Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SE KA THUSANG LELAPA | LENYALO

Litsela Tsa ho Sebelisa Chelete ka Bohlale

Litsela Tsa ho Sebelisa Chelete ka Bohlale

BOTHATA

Seteitemente sa banka le likoloto li bontša hore chelete ea hao e ntse e tsoa lipakeng tsa menoana joaloka lehlabathe. Le na le nako e khutšoanyane le nyalane empa le sebelisa chelete ho feta tekano. Na ke phoso ea molekane oa hao? Se ke ua potlakela ho mo beha molato! Etsang liqeto le le ’moho ’me le nahane ka lintho tse ling tse ka ’nang eaba li le kentse maqakabetsing le le babeli. *

KE HOBANE’NG HA SEE SE ETSAHALA?

Phetoho. Haeba u ne u lula lapeng pele le nyalana, e ka ’na eaba ha u e-s’o tloaele ho patala likoloto le ho li arolelana. Hape e ka ’na eaba uena le molekane oa hao ha le isane ’moho tabeng ea ho sebelisa chelete. Ka mohlala, e ka ’na eaba e mong o tloaetse ho sebelisa chelete, ha e mong eena a tloaetse ho e boloka. Ho nka nako hore banyalani ba lumellane ’me ba be ntsoe leng tseleng eo ba sebelisang chelete ka eona.

Likoloto tse sa lefelloeng li ka hōla habonolo feela joaloka lehola le serapeng

Ho tsilatsila. Jim, eo hona joale e leng rakhoebo ea atlehileng, oa lumela hore ha a sa tsoa nyala, o ile a ba le mathata a mangata ka lebaka la ho se tsebe ho laola tsela eo a sebelisang chelete ka eona. O re “kaha ke ne ke lieha ho patala likoloto, ’na le mosali oa ka re ile ra qetella re sebelisitse liranta tse likete re lefella mekitlane e saletseng morao. Re ile ra felloa ke chelete!”

Leraba “le sa bonahaleng la chelete.” Ho bonolo haholo ho reka ho feta tekano ha u sa bone ha chelete e ntse e tsoa ka sepacheng sa hao. Ho ka ’na ha e-ba joalo haeba hangata u reka ka likarete tsa mokitlane kapa tsa banka le ha u reka ka Inthanete. Kaha ho boetse ho bonolo ho alima chelete, sena se ka etsa hore ho be bonolo hore banyalani ba bacha ba e sebelise hampe.

Ho sa tsotellehe hore na ho bakoa ke’ng, maemo a lichelete a ka baka mathata lenyalong la hao. Buka ea Fighting for Your Marriage e re, “banyalani ba bangata ba bolela hore bothata bo ka sehloohong boo ba nang le bona ke ba lichelete, ho sa tsotellehe hore na ba na le e kae. Hangata chelete ke sesosa sa liqabang.”

 SEO U LOKELANG HO SE ETSA

E bang le tšebelisano-’moho. Ho e-na le ho supana ka menoana, sebetsang hammoho ho laola tsela eo le sebelisang chelete ka eona. Etsang qeto qalong ea puisano ea lōna hore le ke ke la lumella taba ena hore e bake lekhalo pakeng tsa lōna.—Molao-motheo oa Bibele: Baefese 4:32.

Iketsetseng moralo oa seo le se hlokang. Ngolang lintho tsohle tseo le li hlokang ka khoeli, ho sa tsotellehe hore na li nyenyane hakae. Seo se tla le thusa hore le hlokomele hore na chelete ea lōna e fella linthong life le hore le qobe lintho tse sa hlokahaleng tse le jellang chelete. Jim, ea qotsitsoeng pejana o re, “u lokela ho khaotsa ho sebelisa chelete hampe. Ho joalo litabeng tsa meriana le tsa khoebo.”

Etsa lethathamo la lintho tsohle tse hlokang ho lefelloa, ho akarelletsa lijo, liaparo, rente kapa mokitlane oa ntlo, oa koloi le e meng. Ngola hore na ntho e ’ngoe le e ’ngoe ke bokae ’me u bontše hore na u tl’o e lefella bokae e le hore u e qete kapa u tla lefa bokae khoeli le khoeli.—Molao-motheo oa Bibele: Luka 14:28.

“Ea alingoang ke mohlanka oa motho ea mo alimang.”—Liproverbia 22:7

Behellang chelete ka thōko khoeli le khoeli bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e hlokahalang (lijo, rente, mafura le tse ling). Ba bang ba etsa sena ka hore ba tšele chelete ka lienfelopong, tlhoko ka ’ngoe e be ka enfelopong ea eona. * Ha enfelopo e ’ngoe e haella, ba ka ’na ba khaotsa ho kenya chelete kamoo kapa ba ntše chelete ho tse ling ebe ba e kenya ka ho eona.

Nahana bocha tsela eo u talimang maruo ka eona. Ha ho hlokahale hore u be le lintho tsa morao-rao e le hore u thabe. Etsoe Jesu o ile a re: “Esita le ha motho a e-na le ho hongata haholo bophelo ba hae ha bo hlahe linthong tseo a nang le tsona.” (Luka 12:15) Hangata tsela eo u sebelisang chelete ka eona e paka hore na u lumela mantsoe ao kapa che.—Molao-motheo oa Bibele: 1 Timothea 6:8.

Etsa liphetoho. Aaron, ea seng a e-na le lilemo tse peli a nyetse o re, “lintho tse kang ho ba le mananeo a thelevishene a lefelloang le ho intšetsa lijong, li ka ’na tsa bonahala li sa re letho, empa li ka u thefula haholo ha nako e ntse e ea. Re lokela ho ithuta ho hana lintho tse ling e le hore re se ke ra sebelisa chelete hampe.”

^ ser. 4 Le hoja sehlooho sena se tobisitsoe ho banyalani ba bacha, melao-motheo e hlalosoang mona e sebetsa ho banyalani bohle.

^ ser. 14 Ha u patala ka banka kapa ka likarete tsa mokitlane, u lokela ho boloka tlaleho ka enfelopong ho e-na le ho beha chelete.