Feta

NA E ENTSWE?

Lekgapetla le Thata le sa Senyeheng la Tholwana e Bitswang Pomelo

Lekgapetla le Thata le sa Senyeheng la Tholwana e Bitswang Pomelo

Pomelo ke tholwana e kgolo e hlahang sefateng, e tswekere le e nang le moro. Le hoja tholwana ena e ka wa sefateng boleleleng ba dimithara tse fetang tse leshome, ha e senyehe! Ke eng e etsang hore tholwana ena e se ke ya senyeha?

Nahana ka sena: Bafuputsi ba fumane hore letlalo le ka hare le lesweu le etsa ntho ekang ke seponche e nang le masoba hare. Masoba ana a ba maholo ha letlalo lena le lesweu le kenella ka hara tholwana ebe ho tlala moya kapa moro sebakeng seo. Ha tholwana e wela fatshe moro o keneng dipakeng o a e sireletsa. Lekgapetla la pomelo le ba thata ha e fihla fatshe e le hore le ka e sireletsa hore e se ke ya petsoha.

Borasaense ba leka ho etsa dintho tsa tshepe tse sa senyeheng tse nang le seponche, tse tshwanang le ka moo letlalo la pomelo le leng ka teng. Ba dumela ho re ba ka sebedisa mokgwa o tshwanang le wa tholwana ena ho etsa dintho tse kang di helmete bakeng sa batho ba kgannang dithuthuthu, tshireletso ya dikoloi le ntho e ka sireletsang space station kgahlanong le majwe a bitswang di meteoroid

O nahanang ka see? Na lekgapetla le thata le sa senyeheng la pomelo le ikentse? Kapa na le entswe?