Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Mangolo a mane a Dikosepele a ngotsweng dilemong tsa bo1301 ho isa ho 1399, ka puo ya Segeorgia

GEORGIA | 1924-1990

Bibele ka Segeorgia

Bibele ka Segeorgia

SEGEORGIA ke e nngwe ya dipuo tsa kgale tseo Bibele e ileng ya fetolelwa ka tsona ho akarelletsa le Secoptic, Searmenia, Selatin, Sesyria le tse ding. Dibuka tse ngotsweng ka letsoho tsa Dikosepele, mangolo a Pauluse le Dipesaleme, tsa puo ya Segeorgia di ngotswe dilemong tsa bo401 ho ya ho 500. Dilemong tse makgolo tse latelang, palo ya Dibibele tse fetolelwang e ile ya eketseha mme sena ile sa etsa hore ho be le diphetolelo tse ding. *

Bibele e ile ya susumetsa tsela eo batho ba Georgia ba neng etsa dintho ka yona haholo. Ka mohlala, pale e bohloko ya mofumahadi Shushanik eo ho ka etsahalang hore e ngotswe qetellong ya dilemo tsa bo500, e na le moo e qotsitseng ditemana tsa Bibele. Thothokisong ya hae e tsebahalang e bitswang, Vepkhvistqaosani (The Knight in the Panther’s Skin), e ileng ya ngolwa ka selemo sa 1220, Shota Rustaveli o ile a bua ka tsela eo Bakreste bo lokelang ho itshwara ka yona. O ile a ngola ka lintho tse kang, ho etsa metswalle, ho fana le ho rata batho mme Mageorgia a ntse a nka dintho tsena e le tsa bohlokwa le kajeno.

^ par. 3 Ho fumana dintlha tse eketsehileng mabapi le taba ena, sheba sehlooho se reng “Letlotlo le Patehileng ka Makholo a Lilemo” ho Molula-Qhooa wa June 1, 2013.