Feta

NA E ENTSWE?

Tsela e Hlollang eo Letsoho la Tlhapi e Bitswang Octopus le Entsweng ka Yona

Tsela e Hlollang eo Letsoho la Tlhapi e Bitswang Octopus le Entsweng ka Yona

Ditsebi tse etsang diroboto, di fumane mokgwa o ka thusang dingaka hore di etse motho opereishene ka tsela e bonolo, ho sa tsotellehe hore na ke opereishene e nyane kapa e kgolo. Setsebi se seng sa diroboto, se re se kgahlilwe ke tsela eo letsoho la octopus le entsweng ka yona hobane le kgona ho kobeha ha bonolo.

Nahana ka sena: Matsoho a bonolo a octopus a 8 a kgona ho tshwara, ho tiisa le ho ipenya hore e tswe sebakeng se senyane. Le hoja matsoho a yona a le bonolo, e ka kgona ho tiisa karolo e nngwe ya letsoho la yona haeba e batla ho tshwara ntho e itseng.

Bafuputsi ba dumela hore ho ka kgonwa ho etswa letsoho la roboto le tshwanang le la octopus, le bonolo le le kgonang ho kobeha. Letsoho lena le ka kgona ho thusa dingaka hore di kgone ho etsa di opereishene ka tsela e bonolo hobane letsoho leo le ka kgona ho kena ka hare, la kgona ho tshwara la ba la tiisa ntho eo ba batlang ho e tshwara.

Shebella video ho bona matsoho a kobehang ha bonolo a octopus

Letsoho lena la roboto, le tshwanang le la octopus le se le entswe mme le se le sebedisetswa ho etsa di opereishene. Karolo e nngwe ya letsoho leo, e kgona ho tshwara dintho tse bonolo e sa di senye kapa hona ho di diya, ha karolo e nngwe yona e ntse e etsa opereishene. Dr. Tommaso Ranzani o re: “Re dumela hore ha nako e ntse e ya, re ka kgona ho etsa roboto e ka kgonang ho etsa mosebetsi o mongata ho feta ena.”

Letsoho la roboto le kobehang ha bonolo le etsa hore ho be bonolo ho etsa opereishene

Wena o nahanang ka taba ee? Na letsoho la octopus le ikentse? Kapa na le entswe?