Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

TORA YA HO LEBELA No. 1 2024 | Ke’ng e ka U Thusang ho Tseba se Nepahetseng le se Fosahetseng?

O etsa qeto ya hore ntho e itseng e nepahetse kapa e fosahetse o ipapisitse le eng? Batho ba bangata ba itshetlehile ka matswalo kapa maikutlo a bona le dintho tseo ba ithutileng tsona. Ba bang ba itshetlehile ka maikutlo a batho ba bang. Keng e ka o thusang ho etsa diqeto tse nepahetseng? Na o kgodisehile hore diqeto tseo o di etsang di tla o tswela molemo le ba lelapa la hao?

 

Na Diqeto Tseo re di Etsang di Nepahetse Kapa di Fosahetse?

Keng e tla o thusa ho etsa diqeto tse nepahetseng?

Hangata Batho ba Etsa Diqeto ba Itshetlehile ka Eng?

Re ka etsa diqeto ka se nepahetseng le se fosahetseng re ipapisitse ka maikutlo a rona kapa a batho ba bang. Empa na ho na le tataiso eo re ka e tshepang e molemo ka ho fetisisa?

Re ka Tshepa Seo Bibele e se Buang ka se Nepahetseng le se Fosahetseng

Re ka kgodiseha jwang hore Bibele e ka re thusa ho tseba se nepahetseng le se fosahetseng?

Seo Bibele e se Rutang ka se Nepahetseng le se Fosahetseng se ka re Thusa Haholo

Bibele e thusitse batho ba dimilione maemong ana a mane a fapaneng a bophelo mme re ka e tshepa.

OO ka Fumana Keletso e Tshepahalang Hokae Mehleng Ee?

Bibele e ka o thusa hore o etse diqeto tseo o ke keng wa ikwahlaela tsona.