Feta

Ditaelo Tsa Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona

Ditaelo Tsa Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona

Tse ka Hare

1. Ditaelo tse hlahang mona di tlo thusa batho bohle ba nkang karolo sebokeng sa Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona. Batho bohle ba abetsweng dikarolo tseo ba tla di etsa dibokeng, ba lokela ho bala ditaelo tse hlahang tokomaneng ena le Bukaneng ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso pele ba lokisetsa. Bahweletsi bohle ba lokela ho kgothaletswa hore ba ingodisetse ho fana ka dipuo. Batho ba tlang dibokeng ka mehla ba ka nna ba ingodisa hore le bona ba fane ka dipuo haeba feela ba dumela seo Bibele e se rutang ba bile ba phela ka melaomotheo ya Bokreste. Molebedi wa Seboka sa Bophelo le Tshebeletso a ka bua le motho eo eseng mohweletsi, ya batlang ho nka karolo sebokeng ka hore na ho lebeletsweng ho yena a be a bolelle motho eo haeba a tshwaneleha. O lokela ho etsa jwalo a ena le mohweletsi ya ithutang le motho eo (kapa a ena le motswadi ya kolobeditsweng wa motho eo). Ho latelwa tataiso e tshwanang hore motho a ka tshwaneleha ho nka karolo sebokeng sena le ha a batla ho ba mohweletsi ya sa kolobetswang.—od kgao. 8 ser. 8.

SEO RE TLO ITHUTA SONA

 2. Motsotso o le mong. Beke e nngwe le e nngwe ka mora pina e bulang le thapelo, modulasetulo wa Seboka sa Bophelo le Tshebeletso o tla etsa hore phutheho e labalabele ho utlwa lenaneo le tlo latela. Modulasetulo o lokela ho hatisa dintlha tsa bohlokwa tse tla tswela phutheho molemo.

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG

  3Puo: Metsotso e leshome. Bukaneng ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ho na le sehlooho se nang le dintlha tse pedi kapa tse tharo tse ka sehloohong. Puo ena e lokela ho fuwa moholo kapa mohlanka ya sebeletsang ya tshwanelehang. Haeba ho qalwa lengolo le letjha mmalong wa Bibele wa beke le beke, ho tla bapalwa video e re behang leseding ka lengolo leo. Sebui se ka bolela dintlha tse hlahileng videong tse dumellanang le sehlooho. Le ha ho le jwalo, se lokela ho tiisa hore se bua ka dintlha tse hlahang bukaneng ya seboka. Ho feta moo, haeba nako e dumela, se lokela ho kenyeletsa ditshwantsho tse bukaneng ya seboka, ka ha di etseditswe ho hlakisa dintlha tse tshohlwang. A ka nna a kenyeletsa le dintlha tse hlahang ditshupisong tse ding le hoja di sa hlahe bukaneng ya seboka, ha feela di ntse di dumellana le dintlha tsa puo.

 4Matlotlo a Patilweng: Metsotso e leshome. Ena ke karolo ya dipotso le dikarabo mme morabo rona ha a lokela ho etsa kenyeletso kapa sephetho. E lokela ho fuwa moholo kapa mohlanka ya sebeletsang ya tshwanelehang. Morabo rona o lokela ho botsa dipotso tse pedi tse hlahang bukaneng. Hape, o tla etsa qeto ya hore na ditemana tse bontshitsweng di ka balwa kaofela kapa tjhe. Bamamedi ba lokela ho fana ka dikarabo tsa metsotswana e 30 kapa ka tlase ho moo.

 5Mmalo wa Bibele: Metsotso e mene. Puo ena ya moithuti e lokela ho fanwa ke morabo rona. Moithuti o lokela ho bala ditemana tseo a di abetsweng a sa etse kenyeletso kapa sephetho. Ka ho kgetheha, modulasetulo wa seboka o tla thusa baithuti hore ba bale ka nepo, ba utlwisise seo ba se balang, ba bale ba sa kgitlele, ba hatise moo ho loketseng, ba fetofetole modumo wa lentswe, ba kgefutse moo ho hlokahalang mme ba bale ka tsela ya tlhaho. Ka ha puo ya mmalo wa Bibele e ka ba le ditemana tse ngata kapa tse mmalwa, molebedi wa Seboka sa Bophelo le Tshebeletso o lokela ho nahanela bokgoni ba moithuti eo a mo abelang puo ena.

 EBA MAFOLOFOLO MOSEBETSING WA BOBOLEDI

 6. Metsotso e 15. Karolo ena e reretswe ho fa bohle monyetla wa ho itlwaetsa seo ba tla se bua tshimong le ho ntlafatsa bokgoni ba bona ba ho bolela le ho ruta. Maemong a mang, baholo ba ka nna ba fuwa dipuo tsena tsa baithuti. Moithuti ka mong o lokela ho sebeletsa dintlheng tse hlahang bukaneng ya Ho Bala le ho Ruta le ya Rata Batho tse ngotsweng ka masakaneng pela karolo eo a e abetsweng Bukaneng ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso. Ka dinako tse ding, ho tla ba le karolo ya puisano. Karolo eo e lokela ho fuwa moholo kapa mohlanka ya sebeletsang ya tshwanelehang.—Sheba  serapa sa 15 ho bona hore na dikarolo tsa puisano di lokela ho etswa jwang.

7Ha o Qala Moqoqo: Puo ena e ka fuwa mora kapa moradi wa bo rona. Mothusi ha e a lokela ho ba motho wa bong bo fapaneng ntle le ha e le setho sa lelapa. Moithuti le mothusi ba ka nna ba dula fatshe kapa ba ema.—Ho fumana dintlha tse eketsehileng tsa ka moo o ka etsang sena ka teng le ditsela tse fapaneng tsa ho qoqa le batho karolong ena, sheba  serapa sa 12 le sa  13.

 8Kgutlela ho Batho: Puo ena e ka fuwa mora kapa moradi wa bo rona. Mothusi ha e a lokela ho ba motho wa bong bo fapaneng. (km 5/97 leq. 3) Moithuti le mothusi ba ka nna ba dula fatshe kapa ba ema. Moithuti o lokela ho bontsha seo re lokelang ho se bua ha re kgutlela ho motho eo re ileng ra qoqa le yena nakong e fetileng.—Ho fumana dintlha tse eketsehileng tsa ka moo o ka etsang sena ka teng le ditsela tse fapaneng tsa ho qoqa le batho karolong ena, sheba  serapa sa 12 le sa  13.

 9Ha o Etsa Barutuwa: Puo ena e ka fanwa ke mora kapa moradi wa bo rona. Mothusi ha e a lokela ho ba motho wa bong bo fapaneng. (km 5/97 leq. 3) Moithuti le mothusi ba ka nna ba dula fatshe kapa ba ema. Puo ena e lokela ho ba pontsho ya thuto ya Bibele e seng e ntse e tswela pele. Ha ho hlokahale hore moithuti a etse selelekela kapa sephetho ntle le haeba ka ho toba a sebeletsa dintlheng tseo. Hape ha ho hlokahale hore ho balwe dirapa tsohle nakong ya puo le hoja e se phoso ho etsa jwalo.

 10Hlalosa Seo o se Dumelang: Haeba karolo ena e le puo, e ka fanwa ke morabo rona empa haeba e le pontsho, e ka fanwa ke mora kapa moradi wa bo rona. Mothusi ha e a lokela ho ba motho wa bong bo fapaneng ntle le ha e le setho sa lelapa. Moithuti o lokela ho araba potso e fanweng ka bohlale le ka tsela e utlwahalang a sebedisa ditshupiso tse fanweng. Moithuti a ka kgetha hore na ha a etsa karolo ena dibokeng, o tla bontsha mothusi wa hae sengolwa se hlahang ditshupisong tse fanweng kapa tjhe.

 11Puo: Puo ena ya moithuti e lokela ho fanwa ke morabo rona mme e be puo e tobisitsweng ho phutheho. Haeba puo ena e thehilwe dintlheng tsa A bukaneng ya Rata Batho, moithuti o lokela ho bontsha hore na ditemana tsena di ka sebediswa jwang ha re bua le batho ka molaetsa wa Bibele. Ka mohlala, a ka hlalosa hore na temana eo e ka sebediswa maemong afe, hore na e bolelang le hore na re ka beha mabaka le motho jwang ha re hlalosa temana ena. Haeba puo ena e thehilwe ntlheng e itseng thutong e bukaneng ya Rata Batho, moithuti o lokela ho hlalosa hore na re ka sebedisa ntlha eo jwang ha re bua le batho ka molaetsa wa Bibele. A ka boela a bua ka mohlala o hlahang ntlheng ya 1 thutong eo kapa a ka bua ka tse ding tsa ditemana tse hlahang tlasa “O ka Boela wa Sheba” haeba ho hlokahala.

 12Ka Moo o ka Etsang Sena ka Teng: Ditaba tse hlahang serapeng sena le se latelang di tla thusa bahweletsi bao dipuo tsa bona di hlahang karolong ya “Ha o Qala Moqoqo” le ya “Kgutlela ho Batho.” Ntle le ha ho fanwe ka ditaelo tse fapaneng, dikarolong tsena ntho ya bohlokwa eo moithuti a lokelang ho e etsa ke ho bolella monga ntlo molaetsa wa Bibele oo a tla o thabela. Hape o lokela ho phethela moqoqo ka ho bua ka ntho e tla etsa hore ba boele ba qoqe ka molaetsa wa Bibele nakong e tlang. Moithuti o lokela ho bua ka ntho eo batho ba sebakeng sa habo ba amehileng ka yona le eo ba ratang ho qoqa ka yona. Moithuti a ka kgetha hore na o tla siela motho eo a buisanang le yena sengolwa kapa ho mo bontsha video e hlahang ho Dithulusi Tsa ho Ruta. Ho ena le hore moithuti a tshware ka hlooho seo a tla se bua, o lokela ho ithuta mekgwa e fapaneng ya ho qoqa le batho, e kang ho qoqa ka tsela e bontshang hore o thahasella batho le ho bua ka tsela e tlwaelehileng.

   13Ditsela Tse Fapaneng Tsa ho Qoqa le Batho: Moithuti o lokela ho sebedisa mokgwa wa ho bolela molaetsa wa Bibele oo a o abetsweng ho latela maemo a sebakeng sa habo. Ka mohlala:

  1.     (1) Ka Ntlo le Ntlo: Mokgwa ona o akareletsa ho bolella batho molaetsa wa Bibele ka ntlo le ntlo, ka ho ba founela kapa ho ba ngolla mangolo. O boetse o akareletsa ho kgutlela ho batho ba ileng ba thabela molaetsa wa rona ha re ne re ba etetse.

  2.  (2) Bua le Batho ha Monyetla o Hlaha: Mokgwa ona o akareletsa ho nka monyetla wa hore o bolelle motho molaetsa wa Bibele nakong eo o ntseng o iqoqela feela le yena ka dintho tse tlwaelehileng. O ka nka monyetla ha o le mosebetsing, sekolong, ha o bua le baahisani, ha o palame dipalangwang tsa setjhaba kapa ha o le sebakeng sefe kapa sefe, o ntse o iphethela mabaka a hao.

  3.  (3) Bua le Batho ka Bibele Seterateng: Mokgwa ona o akareletsa ho sebedisa diteroli, ho bua le batho dibakeng tsa kgwebo, seterateng, diphakeng, moo ho pakwang dikoloi kapa hohle moo batho ba tholahalang teng.

14Ho Sebedisa Divideo le Dingolwa: Ho itshetlehile ka maemo, moithuti a ka kgetha hore na o tla bontsha monga ntlo video kapa o tla mo siela sengolwa. Haeba moithuti a fuwe ditaelo tsa hore a sebedise video kapa a kgetha ho e sebedisa, o lokela ho etsa eka o a mo shebellisa ebe ka mora moo ba qoqa ka yona.

 PHELA JWALO KA MOKRESTE

  15. Ka mora pina, metsotsong e 15 e qalang, ho tla ba le puo e le nngwe kapa tse pedi tse thusang bamamedi ho phela ka tsela eo Jehova a e batlang. Ntle le ha ho ka fanwa ka ditaelo tse ding, dipuo tsena di ka fanwa ke baholo kapa bahlanka ba sebeletsang ba tshwanelehang. Empa ditlhoko tsa phutheho tsona, di lokela ho fanwa ke baholo feela. Haeba karolo e itseng e le puisano, selelekela sa motho ya fanang ka puo eo se lokela ho ba sekgutshwanyane e le hore a tle a kgone ho akareletsa dintlha tsa bohlokwa le ho fa bamamedi nako e lekaneng ya ho araba. Nakong eo a ntseng a fana ka puo, o lokolohile hore a ka botsa dipotso tse sa hlaheng bukaneng ya seboka e le ho thusa bamamedi ho utlwisisa sehlooho hantle. Haeba sebui se batla ho botsa motho e mong hara bamamedi dipotso tse itseng, ha ho kgoneha motho eo o lokela ho araba dipotso tseo a le sethaleng.

16Thuto ya Bibele ya Phutheho: Metsotso e 30. E lokela ho fuwa moholo ya tshwanelehang. (Diphuthehong tseo ho nang le palo e fokolang ya baholo, ho ka nna ha sebediswa bahlanka ba sebeletsang ba tshwanelehang.) Sehlopha sa baholo se lokela ho kgetha hore na ke bomang ba tshwanelehang ho kganna Thuto ya Bibele ya Phutheho. Ba kgethilweng, ba lokela ho ba le bokgoni ba ho etella pele ka tsela e molemo e le hore thuto e se ke ya ja nako. Ba boetse ba lokela ho hatisa mangolo a sehlooho ba be ba thuse bohle ho utlwisisa hore na ba ka sebedisa dintlha tseo ba ithutileng tsona jwang. Ba tla thuswa ke ho bala dingolwa tse buang ka hore na karolo ya dipotso le dikarabo e lokela ho tshwarwa jwang. (w23.04 p. 24, lebokose) Haeba karolo e balwang bekeng eo e tshohlilwe ka botlalo, ha ho hlokahale hore morabo rona a lelefatse thuto. Ha ho kgoneha, bakganni le babadi ba lokela ho fetolwa beke le beke. Haeba modulasetulo wa Seboka sa Bophelo le Tshebeletso a re Thuto ya Bibele ya Phutheho e lokela ho kgutsufatswa, mokganni o tla lokela ho etsa qeto ya hore na o e kgutsufatsa jwang. A ka nna a etsa qeto ya hore ho se ke ha balwa dirapa tse ding.

  DINTLHA TSE PHETHELANG

  17. Metsotso e meraro. Modulasetulo wa Seboka sa Bophelo le Tshebeletso o tla hatisa dintlha tseo ka ho kgetheha e leng tsa bohlokwa sebokeng seo. Hape o lokela ho bua ka dintlha tse tla ithutwa bekeng e tlang. A ka nna a bolela mabitso a baithuti ba abetsweng dipuo bekeng e tlang haeba nako e mo dumella ho etsa jwalo. O lokela ho etsa ditsebiso le ha e le dife tse hlokahalang nakong ya dintlha tsa hae tse phethelang hape a bale mangolo le ha e le afe ao ho hlokahalang hore a ballwe phutheho ntle le ha ho ka fanwa ka ditaelo tse ding. Dintlha tse tlwaelehileng, tse kang ditokisetso tsa tshebeletso ya tshimo le ho hlwekisa, ha di a lokela ho bolelwa sethaleng empa di lokela ho behwa moo ho manehwang ditsebiso. Haeba ho bonahala hore ho ke ke ha eba le nako e lekaneng ya ho etsa ditsebiso kapa ya ho bala mangolo nakong e behilweng ya dintlha tse phethelang tsa modulasetulo, o lokela ho kopa bara ba bo rona ba fanang ka dipuo karolong ya Phela Jwalo ka Mokreste hore ba kgutsufatse dipuo tsa bona. (Sheba  serapa sa 16 le sa  19.) Seboka se tla kwalwa ka pina le thapelo.

HO BABATSA LE HO FANA KA KELETSO

  18. Ka mora puo e nngwe le e nngwe ya moithuti, modulasetulo wa Seboka sa Bophelo le Tshebeletso o na le hoo e ka bang motsotso ho babatsa moithuti le ho mo fa keletso e thehilweng ntlheng eo moithuti a neng a sebeletsa ho yona. Ha modulasetulo a etsa kenyelletso e suthelang puo ya moithuti, a ke ke a bolela hore na o shebuwe thutong efe. Le ha ho le jwalo, ha puo e fela, ka mora hore modulasetulo a babatse moithuti, a ka bolela hore na o ne a shebilwe thutong efe, a be a bolele hore na ke hobaneng ha a ipabotse ho yona kapa a hlalose ka mosa hore na ke hobaneng ha a lokela ho ntlafatsa ka ho eketsehileng thutong eo le hore na a ka etsa seo jwang. Modulasetulo a ka nna a boela a bua ka dintlha tse ding tsa puo ya moithuti haeba a bona eka di tla tswela moithuti kapa bamamedi molemo. Haeba ho na le dintlha tse ding tseo modulasetulo a hlokang ho di bua le moithuti, ba ka bua moo ba leng bang ka mora diboka kapa ka nako e nngwe. A ka boela a mo fa keletso ka thoko e thehilweng bukaneng ya Rata Batho, Ho Bala le ho Ruta kapa bukeng ya Sekolo sa Tšebeletso ka mora seboka kapa ka nako e nngwe, ebang ke thutong eo a neng a shebilwe ho yona kapa thutong e nngwe.—Sheba  serapa sa 19,  24 le sa  25 bakeng sa ditaelo tse mabapi le boikarabelo ba modulasetulo wa Seboka sa Bophelo le Tshebeletso le moeletsi ya thusang.

NAKO

     19Ha ho na sebui se lokelang ho ja nako ho akareletsa le modulasetulo wa Seboka sa Bophelo le Tshebeletso. Le hoja Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona e bontsha hore na puo ka nngwe e lokela ho nka nako e kae, haeba sebui se akareleditse dintlha tsohle pele nako eo e fela, ha se a lokela ho kenyeletsa dintlha tse eketsehileng hore feela se qete puo ka nako e behilweng. Haeba dibui tse ding di ka ja nako, modulasetulo wa Seboka sa Bophelo le Tshebeletso kapa moeletsi ya thusang o lokela ho di eletsa ka thoko. (Sheba  serapa sa 24 le sa  25.) Seboka sohle, ho akareletsa dipina le thapelo, se lokela ho nka hora le metsotso e 45.

KETELO YA MOLEBEDI WA POTOLOHO

 20. Ha phutheho e ena le ketelo ya molebedi wa potoloho, lenaneo le lokela ho tswela pele jwalo ka ha ho hlalositswe Bukaneng ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso mme ho tla etswa diphetoho dinthong tse latelang: Thuto ya Bibele ya Phutheho e hlahang karolong ya Phela Jwalo ka Mokreste, e tla nkelwa sebaka ke puo ya tshebeletso ya molebedi wa potoloho ya metsotso e 30. Pele ho puo ya tshebeletso, modulasetulo wa Seboka sa Bophelo le Tshebeletso o tla hlahloba dintlha tseo re ithutileng tsona sebokeng, a be a bolele dintlha tseo re tla ithuta tsona sebokeng sa beke e tlang mme o tla etsa ditsebiso tse hlokahalang, a bale mangolo a hlokahalang ebe ka mora moo o etsa kenyelletso e suthelang molebedi wa potoloho. Ka mora puo ya tshebeletso, molebedi wa potoloho o tla phethela seboka ka pina eo a ikgethetseng yona. A ka nna a kopa morabo rona e mong hore a kwale ka thapelo. Nakong ya ketelo ya molebedi wa potoloho, ditlelase tse ding ha dia lokela ho ba teng. Sehlopha se buang puo e nngwe se ka tshwara seboka sa sona esita le ha molebedi wa potoloho a etetse phutheho e hlokometseng sehlopha seo. Le ha ho le jwalo, sehlopha sena se lokela ho mamela puo ya tshebeletso ya molebedi wa potoloho hammoho le phutheho.

BEKE YA KOPANO YA POTOLOHO KAPA YA SETEREKE

 21. Ho ke ke ha eba le diboka bekeng ya kopano ya potoloho kapa ya setereke. Phutheho e ka hopotswa hore motho ka mong kapa lelapa ka leng le ka ipalla dintlha tse lokelang ho tshohlwa sebokeng sa beke eo.

BEKE YA SEHOPOTSO

 22. Haeba Sehopotso se le hara beke, ho ke ke ha eba le Seboka sa Bophelo le Tshebeletso.

MOLEBEDI WA SEBOKA SA BOPHELO LE TSHEBELETSO

 23. Moholo ya kgethilweng ke sehlopha sa baholo, e tla ba molebedi wa Seboka sa Bophelo le Tshebeletso. Boikarabelo ba hae ke ho tiisa hore seboka sena se hlophisitswe hantle ebile se tsamaiswa ho latela ditaelo tse fanweng mona. Ho lokela hore ho be le puisano e ntle pakeng tsa hae le moeletsi ya thusang. Hang ha Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso e se e fumaneha, molebedi wa Seboka sa Bophelo le Tshebeletso o tla aba dipuo tsa baithuti bakeng sa dikgwedi tse pedi. Sena se akareletsa dipuo tsohle tseo bara ba bo rona ba fanang ka tsona, ho akareletsa le ba tla etsa karolo ya modulasetulo, ba kgethilweng ke sehlopha sa baholo. (Sheba  serapa sa 3-16 le sa  24.) Ha a abela batho dipuo, o lokela ho nahana ka dilemo, boiphihlelo ba bona le hore na moithuti o a tshwaneleha ho bua ka sehlooho seo. O lokela ho etsa se tshwanang ha a abela bara ba bo rona dipuo. Moithuti o lokela ho fuwa puo bonyane dibeke tse tharo pele ho letsatsi leo a tla fana ka yona ho sebediswa foromo ya Kabelo ya Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso (S-89). Molebedi wa Seboka sa Bophelo le Tshebeletso o lokela ho etsa bonnete ba hore lenaneo la batho ba tla fana ka dipuo le behwa leboteng la ditsebiso. Sehlopha sa baholo se ka kgetha moholo kapa mohlanka ya sebeletsang hore a mo thuse empa moholo ke yena feela ya lokelang ho kgetha dibui tsa dipuo tseo eseng tsa sekolo.

MODULASETULO WA SEBOKA SA BOPHELO LE TSHEBELETSO

    24. Bekeng e nngwe le e nngwe moholo a le mong e tla ba modulasetulo wa Seboka sa Bophelo le Tshebeletso. (Diphuthehong tseo ho nang le palo e fokolang ya baholo ho ka sebediswa bahlanka ba sebeletsang ba tshwanelehang haeba ho hlokahala.) Mosebetsi wa hae e tla ba ho etsa selelekela le dintlha tse phethelang. O tla boela a etse kenyelletso e suthelang dipuo tse ding tsohle. Ha sehlopha sa baholo se le senyenyane, mohlomong a ka abelwa ho fana ka puo dikarolong tse ding sebokeng sena haholoholo karolo eo ho yona ho nang le video empa ho sa hlokahale hore ho buuwe ka yona. Ha a lokela ho bua haholo dipakeng tsa dipuo. Sehlopha sa baholo se tla etsa qeto ya hore na ke baholo bafe ba tshwanelehang ho phetha mosebetsi ona. Baholo ba tshwanelehang ba ka tjhentjhana mosebetsing wa ho ba modulasetulo. Ho itshetlehile ka maemo a sebaka se seng le se seng, molebedi wa Seboka sa Bophelo le Tshebeletso e ka ba modulasetulo ka makgetlo a mangata ho feta baholo ba bang ba tshwanelehang. Haeba moholo a tshwaneleha ho kganna Thuto ya Bibele ya Phutheho, ho ka etsahala hore ebe o boetse wa tshwaneleha ho ba modulasetulo sebokeng sena. Le ha ho le jwalo, modulasetulo o lokela hore a babatse le ho fana ka keletso e lerato le e thusang ba nang le dipuo tsa baithuti haeba ho hlokahala. Modulasetulo o boetse o ikarabella bakeng sa ho tiisa hore seboka sena se fela ka nako. (Sheba  serapa sa 17 le  19.) Haeba modulasetulo a rata mme ho ena le sebaka se lekaneng sethaleng, a ka sebedisa microphone o mong ha a etsa kenyeletso e suthelang puo e latelang ha sebui se ntse se lokisetswa microphone o mong. Kapa modulasetulo a ka kgetha ho dula tafoleng e sethaleng ha baithuti ba fana ka dipuo tsa bona. Sena se ka boloka nako.

MOELETSI YA THUSANG

   25. Haeba ho kgoneha, ho ka ba molemo hore ho sebediswe moholo eo e leng sebui se nang le boiphihlelo hore a phethe mosebetsi ona. Boikarabelo ba moeletsi ya thusang ke ho eletsa baholo le bahlanka ba sebeletsang ka thoko haeba ho hlokahala bakeng sa dipuo le ha e le dife tseo ba fanang ka tsona, tse kang dipuo Sebokeng sa Bophelo le Tshebeletso, dipuo tsa phatlalatsa, le ho kganna kapa ho bala dirapa Thutong ya Tora ya ho Lebela kapa Thutong ya Bibele ya Phutheho. (Sheba  serapa sa 19.) Haeba ho ena le baholo ba bangata phuthehong bao e leng dibui le mesuwe e hlwahlwa, baholo ba tshwanelehang ba ka tjhentjhana selemo le selemo ka mosebetsi wa moeletsi ya thusang. Empa ha ho hlokahale hore moeletsi ya thusang a fane ka keletso ka mora puo e nngwe le e nngwe.

DITLELASE TSE DING

 26. Ho itshetlehile ka palo ya baithuti, diphutheho di ka tshwara ditlelase tse ding bakeng sa dipuo tsa baithuti. Tlelase ka nngwe e lokela ho ba le moeletsi ya tshwanelehang mme ho ka ba molemo ha e ka ba moholo. Mohlanka ya sebeletsang ya tshwanelehang hantle a ka kwala sekgeo haeba ho hlokahala. Sehlopha sa baholo se lokela ho etsa qeto ya hore na ke bomang ba ka kgethwang hore ebe baeletsi ditlelaseng tsena le hore na ba lokela ho tjhentjhana kapa tjhe. Moeletsi o lokela ho latela ditaelo tse boletsweng  serapeng sa 18. Haeba ho tshwarwa ditlelase tse eketsehileng ka mora Matlotlo a Patilweng a hlahang karolong ya Matlotlo a Tswang Bibeleng, baithuti ba lokela ho koptjwa hore ba ye moo ho tshwarelwang ditlelase tsena teng. Ba lokela ho boela ba kopana le phutheho ka mora puo ya ho qetela dipuong tsa baithuti.

DIVIDEO

 27. Ho tla shebellwa divideo tse kgethilweng sebokeng sena. Divideo tsa seboka sena sa hara beke di tla fumaneha ho JW Library® mme di ka fumaneha disebedisweng tse fapafapaneng tsa elektronike.

© 2023 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania

S-38-SSA 11/2