Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Ke hobane’ng ha Jesu a ile a nyatsa tloaelo ea Bajuda ea ho etsa kano?

HO LATELA Molao oa Moshe, ho etsa kano e ne e le ntho ea bohlokoa. Leha ho le joalo, likano li ile tsa sebelisoa hampe mehleng ea Jesu. Batho ba ne ba tloaetse ho hlapanya leha ho sa hlokahale. Ba ne ba etsa joalo e le hore batho ba ka tšepa hore ba bua ’nete kapa ho bonahale eka taba eo ba e buoang ke ’nete. Empa Jesu o ile a re: “Lentsoe la lōna E le mpe le bolele E, Che ea lōna, Che.”—Mat. 5:33-37; 23:16-22.

Buka e hlalosang mantsoe e re Bajuda ba ne ba e-na le boikutlo bo matla ba hore ha motho a bua taba o lokela ho hlapanya ho bontša hore ke ’nete. Empa ho latela Talmud e leng buka ea melao ea Baheberu, e hlalosa hore na batho ba lokela ho hlapanya maemong afe.

E ne e se Jesu feela ea nyatsang tšebeliso ena e mpe ea likano. Mohlala, rahistori oa Mojuda ea bitsoang Flavius Josephus o ile a re: “Ho ikana ho hobe ho feta ho bua leshano. Bajuda ba ne ba lumela hore haeba motho a etsa kano hobane feela a batla ba bang ba lumele litaba tseo a li buang, motho eo o leshano.” Apocryphal e leng buka e buang ka bolumeli ba Bajuda e tsejoang e le Wisdom of Sirach, kapa Ecclesiasticus, (23:11) e re: “Motho ea ratang ho ikana ke ea sa laoleheng.” Jesu o ne a nyatsa ha motho a etsa kano linthong tseo e seng tsa bohlokoa. Kamehla ha re bua ’nete ha ho hlokahale hore re hlapanye hobane feela re batla batho ba lumele seo re se buang.