Feta

Kgutsufatso ya Bibele

Kgutsufatso ya Bibele

Bibele ke buka e fumanehang ka ho fetisisa lefatsheng lohle mme batho ba bangata ba a e ananela. Empa o ka nna wa ipotsa hore na buka ena e tsebahalang e bua ka eng.

Bukana ya Bibele​—e na le Molaetsa Ofe? E na le kgutsufatso ya Bibele e ka o thusang hore o utlwisise hore na Bibele e bua ka eng. Bukana ena e na le kakaretso ya Bibele ho tloha bukeng ya Genese ha e bua ka popo ho ya bukeng ya Tšenolo e buang ka tshepo ya bokamoso. Bukana ena e boetse e na le tatellano ya diketsahalo tsa bohlokwa tseo ho buuwang ka tsona ka Bibeleng. E boetse e na le ditshwantsho tse ntle le dipotso tse etsang hore motho a nahane tseo le ka buisanang ka tsona.

Bala bukana ya Bibele​—e na le Molaetsa Ofe? Inthaneteng.