Feta

NA E ENTSWE?

Leleme la Katse

Leleme la Katse

Dikatse tse ruuwang di tsebahala ka ho itlhwekisa. Di ka qeta kotara e le nngwe di ntse di itlhwekisa nakong eo di tsohileng ka yona. Di kgona ho itlhwekisa hantle ka lebaka la tsela e hlollang eo leleme la tsona le entsweng ka yona.

Nahana ka sena: Leleme la katse le na le di papillae tse 290, e leng dintho tse motsu tse nyenyane tse shebileng morao, tse ka bang thata jwalo ka lenala la hao. Papilla ka nngwe e kgona ho nka mathe hang fela ha katse e kgutlisetsa leleme ka hanong.Ha katse e nyeka boya ba teng papillae e kenella ka hara boya ba teng mme e ntshetse mathe letlalong.

Setshwantsho se hodisitsweng se hlahisitseng di papillae

Leleme la katse le ka kgona ho fetisetsa mathe a ka etsang dimililithara tse 48 letlalong la yona le boyeng ba teng letsatsi le letsatsi.Mathe ana a na le metswako e potlakisang tshebetso ya dikhemikhale mmeleng (kapa di enzyme) e bolayang ditshila. Ho ekelletsa moo, ha mathe a katse a monyela, a etsa hore mmele wa yona o phole, sena ke sa bohlokwa hobane katse ha e na ditshwelesa tsa mofufutso.

Haeba papillae e kena hara boya bo harelaneng, e kenella hare mme eketsa matla a hore e bo harolle. Papillae e boetse e hlasimolla letlalo nakong eo katse e ntseng e itlhwekisa. Bafuputsi ba ile ba etsisa tsela eo leleme la katse le entsweng ka yona ha ba ne ba etsa borashe ba moriri. Borashe bona ha bo tshwane le borashe bo tlwaelehileng, bo kgona ho hlwekiseha ha bonolo hape bo kgona ho harolla moriri o harelaneng. Bafuputsi ba dumela hore leleme la katse le ka ba kgothalletsa hore ba etse disebediswa tse ka kgonang ho hlwekisa dintho tse boya le tse boya bo bongata haholo. Le ka boetse la ba kgothalletsa ho ntlafatsa ditlolo kapa meriana bakeng sa matlalo a nang le moriri o mongata.

O nahanang ka see? Na leleme la katse le itlhahetse feela? Kapa na le entswe?