Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Modimo “Ya utlwang thapelo,” o thabela ho mamela dithapelo tsa rona.​—PESALEME YA 65:2

Tswela Pele ho Rapella Hore Modimo a o Amohele

Tswela Pele ho Rapella Hore Modimo a o Amohele

Modimo o file batho mpho e ikgethang ya hore ba buisane le yena le hore ba mo bolelle maikutlo ohle a bona ka thapelo. Moprofeta Davida o ile a rapela a re: ‘Wena ya utlwang thapelo, batho ba mefuta yohle ba tla tla ho wena.’ (Pesaleme ya 65:2) Empa re lokela ho rapela ka tse efe e le hore Modimo a ka re utlwa mme a re hlohonolofatsa?

RAPELA HO TSWA PELONG O IKOKOBEDITSE

Ha o rapela o le mong, seo se o fa monyetla wa hore o tshollele pelo ya hao ho Modimo​—mme o mo bolelle ka moo o ikutlwang ka teng. (Pesaleme ya 62:8) Modimo o rata dithapelo tse tswang pelong.

SEBEDISA LEBITSO LA MODIMO HA O BUA LE YENA

Le hoja Modimo a na le ditlotla tse ngata, o na le lebitso le le leng feela. “Ke nna Jehova. Ke lona lebitso la ka.” (Esaia 42:8) Lebitso la Modimo e leng Jehova le hlaha ka makgetlo a ka bang 7 000 ka Mangolong a Halalelang. Baprofeta ba bangata ba ne ba sebedisa lebitso la Modimo ha ba ne ba bua le yena. Abrahama o ile a re: “Ka kopo, e se eka Jehova, e re ke tswele pele ho bua [le wena].” (Genese 18:30) Le rona re lokela ho sebedisa lebitso la Modimo e leng Jehova ha re rapela.

RAPELA KA PUO YA HAO

Modimo o utlwisisa seo re se nahanang le tsela eo re ikutlwang ka yona ho sa tsotellehe hore na re bua puo e feng. Lentswe la Hae le a re kgodisa hore “Modimo ha a leeme, empa setjhabeng se seng le se seng motho ya mo tshabang le ya sebetsang ho loka wa amoheleha ho yena.”​—Liketso 10:34, 35.

Le ha ho le jwalo, e le hore Modimo a re hlohonolofatse re hloka ho fetang feela ho rapela. Dihloohong tse latelang re tla hlahloba hore na keng seo re lokelang ho se etsa.