Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lenaneo la ho Bala Bibele

Lenaneo la ho Bala Bibele

Bibele e na le dikeletso tse molemo ka ho fetisisa tse ka o thusang bophelong ba hao. Haeba o bala Bibele ka mehla mme o nahanisisa ka seo o ithutang sona ebile o se sebedisa bophelong ba hao, “o tla atlehisa tsela ya hao.” (Joshua 1:8; Pesaleme ya 1:1-3) Hape o tla tseba Modimo le Mora wa hae Jesu mme tsebo eo e tla etsa hore o fumane bophelo ba ka ho sa feleng.​—Johanne 17:3.

O lokela ho bala Bibele jwang? Ho na le ditsela tse fapaneng. Lenaneo la ho bala Bibele le tla o thusa hore o bale mangolo a Bibele ka tatellano kapa tatellano ya ka diketsahalo. Ka mohlala, o ka bala ka histori ya ka moo Modimo a neng a sebedisana le Baiseraele. Hape o ka bala ka diketsahalo tsa ka moo phutheho ya Bokreste e qadileng ka teng. Haeba o bala di kgaolo tse tharo ka letsatsi, o tla be o badile Bibele kaofela ha selemo se fela.

Haeba o batla lenaneo la ho bala Bibele kamehla, lenaneo la selemo kaofela la ho bala Bibele kapa lenaneo la batho ba qalang ho bala, lenaneo lena le tla o thusa haholo. Downloada lenaneo la ho bala Bibele mme o qale ho bala Bibele kajeno.