Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Moqolo oa Khale Haholo o Ileng oa “Phutholloa”

Moqolo oa Khale Haholo o Ileng oa “Phutholloa”

Sekhechana se cheleng sa Ein Gedi se ileng sa fumanoa ka 1970, se ne se sa balehe. Mochine oa 3-D o ile oa sibolla hore sekhechana seo se na le litemana tsa Bibele tsa buka ea Levitike tse nang le lebitso la Molimo

KA 1970, baepolli ba lintho tsa khale ba ile ba fumana moqolo o cheleng sebakeng sa Ein Gedi e Iseraele haufi le lebopo le ka bophirimela la Leoatle le Shoeleng. Ba ile ba fumana moqolo oo nakong eo ba ntseng ba cheka moo synagoge e neng e le hona teng pele ho chesoa motse lipakeng tsa selemo sa 500 le sa 550. Kaha o ne o se o chele, ho ne ho se bonolo ho o bala kapa ho o phutholla ntle le hore o tabohe. Leha ho le joalo, ba ile ba sebelisa mochine oa 3-D o skenang eaba o ba thusa ho “phutholla” moqolo oo. Ba ile ba sebelisa lenaneo le leng la k’homphieutha ho ba thusa ho bona hore na ho ngotsoe’ng.

Ba ile ba fumana ho ngotsoe’ng? Ho ne ho ngotsoe litemana tsa Bibele. Likarolo tse neng li ntse li khoneha ho baleha li ne li e-na le litemana tse qalang buka ea Levitike. Har’a litemana tsena ho ne ho e-na le lebitso la Molimo ka litlhaku tsa Seheberu. Ho bonahala eka moqolo ona o ngotsoe lipakeng tsa selemo sa 50 le sa 400, e leng se bolela’ng hore ke oa khale ka ho fetisisa oa mangolo a ngotsoeng ka Seheberu o kileng oa fumanoa ntle ho libuka tse ngotsoeng ka letsoho tsa Qumran. Gil Zohar oa makasine ea The Jerusalem Post, o re: “Pele ho fumanoa moqolo ona oa Ein Gedi oa likaroloana tsa buka ea Levitike e ngotsoeng ka Seheberu, ho bile le lekhalo la lilemo tse sekete lipakeng tsa meqolo e fumanoeng Leoatleng le Shoeleng selemong sa 100 pele ho mehla ea Jesu le libuka tse ngotsoeng ka letsoho tsa Aleppo Codex tsa selemo sa 930 mehleng ena ea rona.” Litsebi tse ling li bontša hore ho fumanoa ha moqolo ona ho entse hore ho bonahale hore buka e ngotsoeng ka letsoho ea Masoretic “haesale e tšepahalloa ka lilemo-lemo ’me le bakopitsi ha baa ka ba e fetola.”