Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lebitso le Hlahang ka Bibeleng Jekeng ya Kgale

Lebitso le Hlahang ka Bibeleng Jekeng ya Kgale

Ka 2012 ho ile ha epollwa dikarolo tsa jeke ya mehleng ya kgale, e neng e na le dilemo tse 3 000 e le teng mme e ile ya kgahla bafuputsi. Keng e neng e ikgetha ka jeke eo? Ke se neng se ngotswe ho yona.

Ha bafuputsi ba qeta ho kopanya dikarolo tsa jeke eo, ba ile ba bona se neng se ngotswe kgale ke Bakanana. E leng: “Eshbaale Ben [Mora wa] Beda’.” E ne e le ka lekgetlo la pele baepolli ba fumana lebitso lena le ngotswe dinthong tsa kgale.

Eshbaale e mong o hlaha ka Bibeleng mme e ne e le e mong wa bara ba Morena Saule. (1 Likron. 8:33; 9:39) Setsebi se bitswang Yosef Garfinkel ya neng a le teng ha ho etswa diphuputso o re: “Ke ho thahasellisang ho tseba hore lebitso Eshbaale le teng ka Bibeleng mme le hlaha le dibukeng tsa baepolli ba dintho tsa kgale hape le ne le ntse le le teng le nakong ya puso ya Morena Davida.” Ba bang ba ne ba nahana hore e ne e le lebitso le sa tlwaelehang. Empa, sena se ile sa bontsha hore baepolli ba dumellana le Bibele.

Dibakeng tse ding ka Bibeleng, Eshbaale e fetoletswe e le Ish-boshethe, mme “baale” e le “boshethe.” (2 Sam. 2:10) Hobaneng? Bafuputsi ba re: “Lengolong la 2 Samuele ha ho a sebediswa Eshbaale hobane lebitso lena le ne le amahangwa le modingwana wa Bakanana e leng Baale, leha ho le jwalo, lebitso lena le ntse le bolokilwe Lengolong la Likronike.”