Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Sebelisa Mekhoa e Meng ea Phekolo e sa Sebeliseng Tšelo ea Mali

Ho Sebelisa Mekhoa e Meng ea Phekolo e sa Sebeliseng Tšelo ea Mali

KA MAY 20-22, 2011, litsebi tse hlaheletseng tse tsoang linaheng tse 40 li ne li bokane Moscow ho keteka lilemo tse 60 tsa Mokhatlo oa Machaba oa Europe oa Lingaka tse Buoang Pelo le Tse Sebetsanang le Methapo ea Mali. Moqolotsi e mong oa litaba tsa thelevishene oa Lerussia o ile a re: “Seboka se seholo hakaalo ke sa bohlokoa ho lingaka feela joalokaha Liolimpiki li le bohlokoa ho limathi.”

Matsatsing a mararo a seboka sena ntho e neng e hapile tlhokomelo ea batho ba bangata e ne e le sebaka seo ho sona ho neng ho fanoa ka boitsebiso bo tšohlang phekolo e ’ngoe e sa sebeliseng tšelo ea mali. Lefapha la Boitsebiso ba Litšebeletso Tsa Lipetlele (HIS [Hospital Information Services]) la Lipaki Tsa Jehova, ke lona le neng le hlophisitse sebaka sena. Sebakeng sena, lingaka li ne li nka lipampitšana tse makholo tse nang le boitsebiso, libuka, li-DVD le limakasine tse nang le lihlooho tse tšohlang taba ena ea bohlokoa. DVD eo ho eona ho nang le sehlooho se  reng, Transfusion-Alternative Strategies—Simple, Safe, Effective e ne e le eona e batloang ka ho fetisisa. *

Lefapha la Boitsebiso ba Litšebeletso Tsa Lipetlele la Lipaki Tsa Jehova, ke lona le neng le hlophisitse sebaka sena. Ka cheseho lingaka li ne li nka lipampitšana, libuka, li-DVD le limakasine tse tšohlang lihlooho tse ling tsa bongaka, sebakeng sena

Lingaka tse ngata tse ileng tsa tla sebakeng sena, li ile tsa lumela hore ho hlokahala hore mali a baballoe ha batho ba buuoa. Ngaka ea mafu a pelo ea Italy e buileng sebokeng seo e ile ea re e tloaelane le Lipaki Tsa Jehova haholo, ebile e se e atlehile ho etsa Lipaki tse 70 liopereishene tsa pelo e sa sebelise mali. Ngaka ena e ile ea boela ea re ho etsa opereishene ntle le ho sebelisa mali ke ntho e tloaelehileng kliniking ea eona. Moprofesa oa Deutsches Herzzentrum Berlin (Setsi sa Pelo sa Jeremane, Berlin) o ile a nka li-DVD tse peli bakeng sa hae le mosebetsi-’moho le eena. O ile a bolella bamameli hore morao tjena o entse lesea la boima ba lik’hilograma tse 2,5 opereishene a sa sebelise mali; ’me tleliniki ea hae e entse opereishene ea pelo le maseeng a boima bo ka tlaase ho boo.

Ho ka khoneha hore bakuli ba buuoe ntle ho tšelo ea mali, ka hore ho sebelisoe mekhoa e loketseng ea phekolo le ea ho boloka mali ha mokuli a buuoa, le ka ho sebelisa mechine le meriana e itseng

Khoeli ka mor’a seboka sa Moscow, lingaka tse tsoang linaheng tse fapaneng li ile tsa ea Belomorsk, Sebokeng sa Bone sa Lingaka Tse Robatsang ka Lithethefatsi le Tsa Tlhokomelo ea Bakuli ba Kulang Haholo, se neng se tšoaretsoe ka Leboea bophirimela ho Russia, motseng oa Arkhangel’sk. Lefapha la HIS le ile la boela la etsa sebaka se tšoanang ’me sa boela sa hohela batho ba bangata. Ha ngaka ea St. Petersburg e bona boitsebiso bo neng bo hlophisitsoe, e ile ea re: “Sena ke sona hantle seo re se hlokang!” O re ke ntho e utloisang bohloko hore ebe ka lebaka la tloaelo, ba bang ba basebetsi-’moho le eena ba ntse ba tsoela pele ho tšela bakuli ba cheleng, mali. O ile a phaella ka ho re: “Boitsebiso ba lōna bo tla re tsoela molemo haholo sebokeng sa ho phekola bakuli ba cheleng se reretsoeng ho tšoareloa St. Petersburg.”

Lefatšeng ka bophara, lingaka tse ngata li tsoela pele ho bona melemo ea ho sebelisa meriana e se nang mali le ea ho buoa bakuli ntle le ho sebelisa mali. Ho tla bonahala ha nako e ntse e e-ea hore na lingaka lefatšeng ka bophara, li tla ke li phekole batho ntle le ho sebelisa mali.

^ ser. 3 E hlahisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.