Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE YA BOPHELO YA HÅKAN DAVIDSSON

Ho Tshehetsa Mosebetsi wa ho Bolela Molaetsa wa Bibele

Ho Tshehetsa Mosebetsi wa ho Bolela Molaetsa wa Bibele

 Ke hlahetse Sweden ka ba ka holela teng. Ha ke sa le motjha, ke ne ke dumela hore Modimo ha a yo. Ka hoo, ha batswadi ba ka le kgaitsedi ya ka e ntlhahlamang ba qala ho ithuta Bibele le Dipaki Tsa Jehova ke ne ke se na kgahleho.

 Ka mora hore ntate wa ka a mmemele hore ke be teng thutong ya Bibele ka makgetlo a mangata, ke ile ka dumela. Ke ile ka hlollwa ha ke bona ka moo Bibele e nepahetseng ka teng ha e bua ka ditaba tse amanang le saense. Ha nako e ntse e ya, ke ile ka kgodiseha hore Bibele ke Lentswe la Modimo le hore Dipaki Tsa Jehova di e ruta ka tsela e nepahetseng mme di phela ho latela seo e se rutang. Nna le ntate wa ka re kolobeditswe hong ka 1970, yaba mme wa ka le dikgaitsedi tsa ka tse pedi ba kolobetswa dilemo ha morao.

 Ha ke ntse ke hola dithaka tsa ka di ne di rata menate mme ke a dumela hore le nna ha ke ne ke le dilemo di 17, ke ne ke kgalla tsela eo di phelang ka yona. Empa ke ile ka bona banyalani ba Dipaki ba neng ba ithuta le nna ba thabile tshebeletsong ya bona ya nako e tletseng. Ke ne ke batla ho tshwana le bona yaba ha morao ha ke le dilemo di 21 ke kenela tshebeletso ya nako e tletseng.

Ka lehlakoreng la ka le letshehadi ke ntate wa ka ha re ne re ilo kolobetswa

 Ho ba pulamadiboho ho ile ha ntlisetsa thabo ya sebele mme ke ne ke itshola hore na ke hobaneng ha ke sa qala kapele. Ke ne ke thabela ho fana ka bopaki haholoholo boemakepeng ba Göteborg, moo ke neng ke bua le basebetsi ba dikepe tse palamisang thepa ba tswang dinaheng tse ka ntle.

 Dilemong tse 50 tse fetileng, ke ile ka thabela tokelo e kgethehileng ya ho thusa batho ba buang dipuo tse fapaneng hore ba utlwe nnete ya Bibele. E reng ke le qoqele hore na sena se qadile jwang.

Ke Ile ka Sebetsa ka MEPS

 Ke ile ka sebetsa ka matsatsi ke le mohatisi e le hore nka kgona ho ba le dintho tseo ke di hlokang ha ke ntse ke le pulamadiboho. Ka nako eo, tsela eo batho ba neng ba hatisa dintho ka yona e ne e fetoha. Ho ena le hore ho sebediswe mokgwa wa kgale wa typewriter, dintho di ne di se di hatiswa ho sebediswa khompiyutha. Ke ile ka ithuta ho sebedisa mokgwa o motjha wa ho hatisa ho sebediswa khompiyutha. Re ne re hatisa ka masenke a motjhine o moholo.

Ka letsatsi la rona la lenyalo

 Ka 1980, ke ile ka nyala Helene eo e neng e le pulamadiboho ya ka mehla. Jwalo ka nna, o ne a rata ho kopana le batho ba tswang dinaheng tse ding a bile a rata ho ithuta ditso tsa bona. Re ne re batla ho ya Sekolong sa Gileade ebe re sebeletsa re le baromuwa.

 Le ha ho le jwalo, ka lebaka la boiphihlelo boo ke neng ke ena le bona ba ho hatisa, nna le Helene re ile ra memelwa ho ya sebeletsa Bethele e Sweden. Mokgatlo o ne o batla ho sebedisa mekgwa e metjha ya ho hatisa e neng e tla thusa hore mosebetsi o tsamaye habobebe. Ka hoo ka 1983 re ile ra iswa Bethele e Wallkill New York ho fumana kwetliso ya Multilanguage Electronic Phototypesetting System (MEPS) a eo bara ba bo rona ba neng ba ntse ba e etsa.

Ha re lokisetsa hore thepa ya lenaneo la MEPS e ye Hong Kong, Mexico, Nigeria le Spain

 MEPS ke lenaneo leo ka lona boitsebiso bo ka ngolwang ka dipuo tse makgolo, ba kopanngwa le ditshwantsho e le hore bo ka hatiswa. Mosebetsi wa rona e ne e le ho nka boitsebiso boo ebe re bo kenya ka ho MEPS e le hore dingolwa tsa rona di ka hatiswa dipuo tse ngata. Hona jwale Dipaki Tsa Jehova di se di hatisa ditaba tse monate ka dipuo tse fetang sekete.

 Ha nako e ntse e ya, nna le Helene re ile ra fuwa kabelo e ntjha ya ho ya Asia ho ya thusa ho kenya dipuo tse eketsehileng ho MEPS. Re ne re thabile hore ebe re kentse letsoho ho etsa hore ditaba tse monate di fumanehe ka dipuo tse ngata.

Ho Ithuta Setso se Fapaneng

 Ka 1986 nna le Helene re ile ra iswa India. Re ile ra tlameha ho ithuta setso se fapaneng hole le sa rona. Ha re fihla Bombay eo hona jwale e bitswang Mumbai, re ile ra hlollwa ha re bona sebaka se fapaneng ka ho feletseng le seo re se tlwaetseng. Setso sa Swedish le sa India di fapana ka ho feletseng. Bekeng ya pele feela re fihlile, re ne re se re batla ho kgutlela hae.

 Empa ka mora beke eo ya pele, re ile ra etsa qeto e tshwanang ya hore ka ha haesale re batla ho ba baromuwa mme jwale re fuwe kabelo ya ho sebeletsa naheng e nngwe re ke ke ra e tlohela. Re ne re lokela ho mamella boemo bona.

 Ka hoo ho ena le hore re kgutlele hae, re ile ra etsa qeto ya hore re tla ithuta dintho tsohle tseo re lokelang ho di tseba ka bophelo bona ba rona bo botjha. Ho etsa sena ho ile ha thusa nna le Helene hore re rate ho dula India. Re ile ra ba ra ithuta dipuo tse pedi tse buuwang mona India, e leng Segujarati le Sepunjabi.

Ha re Iswa Myanmar

Re Holong ya Mmuso mme re apere diaparo tsa setso tsa naha ya Myanmar

 Ka 1988 re ile ra iswa Myanmar, e leng naha e pakeng tsa China, India le Thailand. Ho ne ho ena le moferefere wa dipolotiki naheng ya Myanmar mme karolo e kgolo ya naha eo e ne e laolwa ke sesole. Lenaneo la MEPS le ne le se na ditlhaku tsa dipuo tse ding ntle le tsa puo ya Seroma mme ho ne ho se na lenaneo le leng le neng le ka kgona ho ngola ka dipuo tse ding. Ka hoo, mosebetsi wa rona e ne e le ho etsa pokello ya ditlhaku tse ntjha ebe ha re kgutlela Wallkill re di kenya lenaneong la MEPS.

 Ha re le boemafofane, Helene o ne a tshwere mokotlana wa hae o neng o tshetse pokello e ntjha ya ditlhaku tseo re neng re di qapile. Ka ha ka nako eo ho ne ho ena le moferefere wa dipolotiki, re ne re ka tshwarwa ha re ne re ka fumanwa re tshwere dingolwa tsa puo ya Myanmar. Ha Helene a ne a setjhwa, o ile a phahamisa matsoho a ntse a tshwere mokotlana oo mme ha ho na motho ya boneng le hore o ne a tshwere mokotlana.

Lenaneo la MEPS le re thusitse ho ntlafatsa tsela eo re hatisang dingolwa ka yona

 Bafetoledi ba Myanmar ha ba a ka ba fumana pokello ya ditlhaku tse ntjha feela empa ba ile ba boela ba fuwa dikhompiyutha, diprintara ba ba ba fuwa le kwetliso ya ho sebedisa lenaneo la MEPS. Boholo ba bafetoledi bana ba ne ba eso ka ba bona khompiyutha le ka mohla empa ba ne ba ikemiseditse ho ithuta ho e sebedisa. Sena se ne se bolela hore ha ba sa tla hlola ba sebedisa mokgwa wa kgale wa di typewritter kapa wa ho nka ditlhaku tse entsweng ka tshepe ebe ba di kenya motjhineng o moholo o hatisang ka letsoho. Ka lebaka la sena, tsela eo re hatisang dingolwa tsa rona ka yona e ile ya ntlafala haholo.

Ha re Iswa Nepal

 Ka 1991 nna le Helene re ile ra koptjwa ho ya thusa Nepal, e leng naha e ka borwa ho dithaba tsa Himalayas. Ka nako eo, ho ne ho ena le phutheho e le nngwe feela naheng eo mme ho fumaneha dingolwa tse mmalwa feela ka puo ya Senepali.

 Ho eso ye kae, dingolwa tse ngata di ile tsa fetolelwa tsa ba tsa abelwa batho tshimong. Kajeno ho se ho ena le Dipaki Tsa Jehova tse ka bang 3 000 diphuthehong tse ka hodimo ho 40 Nepal mme batho ba ka hodimo ho 7 500 ba ile ba eba teng Sehopotsong sa lefu la Kreste sa selemo sa 2022.

Bukana e Fetoletsweng ka Puo ya Selahu

 Bohareng ba dilemo tsa bo 1990, baromuwa ba bang ba dulang toropong ya Chiang Mai naheng ya Thailand, ba ile ba qala ho pakela batho ba merabe ya Lahu ba neng ba dula dithabeng. Batho ba buang puo ya Selahu ba dula pela madiboho a China, Laos, Myanmar, Thailand le Vietnam. Le ha ho le jwalo, re ne re se na dingolwa tse teng ka puo ya bona.

 Mohlankana e mong ya neng a ithuta Bibele le baromuwa bao, o ile a fetolela bukana ya “Look! I Am Making All Things New” ho tloha puong ya Sethai ho ya puong ya Selahu. Mohlankana enwa le batho ba bang ba buang puo ya Selahu, ba ile ba bokelletsa tjhelete mme ba e romela le bukana ena ofising ya lekala e le hore e ka hatiswa. Ha ba romela bukana ena, ba ile ba ngola le lengolo le neng le hlalosa hore ba ka rata ha batho bohle ba buang puo ya Selahu ba ka utlwa ditaba tse monate tse tswang bukaneng ena eo ba ithutileng yona.

 Dilemo tse mmalwa ka mora moo, nna le Helene re ile ra fumana tokelo e babatsehang ya ho rupela bafetoledi ba puo ya Selahu ho sebedisa lenaneo la MEPS. E mong wa bafetoledi bao, e ne e le morabo rona ya sa tswa kolobetswa mme o ne a sebeletsa ofising ya phetolelo toropong ya Chiang Mai. Re ne re maketse feela ha re fumana hore morabo enwa ke yena mohlankana yane ya ileng a fetolela bukana ya “Look!” ka puo ya Selahu.

 Ka 1995 nna le Helene re ile ra kgutlela India, moo re ileng ra sebetsa le bafetoledi ofising ya lekala mme ra ba fa dintho tseo ba neng ba di hloka ha ba sebedisa MEPS e le hore ba kgone ho etsa mosebetsi wa bona. Kajeno ho na le dingolwa tse ngata tse fumanehang ka dipuo tse buuwang moo mme batho ba sebakeng seo ba kgona ho ithuta Bibele ebe qetellong ba a kolobetswa.

Bophelo ba Rona bo Bile le Morero

 Haesale nna le Helene re sebeletsa lekaleng la Brithani ho tloha ka 1999 mme re sebetsa le sehlopha se ntlokgolo se etsang lenaneo la MEPS. Ka nnete e bile ntho e thabisang haholo ho qeta nako ya rona re le London moo re neng re bolela ditaba tse monate tshimong ya Segujarati le Sepunjabi. Le hona jwale ha ho eba le puo e ntjha e hlahang ho jw.org, re batla menyetla ya ho pakela batho ba tshimong ya rona ba buang puo eo.

 Ke thabile haholo hore ebe ke ile ka iketsetsa dipakane tshebeletsong ya Jehova ke sa le motjha, ho ena le hore ke etsise dithaka tsa ka tse neng di rata menate. Ha re hetla morao, ha re ikwahlaele qeto eo re e entseng ya ho kenela tshebeletso ya nako e tletseng. Re thabetse ho sebeletsa dinaheng tse fetang 30 mme ra bona ha ditaba tse monate di fihla ho batho ba merabe yohle, ditjhaba tsohle le dipuo tsohle.​—⁠Tshenolo 14:⁠6.

a Lenaneo le letjha le seng le bitswa Multilanguage Electronic Publishing System e leng MEPS le boetse le sebediswa ha ho hatiswa dingolwa tse hlahang inthaneteng.