Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Anemia e Bakwa ke Eng, o ka Bona Jwang ha e o Tshwere Hona e ka Phekolwa Jwang?

Anemia e Bakwa ke Eng, o ka Bona Jwang ha e o Tshwere Hona e ka Phekolwa Jwang?

 Beth o re: “Ke ne ke tshwerwe ke anemia ha ke sa le motjha. Ke ne ke dula ke kgathetse, masapo a ka a le bohloko mme ho ne ho le thata hore ke nahane. Ngaka ya ka e ile ya re ke nwe dipidisi tsa iron mme ke je dijo tse nang le phepo e ntle. Ka mora ho sebedisa ditlhahiso tsena ke ile ka ikutlwa ke le betere haholo.”

 Ha se Beth feela ya nang le bothata bona. Ho ya ka dipatlisiso tse entsweng ke World Health Organization, batho ba ka bang dibilione tse pedi, e leng diperesente tse 30 lefatsheng lohle ba na le anemia. Dinaheng tse futsanehileng, ho hakanngwa hore ho na le basadi ba baimana ba ka bang diperesente tse 50 le bana ba banyane ba ka bang diperesente tse 40 ba nang le anemia.

 Anemia e ka ba le ditlamorao tse kotsi. Maemong a mang e ka baka lefu la pelo. World Health Organization e bontsha hore dinaheng tse ding, basadi ba ka bang diperesente tse 20 ba bolailwe ke anemia. Bana ba hlahang batswadi ba bona ba na le anemia ba ka hlaha pele ho nako kapa ba hlaha ba fokola mmeleng. Bana ba nang le anemia ba nka nako ho hola mme ho ba bonolo hore ba kule. Le ha ho le jwalo, iron-deficiency anemia e ka kgona ho thibelwa le ho phekolwa. a

Anemia ke Eng?

 Anemia ke bolwetse. Ka mantswe a bonolo feela, batho ba nang le anemia ba haellwa ke di cell tse kgubedu tsa madi. Hona le mabaka a mangata a fapaneng a bakang bolwetse bona. Ha e le hantle, borasaense ba bontsha hore ho na le mefuta e ka hodimo ho 400 ya anemia! Bolwetse bona e ka ba ba nakwana feela kapa ya ba bolwetse bo sa foleng.

Anemia e Bakwa Keng?

 E bakwa ke dintho tse tharo tse latelang:

  •   Ho ba le kgaello ya madi ho fokotsa di cell tse kgubedu tsa madi mmeleng.

  •   Ha mmele o se o sa kgone ho etsa di cell tse kgubedu tsa madi tse lekaneng.

  •   Ha mmele o bolaya di cell tse kgubedu tsa madi.

 Iron-deficiency anemia ke bolwetse bo atileng haholo lefatsheng. Ha mmele o haellwa ke iron, ha o kgone ho ba le hemoglobin e lekaneng e leng ntho e ka hara cell e kgubedu e e thusang ho jara oxygen.

Iron-Deficiency Anemia o Tla e Bona ka Matshwao Afe?

 Qalong, batho ba nang le anemia ba kanna ba se e lemohe. Le hoja matshwao a ke ke a tshwana, matshwao a iron-deficiency anemia a akarelletsa dintho tse latelang:

  •   Ho kgathala haholo

  •   Maoto le matsoho a batang

  •   Ho fellwa ke matla

  •   Ho fetoha mmala wa letlalo

  •   Ho tshwarwa ke hlooho le ho tsekela

  •   Ho ba le mahlaba sefubeng, pelo e otlang ka potlako, ho hema ha bohloko

  •   Manala a robehang ha bonolo

  •   Ho se be le takatso ya dijo, haholoholo ho masea kapa bana

  •   Ho lakatsa ho ja ice, dijo tse nang le setatjhe kapa mobu

Ke bo Mang Bao e ka ba Tshwarang?

 Basadi ke bona bao ho bang bonolo hore iron-deficiency anemia e ba tshware hobane ba lahlehelwa ke madi a mangata ha ba ya matsatsing. Baimana le bona ba ka tshwarwa ke bolwetse bona haeba ba ja dijo tse se nang vitamin B.

 Masea a hlahileng pele ho nako kapa a hlahileng a fokollwa ke mmele, a sa fumaneng iron e lekaneng lebeseng.

 Bana ba sa jeng dijo tse nang le phepo e ntle.

 Batho ba sa jeng nama le dijo tse se nang iron e lekaneng.

 Batho ba kulang ba nang le bothata ba madi, kankere, diphio, diso kapa malwetse a mang.

O ka Phekola Anemia Jwang?

 Ha se mefuta yohle ya anemia eo o ka e thibelang kapa e phekolehang. Empa tse bakwang ke ho haellwa ha iron kapa di vitamin di ka kgona ho thibelwa kapa ho phekolwa haeba motho a ja dijo tse nang le phepo e ntle tse akaretsang tse latelang:

 Iron. E fumaneha dijong tse kang nama, dinawa, dierekisi le meroho. b O ka boela wa sebedisa dipitsa tsa iron hobane ho na le thuto e bontshang hore seo se tla eketsa iron dijong.

 Folate. E fumaneha dijong tse kang ditholwana, meroho, dinawa, cheese, mahe, tlhapi, dialmonde le matokomane. E boetse e fumanwa dijong tse nang le koro tse jwalo ka bohobe, pasta le reisi. Re ka boela ra fumana folate dipidising tse bitswang folic acid.

 Vitamin B-12. E fumaneha dijong tse kang nama, dijo tse entsweng ka lebese le dijo tse entsweng ka soya.

 Vitamin C. E fumaneha dijong tse kang, lamunu, pepere, broccoli, tamati, lehapu le strawberry. Dijo tse nang le vitamin C di thusa mmele wa hao hore o fumane iron.

 Dijo di fapana ho ya ka dibaka. Ithute dijo tsa sebakeng sa heno tse nang le phepo e ntle. Sena se ka tswela basadi, baimana le ba batlang ho ima molemo o moholo. Ha o hlokomela bophelo ba hao, seo se ka etsa hore ngwana wa hao a se ke a hlaha a na le anemia. c

a Tlhahiso leseding e hlahang sehloohong sena e mabapi le phepo e ntle le dintho tse ding e hlaha ho Mayo Clinic le The Gale Encyclopedia of Nursing and Allied Health. Eya ngakeng haeba o belaella hore o na le anemia.

b O se ke wa nwa kapa wa fa ngwana wa hao dipidisi tsa iron ntle ho tumello ya ngaka. Iron e ngata e ka senya sebete mme ya baka mathata a mang.

c Ka dinako tse ding dingaka di leka ho fodisa anemia ka hore di tshele madi, e leng seo Dipaki Tsa Jehova di sa se amoheleng.—Liketso 15:28, 29.