Feta

Seo o Tla Ithuta Sona Mangolong a Bibele

Divideo tsena tse kgutshwanyane di tla o fa dintlha tsa se etsahetseng mehleng ya ha ho ne ho ngolwa Lengolo leo le hore na le tla bua ka eng. Sebedisa divideo tsena e le ho re o ntlafatse tsela eo o balang le ho ithuta Bibele ka yona.

Seo re ka Ithutang Sona Lengolong la Jeremia

Jeremia o ile a phetha kabelo ya hae ya ho ba moprofeta ho sa tsotellehe mathata a kopaneng le ona. Nahana hore na mohlala wa hae o ka tswela Bakreste molemo jwang mehleng ena.

Seo re ka Ithutang Sona Lengolong la Levitike

Bona ka moo Levitike e hlalosang kgalalelo ya Modimo le hore na ke hobaneng ha le rona re hloka ho halalela.

Seo re ka Ithutang Sona Lengolong la Lillo Tsa Jeremia

Lengolo la Lillo Tsa Jeremia le ngotsweng ke moprofeta Jeremia, le hlalosa masisapelo a bileng teng ka lebaka la ho timetswa ha Jerusalema, le boetse le bontsha kamoo ho baka ho ka etsang hore Modimo a re tshwarele kateng.

Seo re ka Ithutang Sona Lengolong la Joshua

Bona ka moo setjhaba sa Iseraele se hapang le ho arola naha eo Modimo a se fileng yona.

Seo re ka Ithutang Sona Lengolong la Ezekiele

Ka boikokobetso Ezekiele o ne a phetha kabelo e nngwe le e nngwe eo Modimo a neng a mo fa yona ebile a le sebete, ho sa tsotelleho hore na e thata ha kae. Mohlala wa hae ke wa bohlokwa haholo ho rona kajeno.

Seo re ka Ithutang Sona Lengolong la Baahloli

Lengolo lena le bua ka banna ba sebete bao Jehova a ileng a ba sebedisa ho thusa Baiseraele kgahlanong le batho ba neng ba ba hlorisa.

Seo re ka Ithutang Sona Lengolong la Ruthe

Lengolo la Ruthe le bua ka mohlolohadi ya ileng a itela molemong wa mmaematsale le ka moo Jehova a ileng a ba hlohonolofatsa ka teng.

Seo re ka Ithutang Sona Lengolong la 1 Samuele

Bona ka moo Jehova a tlohelang ho sebedisa baahlodi ho thusa setjhaba mme a sebedisa marena hore a se buse.

Seo re ka Ithutang Sona Lengolong la Daniele

Daniele le metswalle ya hae ba ile ba dula ba tshepahalla Jehova ho sa tsotellehe diteko tseo ba neng ba kopana le tsona. Mohlala wa bona le ho phethahala ha boprofeta di ka re tswela molemo hona jwale nakong ya bofelo.

Seo re ka Ithutang Sona Lengolong la Hosea

Boprofeta ba Hosea bona le dintlha tsa bohlokwa tse ka re tswelang molemo tse buang ka mohau wa Jehova ho baetsadibe ba bakang le mofuta wa borapedi boo a bo hlokang.

Seo re ka Ithutang Sona Lengolong la Joele

Moprofeta Joele o ile a profeta ka ho atamela ha “letsatsi la Jehova” le hore na motho o lokela ho etsang hore a pholohe. Molaetsa wa hae o potlakile haholo kajeno.

Seo re ka Ithutang Sona Lengolong la Amose

Jehova o sebedisitse monna enwa ya ikokobeditseng ho etsa mosebetsi wa bohlokwa. Ke dithuto dife tseo re ka ithutang tsona mohlaleng wa Amose?

Seo re ka Ithutang Sona Lengolong la Obadia

Lengolo la Obadia ke lona le le kgutshwane ka ho fetisisa Mangolong a Seheberu. Boprofeta bona bo fana ka tshepo hape bo bontsha ka moo borena ba Jehova bo tlang ho halaletswa ka teng.

Seo re ka Ithutang Sona Lengolong la Jonase

Moprofeta enwa o ile a amohela keletso, a phethahatsa kabelo ya hae a ba a ithuta ka moo Modimo o nang le lerato le mosa ka teng. Mohlala wa hae o re ama pelo.

Seo re ka Ithutang Sona Lengolong la Mikea

Boprofeta bona bo tswang ho Modimo bo ka re tiisetsa hore seo Jehova a re kopang sona se na utlwahala ebile se re tswela molemo.

Seo re Ithutang Sona Lengolong la Nahume

Boprofeta bona bo re fa tshepo ya hore Jehova o dula a phethahatsa lentswe la hae le hore o fana ka matshediso ho bohle ba batlang kgotso le pholoho Mmusong wa hae.

Seo re ka Ithutang Sona Lengolong la Habakuke

Re ka ba le kgodiseho hore Jehova o tseba nako le tsela e loketseng ya ho pholosa batho ba hae.

Seo re ka Ithutang Sona Lengolong la Sofonia

Ke hobaneng ha re sa lokela ho nahana hore letsatsi la Jehova la kahlolo le ke ke la fihla?

Seo re ka Ithutang Sona Lengolong la Hagai

Boprofeta bona bo bontsha ka moo re ka behang borapedi ba rona ho Modimo pele ho dithahasello tsa rona kateng.

Seo re ka Ithutang Sona Lengolong la Zakaria

Mehleng ya kgale dipono tse ngata tse neng di tswa ho Modimo di ne di matlafatsa batho ba hae. Le kajeno boprofeta bona bo tswelapele ho re tiisetsa hore Jehova o tla re tshehetsa.

Seo re ka Ithutang Sona Lengolong la Malakia

Ke boprofeta bo buang ka melaomotheo e sa fetoheng ya Jehova ho akarelletsa le mosa le lerato la hae. Boprofeta bona bo boetse bo fana ka dithuto tsa bohlokwa tseo re ka di sebedisang maemong ao re thulanang le ona letsatsi le letsatsi.

Seo re ka Ithutang Sona Lengolong la Matheu

Ithute dintlha tsa bohlokwa ka lengolo lena la Bibele, e leng Kosepele ya pele ho tse nne.

Seo re ka Ithutang Sona Lengolong la Mareka

Kosepele ena ke e kgutshwane ka ho fetisisa ho tse nne, tlaleho ya Mareka e re fa lesedinyana la ha Jesu a se busa e le Morena Mmusong wa Modimo.

Seo re ka Ithutang Sona Lengolong la Luka

Kosepele ya Luka e na le dintlha dife tse ikgethang?

Seo re ka Ithutang Sona Lengolong la Johanne

Tlaleho ya Johanne e bontsha lerato leo Jesu a nang le lona bakeng sa moloko wa batho, mohlala wa hae wa boikokobetso, le hore ke Messia​—morena wa nakong e tlang wa mmuso wa Modimo.

Seo re ka Ithutang Sona Lengolong la Liketso Tsa Baapostola

Bakreste ba mehleng ya baapostola ba ile ba sebetsa ka thata ho etsa batho ba ditjhaba tsohle barutuwa. Lengolo la Bibele la Liketso le ka eketsa tjheseho ya hao le mafolofolo a hao tshebeletsong.

Seo re ka Ithutang Sona Lengolong la Baroma

Tataiso e buduletsweng mabapi le hore Jehova ha a leeme le bohlokwa ba ho bontsha tumelo ho Jesu Kreste.

Seo re ka Ithutang Sona Lengolong la 1 Bakorinthe

Lengolo la Pauluse le akarelletsa keletso e buduletsweng e mabapi le bonngwe, boitshwaro bo hlwekileng, lerato, le ho ba le tumelo tsohong.

Seo re ka Ithutang Sona Lengolong la 2 Bakorinthe

Jehova, e leng “Modimo wa matshediso wohle,” o matlafatsa le ho hlokomela bahlanka ba hae.

Seo re ka Ithutang Sona Lengolong la Bagalata

Feela jwalo ka ha lengolo la Pauluse le yang ho Bagalata le ne le sebetsa mehleng ya hae, le ntse le sebetsa le kajeno. Le ka thusa Bakreste ba nnete hore ba dule ba tshepahala.

Seo re ka Ithutang Sona Lengolong la Baefese

Lengolo lena le buduletsweng le bontsha morero wa Modimo wa ho tlisa kgotso le bonngwe a sebedisa Jesu Kreste.

Seo re ka Ithutang Sona Lengolong la Bafilipi

Ha re ema re tiile ha re le lekwa, re ka kgothatsa ba bang hore le bona ba eme ba tiile.

Seo re ka Ithutang Sona Lengolong la Bakolose

Re ka thabisa Jehova ka ho sebedisa seo re ithutang sona, ka ho tshwarelana ka bolokolohi le ka ela hloko boemo ba Jesu le matla a hae.

Seo re ka Ithutang Sona Lengolong la 1 Bathesalonika

Re lokela ho dula re hlokomela dintho tse ka fokodisang tumelo ya rona, re “nepisise dintho tsohle,” re ‘rapele re sa phetse,’ re be re kgothatsane.

Seo re ka Ithutang Sona Lengolong la 2 Bathesalonika

Pauluse o lokisa pono e fosahetseng e mabapi le ho tla ha letsatsi la Jehova, mme o kgothalletsa barababo rona hore ba dule ba tiile tumelong.

Seo re ka Ithutang Sona Lengolong la 1 Timothea

Pauluse o ngotse lengolo la 1 Timothea ho bontsha tsela eo dintho di lokelang ho etswa ka phuthehong le ho lemosa kgahlanong le dithuto tsa bohata le ho rata tjhelete.

Seo re ka Ithutang Sona Lengolong la 2 Timothea

Pauluse o kgothalletsa Timothea hore a phethe bosebeletsi ba hae ka botlalo.

Seo re ka Ithutang Sona Lengolong la Tite

Lengolo la moapostola Pauluse le yang ho Tite le bua ka mathata a diphuthehong tse Kreta mme le bontsha dintho tse ka etsang hore barababo rona ba tshwanelehe hore e be baholo.

Seo re ka Ithutang Sona Lengolong la Filemone

Lengolo lena le lekgutshwanyane empa le na le dithuto tse matla mabapi le boikokobetso, mosa le ho tshwarela.

Seo re ka Ithutang Sona Lengolong la Baheberu

Borapedi ba Bakreste bo thehilwe dinthong tse kgolo ho feta ditempele le ho etsa mahlabelo ka diphoofolo.

Seo re ka Ithutang Sona Lengolong la 1 Johanne

Lengolo la Johanne le re lemosa kgahlanong le bahanyetsi ba Kreste le ho re thusa ho tseba seo re lokelang ho se rata le seo re sa lokelang ho se rata.

Seo re ka Ithutang Sona Lengolong la 2 Johanne

Lengolo la Johanne la bobedi le re hopotsa hore re nne re tsamaye nneteng le hore re itebele kgahlanong le batho ba thetsang.

Seo re ka Ithutang Sona Lengolong la Juda

Juda o pepesa diketso tse bolotsana tsa batho ba lekang ho thetsa le ho kgelosa Bakreste.

Seo re ka Ithutang Sona Lengolong la Tšenolo

Dipono tse hlahang ho Tšenolo di bontsha ka moo Mmuso wa Modimo o tla phethahatsa morero wa hae ka batho le ka lefatshe.