Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Leka ho Bona Seo Motho a Hlileng a Leng Sona

Leka ho Bona Seo Motho a Hlileng a Leng Sona

HO NA LE Paki ea Jehova e lulang Canada eo lebitso la hae e leng DON. O leka ka matla ho pakela batho ba phelang seterateng. Ha a pheta pale ea ntate e mong eo a neng a tloaetse ho bua le eena, o re: “Peter ke motho ea lulang seterateng ea litšila ho feta batho bohle bao nkileng ka ba bona. Ho ne ho se motho ea thabelang ho mo atamela. Batho ba ne ba lekile ka makhetlo ho mo thusa empa o ne a sa batle ho thusoa.” Don o ile a mamella ntate enoa ka lilemo tse 14 a ntse a leka ho bua le eena.

Ka letsatsi le leng Peter o ile a re ho Don: “Molato oa hao ke ofe ha u lula u nkhathatsa tjee? Ke uena feela ea lulang a nkhathatsa. U ntšetse morao ka life?” Eaba Don o mo arabela ka bohlale a sebelisa Bibele e le hore a ka khona ho mo pakela. A qala ka ho mo botsa hore na o tseba lebitso la Molimo eaba o re ba bale Pesaleme ea 83:18. Ka mor’a moo a mo bontša hore na ke hobane’ng ha a mo tsotella eaba o re ba bale Baroma 10:13, 14 e reng “e mong le e mong ea ipiletsang lebitsong la Jehova o tla pholoha.” Eaba o qetella ka ho kopa Peter hore a bale Matheu 9:36. Temana ena e re: “Ha a bona bongata a bo hauhela, hobane bo ne bo sohlokehile ’me bo qhalakane joaloka linku tse se nang molisa.” Ha a qeta ho e bala o ile a botsa Don a ntse a lla a re: “Am E le hore ke e mong oa linku tsee?”

Ho tloha letsatsing leo, Peter o ile a hlapa, a kuta litelu a ba a apara liaparo tseo a neng a li filoe ke Don.

Peter o ne a e-na le buka eo a ngolang liketsahalo tsa letsatsi le letsatsi ho eona. Liketsahalo tsa pele a qoqa le Don ka Bibele li ne li bontša hore ke motho ea hlonameng empa tsa ka mor’a hore a bue le eena li ne li fapane. Ho na le moo a neng a itse: “Ke ithutile lebitso la Molimo letsatsing lena. Ke thabile haholo hobane hona joale ha ke rapela ke se ke mo bitsa ka lebitso. Don o mpolelletse hore nka ba motsoalle oa Jehova le hore nka bua le eena ho bata kapa ho chesa.”

Mantsoe a ho qetela ao a a ngotseng o ne a a ngolletse bana babo, a ne a re:

“Letsatsing lena ke tsoha ke kula. Mohlomong ke botsofali feela. Le haeba lena ke letsatsi la ho qetela ke phela, kea tseba hore ke tla bona motsoalle oa ka Don hape ha re se re le Paradeiseng. Haeba le ntse le bala buka ena letsatsing lena, ke hobane ha ke sa phela. Haeba le ka bona monna eo le sa mo tsebeng lefung la ka, ke kopa le bue le eena. Hape ke kopa le bale buka ena e putsoa. * E re ke tla boela ke bona motsoalle oa ka Paradeiseng. Ke lumela hore e bua ’nete. Kea le rata, Peter.”

Ka mor’a lepato, khaitseli ea Peter e bitsoang Ummi o ile a re ho Don: “Peter o ile a bua le ’na lilemo tse peli tse fetileng. Ke ne ke qetetse khale ho mo bona a thabile joalo a bile a bososela. Lebaka le tla etsa hore ke bale buka ena ke hobane feela e thusitse khaitseli ea ka. Seo se entse hore ke bone hore ke ea bohlokoa.” Ummi o ile a ba a lumela ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova a sebelisa buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?

Le rona re ka leka ho mamella le ho rata batho bohle ho sa tsotellehe hore na ba shebahala joang. (1 Tim. 2:3, 4) Haeba re etsa joalo re ka khona ho thusa batho ba tšoanang le Peter empa ba rata Molimo. Re ka kholiseha hore Molimo “o bona seo pelo e leng sona,” ’me o tla thusa batho ba joalo hore ba mo tsebe.—1 Sam. 16:7; Joh. 6:44.

^ ser. 7 [O ne a bua ka buka eo a neng a e fumane lilemong tse fetileng e bitsoang ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng eo batho ba neng ba e sebelisa ha ba ithuta Bibele] E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova empa ha e sa hatisoa.