Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA BOPHELO

Ke Khona ho Buisana le Batho ka Bibele le Hoja ke sa Utloe Litsebeng

Ke Khona ho Buisana le Batho ka Bibele le Hoja ke sa Utloe Litsebeng

Ke kolobelitsoe ka 1941 ke le lilemo li 12. Empa ka 1946 e ne e le hona ke utloisisang lithuto tsa Bibele hantle. Hobane’ng? E-re ke le phetele.

LILEMONG tsa bo-1910 batsoali ba ka ba ile ba falla Tbilisi e Georgia ba fallela Canada. Ba ile ba lula ntlong e nyenyane e mapolasing pel’a Pelly, Saskatchewan, e karolong e ka bophirimela ho Canada. Ke hlahile ka 1928. Lapeng re bana ba tšeletseng ’me ’na ke khorula. Ntate oa ka o ile a hlokahala likhoeli tse tšeletseng pele ke hlaha, athe ’mè oa ka eena o ile a hlokahala ke na le selemo. Ho e-s’o ee kae, ausi oa ka e moholo Lucy, o ile a hlokahala a le lilemo li 17. Ka mor’a moo, ’na le bana beso ba bane re ile ra holisoa ke malome oa rona, e leng Nick.

Ka letsatsi le leng ha ke le lilemo li peli, ke ile ka ema ka mor’a e ’ngoe ea lipere tsa mapolasing moo re lulang eaba ke hula mohatla oa eona. Malome oa ka le bana beso ba mpona. Kaha ba ne ba tseba hore pere eo e tla ’ntša kotsi, ba ile ba hoeletsa ba re ke e tlohele empa ha kea ka ba utloa. Ka lehlohonolo pere eo ha ea ka ea ’ntša kotsi. Letsatsing leo, malome oa ka le bana beso ba ile ba hlokomela hore ha ke utloe litsebeng.

Motsoalle e mong oa malome oa ka o ile a mo eletsa hore a nkise sekolong sa bana ba sa utloeng litsebeng se motseng oa Saskatoon. Kahoo ha ke le lilemo li hlano ke ile ka ea sekolong seo. Kaha ke ne ke le monyenyane, ke ne ke tšohile haholo hobane ke ne ke lula sebakeng se hole le hae. Ke ne chakela hae ka matsatsi a phomolo le ha likolo li koetsoe feela. Butle-butle ke ile ka ithuta puo ea matsoho ’me ka thabela ho bapala le bana ba bang.

KE ITHUTA BIBELE

Ka 1939, ausi oa ka, Marion, o ile a nyaloa ke Bill Danylchuck, eaba baa re holisa ’na le ausi oa ka e mong e leng Frances. Ke bona ba pele heso ba ileng ba kopana le Lipaki Tsa Jehova. Ha likolo li koetsoe, ausi oa ka le mohats’a hae ba ile ba mpolella lintho tse ngata tseo ba ithutileng tsona Bibeleng. Ho ne ho se bonolo ho buisana le bona hobane ba ne ba sa tsebe puo ea matsoho. Empa ba ile ba hlokomela hore ke rata litaba tsa Bibele haholo. Kaha ke ne ke hlokomela hore mosebetsi oa bona oa boboleli o tsoa ka Bibeleng, ke ile ka o etsa le bona. Ke kolobelitsoe ka la 5 September, 1941, ke kolobetsoa ke Bill ka har’a bate ea lesenke e tšetseng metsi a tsoang selibeng a batang po!

Ke na le batho ba buang puo ea matsoho kopanong e Cleveland, Ohio, ka 1946

Ka 1946 ha likolo li koetsoe ke ile ka ea hae eaba re ea kopanong ea setereke e Cleveland, Ohio, U.S.A. Letsatsing la pele, bo-ausi oa ka ba ile ba ’ngolla lintlha ho nthusa hore ke utloisise lipuo tse neng li fanoa. Leha ho le joalo, ka letsatsi la bobeli, ke ile ka thaba ha ke utloa hore batho ba puo ea matsoho ba teng ’me ho na le morali’abo rona ea ba fetolellang. Ke ile ka natefeloa ke lipuo tse fanoeng kopanong eo ’me ka thaba haholo ha ke hlakeloa ke litaba tsa Bibele hantle hakaalo.

KE BUISANA LE BATHO KA BIBELE

Ka mor’a hore Ntoa ea Bobeli ea lefatše e fele, naha e ne e se e ipusa. Ha ke tsoa kopanong, ke ile ka itjoetsa hore ke tla emela tumelo ea ka ha ke fihla sekolong. Kahoo ka khaotsa ho lumelisa folakha le ho bina pina ea sechaba. Ke ile ka boela ka khaotsa ho keteka matsatsi a phomolo le ho ea litšebeletsong tsa sekolo tsa kereke. Matichere ha aa ka a thaba. A ile a ba a leka ho ntšusumelletsa ho fetola maoa ka hore a ntšose ’me a mpolelle mashano. Ka lebaka leo, bana bao ke kenang sekolo le bona ba ile ba qala ho belaela empa ke ile ka khona ho buisana le bona ka Bibele. Ba bang bao ke neng ke kena sekolo le bona, ba akhang Larry Androsoff, Norman Dittrick le Emil Schneider ba ile ba qetella ba kolobelitsoe ’me ba ntse ba tsoela pele ho sebeletsa Jehova.

Ha ke ile metseng e meng, hangata ke bolella batho ba sa utloeng litsebeng litaba tse tsoang ka Bibeleng. Ka mohlala, ha ke le Montreal ke ile ka buisana le Eddie Taeger eo e neng e le karolo ea batho ba sa utloeng litsebeng ba neng ba khesoa ke sechaba. Hona joale o kopanela phuthehong ea puo ea matsoho e Laval, Quebec. Ke ile ka boela ka buisana le Juan Ardanez ea neng a tšoana le Baberea ka ho bala Bibele letsatsi le letsatsi e le hore a bone hore na litaba tsa eona ke ’nete kapa che. (Lik 17:10, 11) Le eena o ile a kolobetsoa a ba a sebeletsa e le moholo phuthehong e Ottawa, seterekeng sa Ontario, ho fihlela a hlokahala.

Ke etsa bopaki ba phatlalatsa lilemong tsa bo-1950

Ka 1950, ke ile ka fallela Vancouver. Le hoja hangata ke ne ke bua le batho ba sa utloeng litsebeng, nke ke ka lebala se ileng sa etsahala ka mor’a hore ke bue le ’mè Chris Spicer ka Bibele ha ke le toropong. O ile a nka sengoliloeng a ba a re o batla hore ke kopane le Gary, e leng mohats’a hae. Kahoo, ke ile ka ea ha bona. Re ile ra qeta nako e telele re ntse re buisana ka Bibele re ngollana melaetsa liphephechaneng. E ne e le lekhetlo la ho qetela re kopana. Leha ho le joalo, lilemo tse seng kae hamorao ke ile ka makala ha ke kopana le bona kopanong e Toronto, Ontario. Athe letsatsing lona leo, Gary o ne a tl’o kolobetsoa. Ketsahalo eo e ile ea mpontša bohlokoa ba ho lula re bua le batho ka Bibele hobane ha re tsebe hore na peo e ka oela hokae.

Hamorao ke ile ka khutlela Saskatoon. Ha ke fihla, ka kopana le ’mè e mong ea ileng a nkopanya le barali ba hae ba mafahla, e leng Jean le Joan Rothenberger, ba neng ba kena sekolo sa batho ba sa utloeng litsebeng seo ke neng ke se kena. O ile a nkopa hore ke buisane le bona ka Bibele. Ho e-s’o ee kae, Jean le Joan ba ile ba qoqela bana bao ba kenang sekolo le bona lintho tseo ba ithutileng tsona Bibeleng. Qetellong, ba bahlano ba bona ba ile ba kolobetsoa. E mong oa bona e ne e le Eunice Colin.

’Na le Eunice ka 1960 le ka 1989

Ha ’mè oa Eunice a tseba hore morali oa hae o ithuta Bibele, o ile a bua le mosuoe-hlooho oa sekolo sa hae hore a leke ho mo nyahamisa e le hore a khaotse ho ithuta. Mosuoe-hlooho o ile a ba a nka lingoliloeng tseo Eunice a neng a ithuta Bibele ka tsona. Leha ho le joalo, Eunice o ile a ’na a ithuta Bibele hobane o ne a rata Jehova. Ha a bolella batsoali ba hae hore o batla ho kolobetsoa, ba ile ba re: “Ha u ka ba Paki feela, u tla lokela ho re tsoela ka ntlo.” Ha Eunice a le lilemo li 17 o ile a tebeloa habo. Empa ba lelapa le leng la Lipaki ba ile ba mo nka ’me a lula ha bona. O ile a tsoela pele ho ithuta Bibele eaba oa kolobetsoa. Ke tsebile Eunice ha ke etsa selemo sa ho qetela sekolong. O ile a mpha pompong eaba o kopa hore re be metsoalle. Ha re nyalana ka 1960, batsoali ba hae ha baa ka ba tla lechatong la rona. Empa ha lilemo li ntse li e-ea, ba ile ba qala ho re hlompha ka lebaka la tumelo ea rona le tsela eo re holisitseng bana ba rona ka eona.

JEHOVA O ILE A NTLHOKOMELA

Mora oa ka Nicholas le mosali oa hae Deborah, ba sebetsa Bethele e London

Re na le bara ba supileng ba se nang bothata ba kutlo. Ho ne ho se bonolo ho ba holisa kaha ba ne ba sa tsebe puo ea matsoho. Empa re ile ra ba ruta eona e le hore re khone ho buisana le bona re be re ba rute Bibele. Bara le barali babo rona ba ile ba re thusa haholo. Ka mohlala, motsoali e mong o ile a re ngolla sephephechana a re bolella hore e mong oa bara ba rona o ntse a rohakana ka Holong ea ’Muso. Re ile ra mo khalemella hona moo Holong ea ’Muso. Bara ba rona ba bane e leng James, Jerry, Nicholas le Steven ba ntse ba tsoela pele ho sebeletsa Jehova ka botšepehi hammoho le ba malapa a bona. Ke baholo ba le bane joalo. Ho feta moo, Nicholas le mohats’a hae Deborah, ba kenya letsoho phetolelong ea puo ea matsoho lekaleng la Brithani, athe Steven le mohats’a hae Shannan, ke karolo ea sehlopha sa bafetoleli ba puo ea matsoho lekaleng la United States.

Bara ba ka e leng James, Jerry le Steven hammoho le basali ba bona, ba bolela litaba tse molemo ka puo ea matsoho ka litsela tse sa tšoaneng

Khoeli pele re etsa selemo sa bo40 re nyalane, mohats’a ka o ile a hlokahala ka mor’a ho tšoaroa ke kankere ka nako e telele. Le hoja ho ne ho nyolosetsa nakong eo a neng a kula, o ne a e-na le tumelo e matla ea hore o tla tsoha bafung. Ke labalabela ho mo bona hape.

Faye le James, Jerry le Evelyn, Shannan le Steven

Ka February 2012, ke ile ka oa eaba kea robeha. Kaha ke ne ke hloka motho ea ka ntlhokomelang, ke ile ka e’o lula lapeng la e mong oa bara ba ka. Hona joale re Phuthehong ea Calgary ea Puo ea Matsoho ’me ke moholo phuthehong eona eo. Ha e le hantle, lena ke lekhetlo la pele ke kopanela phuthehong ea puo ea matsoho. Joale ke bile le kamano e ntle le Jehova joang ke ntse ke kopanela phuthehong ea Senyesemane ho tloha ka 1946? Jehova o ile a fela a phethahatsa tšepiso ea hae ea hore o tla hlokomela moshanyana ea se nang ntate. (Pes. 10:14) Ke leboha bohle ba ileng ba itella ho nthusa ka ho ’ngolla lintlha, ho ithuta puo ea matsoho le ho ntolokela lipuo tse fapaneng.

Ha ke le sekolong sa bo-pula-maliboho sa Puo ea Matsoho ea Amerika ke le lilemo li 79

Ho bua ’nete, ho na le linako tseo ke ileng ka ikutloa ke nyahame hoo ke neng ke batla ho tela hobane ke sa utloisise hore na ho ntse ho thoe’ng kapa hobane ke bona eka batho ba sa utloeng litsebeng ha ba tsotelloe. Empa linakong tseo, ke ile ka nahanisisa ka mantsoe ao Petrose a ileng a a bua ho Jesu ha a re: “Morena, re tla tloha re ee ho mang? Ke uena ea nang le lipolelo tsa bophelo bo sa feleng.” (Joh. 6:66-68) Ke ithutile ho ba le mamello joaloka bara le barali babo rona ba bangata ba buang puo ea matsoho. Ke fumane molemo o moholo ka hore ebe ke ile ka letela Jehova hore a lokise lintho a sebelisa mokhatlo oa hae. Hona joale ke khona ho ithuta lingoliloeng tse ngata ka puo eo ke e buang, ’me ke thabela ho ea libokeng le likopanong tsa Puo ea Matsoho ea Amerika. Kannete ke phetse bophelo bo monate ba ho sebeletsa Jehova, Molimo oa rona e moholo.