Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Hulda o Ile a Fumana Ntho eo a Neng a e Batla

Hulda o Ile a Fumana Ntho eo a Neng a e Batla

DILEMO tse itseng tse fetileng haeba o ne o ka etela sehlekehleke se senyenyane sa Sangir Besar se Indonesia, o ne o tla kopana le baradi ba bo rona ba bararo lebopong la lewatle. Ba ne ba tsebahala haholo sehlekehlekeng seo hobane ba ne ba thusa batho hore ba utlwisise Bibele. Empa ka nako eo o ne o tla ba fumana ba etsa mosebetsi o mong.

Sehlekehleke sa Sangir Besar se ka leboya ho Indonesia

Ba ne ba kena ka hara metsi mme ba fumana majwe a boima ebe ba a ntshetsa lebopong. Majwe a mang a ne a le boholo ba bolo. Ka mora moo, ba ne ba dula ditulong tse nyenyane tse entsweng ka lepolanka mme ba sebedisa dihamore ho thuha majwe ao, ba a etsa hore a be manyenyane ho feta lehe la kgoho. Ba ne ba kenya majwe ao a manyenyane ka di emereng tsa polasetiki ebe ba a nka, ba nyoloha ditepisi ka ona ho ya moo ba dulang teng. Ka mora moo, ba ne ba tshela majwe ao ka mekotleng e meholo e neng e palamiswa diterakeng e le hore a ka sebediswa ha ho etswa tsela.

Hulda o bokella majwe lebopong la lewatle

E mong wa baradi bao ba bo rona e ne e le Hulda. Maemo a hae a ne a mo dumella hore a qete nako e ngata ho feta ba bang a etsa mosebetsi ona. O ne a sebedisa tjhelete eo a e fumanang ho hlokomela lelapa la hae ka yona. Le ha ho le jwalo, ho ne ho ena le ntho e nngwe eo a neng a batla ho e etsa. O ne a batla ho reka thabolete e le hore a ka kgona ho sebedisa JW Library® app. Moradi wa bo rona Hulda o ne a tseba hore divideo le dintho tse ding tse teng ho yona di ne di tla mo thusa hore a ntlafatse tshebeletso ya hae le tsela eo a utlwisisang Bibele ka yona.

Moradi wa bo rona Hulda o ile a qeta kgwedi le halofo a sebetsa dihora tse pedi hoseng ho hong le ho hong, a thuha majwe a ka lekanang teraka e nyenyane. Qetellong o ile a eba le tjhelete e lekaneng ya hore a ka reka thabolete.

Hulda o tshwere thabolete ya hae

Moradi wa bo rona Hulda o re: “Le hoja ke ne ke kgathetse ebile mmele wa ka o ne o le bohloko ke ho thuha majwe, ke ile ka lebala kapele ka bohloko boo ke neng ke bo utlwa hobane ke ne ke se ke kgona ho sebedisa thabolete ya ka e ntjha e neng e nthusa hore ke ntlafatse tshebeletso ya ka le hore ke lokisetse diboka tsa Bokreste ha bonolo.” O boetse o re thabolete eo ya hae e ne e mo thusa hore a kene diboka ha mmoho le bara le baradi ba bo rona qalong ya sewa sa COVID-19. Re thaba le moradi wa bo rona Hulda hobane o ile a atleha ho etsa ntho eo a neng a batla ho e etsa.