Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

CreativeDesignArt/DigitalVision Vectors via Getty Images

DULANG LE LEBETSE!

Na Kgethollo ya Merabe e Tla ke e Fele?​—Bibele e Reng ka Taba Ee?

Na Kgethollo ya Merabe e Tla ke e Fele?​—Bibele e Reng ka Taba Ee?

 Batho ba bangata ba dumela hore kgethollo ya merabe ha se ntho e ka felang.

  •   “Lefatsheng ka bophara mekgatlo, tsela eo batho ba phelang ka yona le dintho tseo batho ba di etsang di anngwe ke kgethollo ya merabe hampe. Kgethollo ya merabe e entse hore batho ba se ke ba tshwarana ka toka.”​—António Guterres e leng Mongodi wa Matjhaba a Kopaneng.

 Na tekatekano ya merabe e tla ke e be teng? Bibele e reng ka taba ee?

Pono ya Modimo ka kgethollo ya merabe

 Bibele e re ruta ka moo Modimo a tadimang merabe e fapaneng ka teng.

  •   “[Modimo] o entse hore ditjhaba tsohle di tswe ho motho a le mong le hore di dule lefatsheng.”​—Diketso 17:26.

  •   “Jwale ke utlwisisa hantle hore Modimo ha a leeme empa o amohela motho wa setjhaba sefe kapa sefe ya mo hlomphang le ya etsang dintho tse lokileng.”​—Diketso 10:34, 35.

 Bibele ya bontsha hore batho ba a tshwana le hore Modimo o amohela batho ba merabe yohle.

Kgethollo ya merabe e tla fediswa jwang?

 Kgethollo ya merabe e tla fediswa ke Mmuso wa Modimo e leng puso e lehodimong. Mmuso oo o tla ruta batho ho tshwara ba bang ka tsela e nepahetseng. Batho ba tla ithuta ho hlola maikutlo a ho kgetholla ba bang.

  •   “Baahi ba lefatshe ba [tla] ithuta ho loka.”​—Esaia 26:9.

  •   “Ho loka ha nnete ho tla etsa hore ho be le kgotso mme ditholwana tsa ho loka ha nnete e tla ba kgutso le tshireletseho e sa feleng.”​—Esaia 32:17.

 Kajeno, batho ba dimilione ba ithutile ka Bibeleng ho tshwara batho ka tlhompho le ho ba fa seriti.

  •   Ho ithuta ka ho eketsehileng bala makasine wa Fadimehang! o nang le sehlooho se reng “Na Kgethollo e Tla Fela?

  •   Bala sehlooho se reng “Talking to Children About Racism” (O ka Bua le Bana ba Hao Jwang ka Kgethollo ya Merabe?) e le ho ithuta hore na ke jwang batswadi ba ka buisanang le bana ka taba ena.