Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA BOPHELO

O ne a Ikemiselitse ho ba Lesole la Kreste

O ne a Ikemiselitse ho ba Lesole la Kreste

Ke ile ka ntša letsoho butle ’me ka phahamisa sakatuku se sesoeu ha likulo li ntse li feta pel’a ka. Masole a neng a ntse a thunya, a ile a re ke tsoe sebakeng seo ke neng ke ipatile ho sona. Ke ile ka tsoa butle, ka ba atamela, ke sa tsebe hore na ke tla phela kapa che. E re nke ke le qoqele pale ea bophelo ba ka le hore na ho tlile joang hore ke be boemong bona bo sa jeseng litheohelang.

KE HLAHILE ka 1926, motseng o monyenyane oa Greece o bitsoang Karítsa. Batsoali ba ka e ne e le batho ba sebetsang ka thata. Ke ngoana oa bosupa lapeng la bana ba robeli.

Selemo pele ke hlaha, batsoali ba ka ba ile ba kopana le monna e mong ea chesehang le ea ratang ho bua ho bua ka Molimo eo lebitso e leng John Papparizos. E ne e le e mong oa Liithuti Tsa Bibele, e leng kamoo Lipaki Tsa Jehova li neng li bitsoa kateng ka nako eo. Ka mor’a hore John a ba hlalosetse Mangolo ka tsela e utloahalang, ba ile ba qala ho ea libokeng. ’Mè o ne a rata Jehova Molimo haholo. Kahoo, le hoja a ne a sa ruteha, o ne a sebelisa monyetla o mong le o mong ho bolella ba bang ka seo a ithutang sona. Ka masoabi, Ntate eena o ne a shebane le mefokolo ea batho ba bang ’me a qetella a se a sa ee libokeng.

’Na le bana beso re ne re hlompha Bibele, empa re sitisoa ke menate ea lefatše ho hatela pele. Re ile ra tšoha haholo ha Ntoa ea Bobeli ea Lefatše e qhoma Europe ka 1939. Motsoala oa ka Nicolas Psarras, ea neng a lula pel’a heso, o ne a sa tsoa kolobetsoa. Ha a le lilemo li 20 o ile a kenngoa lenaneng la ba tla kena sesoleng sa Greece. Ka sebete Nicolas o ile a re ho balaoli ba sesole: “Nke ke ka loana hobane ke lesole la Kreste.” O ile a isoa lekhotleng la masole ’me a ahloleloa lilemo tse leshome teronkong. Re ile ra sala re maketse!

Leha ho le joalo, ka 1941 lebotho la linaha tse ikopantseng le ile la kena Greece ’me Nicolas a lokolloa. O ile a khutlela Karítsa, eaba abuti oa ka, Ilias, o mo botsa lipotso tse mabapi le Bibele. Le ’na ke ile ka mamela. Ka mor’a moo, ’na, Ilias le khaitseli ea rona Efmorfia, re ile ra qala ho ithuta Bibele ’me ra ea libokeng kamehla. Selemong se latelang, ka boraro ba rona re ile ra inehela ho Jehova ’me ra kolobetsoa. Hamorao, bana beso ba bane le bona e ile ea e-ba Lipaki Tsa Jehova.

Ka 1942, Phutheho ea Karítsa e ne e se e e-na le bahoeletsi ba robong ba neng ba ka ba pakeng tsa lilemo tse 15 le tse 25. Re ne re se re hlokometse hore liteko tse matla li ne li le tseleng. Kahoo, re ile ra matlafatsa tumelo ea rona ka ho etsa sohle seo re ka se khonang ho bokana hammoho e le hore re bale Bibele, ho bina lipina tsa ’Muso le ho rapela. Seo se ile sa tiisa tumelo ea rona.

Demetrius le metsoalle ea hae ba Karítsa

NTOA EA LEHAE

Ha Ntoa ea Bobeli ea Lefatše e lala, makomonisi a Bagerike a ile a tsohela ’muso oa Greece matla, e leng se ileng sa baka ntoa e mahlo-mafubelu ea bana ba thari. Makomonisi ao a ile a likaliketsa mapatlelo a motse ’me a qobella baahi hore ba a tšehetse. Ha a ntse a hlasela motse joalo, a ile a koetela ’na, abuti oa ka, Ilias, hammoho le mocha e mong oa Paki e leng Antonio Tsoukaris. Re ile ra leka ho ipuella ka hore re Bakreste, empa a ile a re qobella hore re tsamaee ka maoto ho ea thabeng ea Olympus. Re ile ra nka lihora tse 12 ho tloha motseng oa habo rona ho ea moo.

Nakoana ka mor’a moo, moeta-pele oa mokhatlo oo oa bohanyetsi o ile a re re kene mokhatlo oa bona. Ha re mo hlalosetsa hore Bakreste ba ’nete ha baa lokela ho loana, o ile a halefa eaba o re isa ho mookameli oa hae. Re ile ra hlalosetsa mookameli eo se tšoanang, eaba o re: “Nkang ’moulo le palamise masole a lemetseng ntoeng le a ise sepetlele.”

Re ile ra re: “Empa haeba masole a ’muso a ka re tšoara, na a ke ke a nahana hore le rona re ntoeng?” Eaba o re: “Isetsang masole lijo.” Ra re: “Joale re tla etsa’ng haeba molaoli oa sesole a re bona re tla ka ’moulo ebe o re re nke libetsa ’me re li isetse masole?” Mookameli o ile a thola a inahana. Qetellong a re: “Ho lokile, le ka lisa linku. Lulang thabeng moo le hlokomele mohlape.”

Kahoo, letsoalo la rona le ile la re lumella ho lisa linku ho e-na le ho kenella ntoeng. Kaha Ilias e ne le eena e moholo, o ile a lokolloa hore a il’o hlokomela ’Mè kaha Ntate o ne a se a hlokahetse. Antonio eena o ile a lokolloa ka lebaka la ho kula. Empa ha e le ’na ke ile ka sala.

Ka nako eo, masole a Greece a ne a se a le haufi le ho hlasela makomonisi. Sehlopha se neng se ntšoere se ile sa balehela lithabeng tse haufi le Albania. Ha re se re le haufi le leliboho, re ile ra iphumana re se re likalikelitsoe ke masole a Bagerike. Makomonisi a ile a tšoha eaba aa baleha. Ke ile ka ipata ka mor’a sefate se oeleng, e leng moo ke ileng ka fosoa ke likulo joalokaha ke boletse qalong.

Eitse ha ke bolella masole a ’muso hore ke ne ke tšoeroe ke makomonisi, masole ao a ile a nkisa kampong ea masole e haufi le Véroia, e leng motse o neng o bitsoa Berea mehleng ea Bibele. Ha ke le moo, ke ile ka laeloa hore ke cheke liforo tseo masole a neng a tla ipatela ba lireng ho tsona. Ha ke hana, molaoli oa sesole o ile a nkisa sehlekehlekeng se kotsi sa Makrónisos (Makronisi).

SEHLEKEHLEKE SE TŠOSANG

Makrónisos ke sehlekehleke se se nang metsi, seo letsatsi la sona le bataolang habohloko ’me se lebopong la Attica le ka bang bohole ba lik’hilomithara tse 50 ho tloha Athene. Sehlekehleke sena se bolelele ba lik’hilomithara tse 13 feela le bophara ba limithara tse 500. Ho ntse ho le joalo, ho tloha ka 1947 ho ea ho 1958, ho ile ha e-ba le batšoaruoa ba fetang 100 000 sehlekehlekeng sena, ba neng ba akarelletsa makomonisi le bao ba neng ba belaelloa hore ke ’ona, ba hanyetsang ’muso esita le sehlopha se seholo sa Lipaki Tsa Jehova.

Ha ke fihla maqalong a selemo sa 1949, batšoaruoa ba ne ba arotsoe ka likampo tse ’maloa. Ke ile ka behoa kampong ea batšoaruoa ba seng kotsi e neng e e-na le banna ba makholo a seng makae. Re ne re robala fatše re le 40 ka har’a tente e etselitsoeng batho ba 10. Re ne re noa metsi a nkhang hampe ’me boholo ba nako re ja eggplant le lensisi. Ho ne ho lula ho le lerole ebile ho le moea, e leng se neng se etsa hore re lule re sulafaletsoe. Empa bonyane re ne re sa thote majoe joaloka batšoaruoa ba bang ’me seo se ba thefula ’meleng le maikutlong.

’Na le Lipaki tse ling tse tšoeroeng sehlekehlekeng sa Makrónisos

Ka letsatsi le leng ha ke ntse ke itsamaela lebopong la leoatle, ke ile ka kopana le Lipaki tse tsoang likampong tse ling. Re ile ra thaba haholo ha re kopana! Re ne re kopana ha ho khoneha empa re sa etse hore re bonoe. Re ne re bile re pakela batšoaruoa ba bang ka lenyele ’me ba bang e ile ea e-ba Lipaki Tsa Jehova. Ho kopana ha rona, ho pakela ba bang le ho rapela ho tloha botebong ba pelo ho ile ha re thusa hore re lule re tsitsitse tumelong.

BOHLOKO BO OTLANG PELO

Ka mor’a likhoeli tse leshome ke le sehlekehlekeng seo, masole a ile a re ke apare junifomo ea sesole. Ha ke hana, ba nkisa ho molaoli oa kampo. Ke ile ka mo fa pampiri eo ke e ngotseng mantsoe ana: “Ke batla ho ba lesole la Kreste feela.” Ka mor’a ho leka ho ntšosa, molaoli eo o ile a nkisa ho motlatsi oa hae. E ne e le mobishopo ea ka sehloohong oa Mogerike oa kereke ea Orthodox ’me o ne a apere seaparo sa bolumeli ba hae. Ke ile ka mo araba ka sebete ke sebelisa Mangolo ’me sena se ile sa mo halefisa haholo, eaba o re: “Tlosang nthoena mona. E manganga!”

Hoseng ha letsatsi le latelang, masole a ile a leka ho nqobella hore ke apare junifomo ea sesole hape. Ha ke hana, a ile a nkotla ka lifeisi le ka molamu. A ile a nkisa ngakeng e kampong e le hore a bone hore na ha kea robeha masapo, eaba a nkhutlisetsa tenteng hape. A ile a nketsa joalo ka likhoeli tse peli.

Kaha ke ne ke ikemiselitse ho ema ke tiile tumelong ea ka, masole ana a neng a khathetse matla, a ile a leka mokhoa o mong. A ile a ntlamella matsoho ka morao, eaba a nkotla tlas’a maoto habohloko ka liropo. Ha ke ntse ke opeloa joalo, ke ile ka hopola mantsoe a Jesu ha a re: “Ho thaba lōna ha batho ba le nyelisa ’me ba le hlorisa . . . Thabang ’me le tlōle ke thabo, kaha moputso oa lōna o moholo maholimong; etsoe ba ile ba hlorisa baprofeta ka tsela eo pele ho lōna.” (Mat. 5:11, 12) Ka mor’a nako e telele ke mamelletse bohloko, ke ile ka akheha.

Ha ke re phapha! ka iphumana ke se ke le ka seleng e batang po! Ho ne ho se na lijo, metsi esita le kobo feela. Ho ntse ho le joalo, ke ne ke ntse ke khobile matšoafo. Joalokaha Bibele e bolela, “khotso ea Molimo” e ile ea lebela ‘pelo ea ka’ le monahano oa ka. (Bafil. 4:7.) Ka le hlahlamang, lesole le leng le mosa le ile la mpha bohobe, metsi le jase. Lesole le leng lona le ile la mpha lijo tsa lona. Kahoo, ke ile ka bona hore Jehova o mohau ka tsela eo a nthusang ka eona.

Ba boholong pusong ba ne ba bona ke le lerabele le ke keng la fetoha eaba ba nkisa Athene lekhotleng la sesole. Ke moo ke ileng ka ahloleloa lilemo tse tharo teronkong e sehlekehlekeng sa Yíaros (Gyaros), se bohole ba lik’hilomithara tse ka bang 50 ka bochabela ho Makrónisos.

“REA TSEBA HORE LEA TŠEPAHALA”

Teronko ea Yíaros e ne e ahuoe ka setene se thata se sefubelu ’me e e-na le batšoaruoa ba lipolotiki ba fetang 5 000. Re ne re le Lipaki Tsa Jehova tse supileng, re tšoaretsoe ho hana ho kena sesoleng. Re ne re kopana ka lekunutu e le hore re ithute Bibele. Re ne re bile re fumana limakasine tsa Molula-Qhooa ka lenyele, ebe re li kopitsa ka letsoho e le hore re ithute tsona libokeng tsa rona.

Ka le leng ha re ntse re ithuta, molebeli oa teronko o ile a re thoso! eaba o re amoha libuka tsa rona. Re ile ra isoa ofising ea motlatsi oa mohlokomeli oa teronko, re lebeletse hore re tl’o ekeletsoa lilemo. Ho fapana le hoo, monna eo o ile a re: “Rea le tseba ’me re hlompha tumelo ea lona. Rea tseba hore lea tšepahala. Khutlelang mosebetsing.” O ile a fa ba bang ba rona mesebetsi e bobebe. Re ne re thabile haholo. Esita le ha re ne re le teronkong, re ile ra tlotlisa Jehova ka ho lula re tšepahala.

Jehova o ile a re hlohonolofatsa haholo ka hore ebe re ile ra lula re tsitsitse tumelong. Ka mor’a ho elelloa hore re itšoere hantle, motšoaruoa e mong eo e neng e bile e le moprofesa oa thuto ea lipalo, o ile a re botsa lipotso ka seo re se lumelang. O ile a lokolloa hong le rona ka 1951. Ka mor’a moo, o ile a kolobetsoa eaba e-ba pula-maliboho oa kamehla.

KE NTSE KE LE LESOLE

’Na le mosali oa ka, Janette

Ke ile ka khutlela heso Karítsa. Hamorao ka fallela motseng oa Melbourne, Australia. Ha ke le moo ke ile ka kopana le morali’abo rona Janette. Hamorao re ile ra nyalana ’me ra ba le mora le barali ba bararo, bao re ileng ra ba holisa hantle hore ba rate Molimo.

Hona joale, ke se ke le lilemo li ka holimo ho 90. Ke ntse ke cheseha ’me ke moholo ka phuthehong. Kaha ke ile ka otloa ’meleng le maotong, ka linako tse ling kea opeloa, haholo-holo ha ke tsoa tšimong. Leha ho le joalo, ke ntse ke ikemiselitse ho ba “lesole . . . la Kreste.”—2 Tim. 2:3.