Feta

NA E ENTSWE?

Ntho e Kang Mamina ya Tlhapi e Bitswang Hagfish

Ntho e Kang Mamina ya Tlhapi e Bitswang Hagfish

Haesale borasaense ba hlollwa haholo ke ntho e kang mamina e ntshwang ke tlhapi e bitswang hagfish. Ke hobaneng ha ba thahasella ho tseba haholo ka yona? Ntho e kang mamina ya tlhapi e bitswang hagfish e hlaloswa e le e nngwe ya dintho tse “tsejwang haholo e bonolo le e mamarelang.”

Nahana ka sena: Hagfish e batlile e tshwana le noha mme e phela ka tlase lewatleng. Ha ditlhapi tse ding di batla ho e ja, kapelepele hagfish e ntsha jele ya yona tshweleseng ya teng. Sebaka seo tshwelesa e leng ho sona se na le ntho e kang mamina e bitswang mucus e etsang diprotheine le diprotheine tse ding tse dikete. Diprotheine tsena di a kopana e be di etsa hore metsi a pela hagfish e be ntho e kang mamina e mamarelang. Ntho ena e kang mamina e thibela ditlhapi tse batlang ho ja hagfish mme sena se etsa hore di tsamaye hanghang.

Jele e ntshuwang ke hagfish ha ya tlwaeleha. E bophara ba moriri wa motho mme e matla ho feta nylon ka makgetlo a ka hodimo ho leshome. Ha e ntsha jele ya yona, motswako wa mucus le dithapo tsa diprotheine di etsa sebopeho se tshwanang le sefe e nang le mahlakore a mararo, e leng bolele, bophara le botebo. Sebopeho sena se ka kgona ho tshwara metsi a boima ho se feta ka makgetlo a 26 000. Ha e le hantle ntho e kang mamina ya hagfish boholo ba yona ke metsi!

Borasaense ha ba so kgone ho etsa jele e tshwanang le jele ya hagfish. Mofuputsi e mong o re “tsela eo jele ya hagfish e rarahaneng ka teng ho ka ba thata hore re ka e etsisa.” Le ha ho le jwalo borasaense ba ikemiseditse ho leka hape tsela eo diprotheine tsa tlhaho di leng ka yona ba sebedisa dibaktheria. Morero wa bona ke ho etsa sesebediswa se seng boima, se sa taboheng, se mamarelang le se ka kgonang ho sebediswa ka makgetlo a mangata. Dikgwele tsa diprotheine tseo borasaense ba iketseditseng tsona di ka sebedisetswa ho etsa malapi kapa dintho tse tla sebediswa ke dingaka. Ka nnete ho na le ditsela tse ngata tseo jele eo batho ba iketseditseng yona e ka sebediswang ka teng.

O nahanang ka see? Na tsela e rarahaneng eo jele ya hagfish e bang teng ka yona e itlhahetse fela? Kapa na e entswe?