haholo hore ebe ke fumane bolumeli ba ’nete. Jehova o ntlhohonolofalitse haholo ka ho nkhulela ka hare ho lelapa la hae le lefatšeng lohle.”