Feta

Mosadi wa Kaine e ne e le Mang?

Mosadi wa Kaine e ne e le Mang?

Karabo ya Bibele

Mora e moholo wa banyalani ba pele, Kaine, o ile a nyala kgaitsedi ya hae kapa motswala wa hae. Re ka fihlela qeto ena ka ho hlahloba seo Bibele e se buang ka Kaine le lepala labo.

Seo e leng nnete ka Kaine le lelapa labo

  • Batho bohle ba tswa ho Adama le Eva. Modimo “o entse ho tswa mothong a le mong [Adama] setjhaba se seng le se seng sa batho, ho dula hodima lefatshe lohle.” (Liketso 17:26) Mosadi wa Adama, Eva, e bile “mme wa e mong le e mong ya phelang.” (Genese 3:​20) Kahoo, e tlameha ebe Kaine o nyetse e mong wa bana ba Adama le Eva.

  • Kaine le morabo Abele e ne e le bana ba pele ho ba bangata ba Adama le Eva. (Genese 4:​1, 2) Ha Kaine a lelekwa ka lebaka la ho bolaya morabo o ile a re: “Ka sebele mang kapa mang ya mphumanang o tla mpolaya.” (Genese 4:​14) Kaine o ne a tshaba mang? Bibele e re Adama “a tswala bara le baradi.” (Genese 5:4) Kamoo ho bonahalang kateng, bana babo Kaine ba ne ba ka leka ho mo bolaya.

  • Mehleng ya kgale e ne e le ntho e tlwaelehileng hore motho a ka nyala mong ka yena. Ka mohlala, monna ya tshepahalang Abrahama o ile a nyala kgaitsedi ya hae, moradi wa ntate wa hae. (Genese 20:12) Thibelo ya pele ya manyalo a jwalo e hlahile Molaong wa Moshe, o thehilweng dilemo ka mora hore Kaine a be teng. (Levitike 18:​9, 12, 13) Ho fapana le kajeno, ho bonahala eka ha batho ba amanang haufiufi ba ne ba nyalana, bana ba bona ba ne ba se kotsing e kaalo ya hore ba ka hlaha ba holofetse.

  • Bibele e bua ka tlaleho ya Adama, Eva le lelapa la bona ka tsela e nepahetseng. Tlaleho e felletseng ya leloko la Adama ha e fumanehe ho Genese feela, e ngotsweng ke Moshe empa e fumaneha le dibukeng tse ngotsweng ke borahistori ba kang Esdrase le Luka.(Genese 5:​3-5; 1 Likronike 1:​1-4; Luka 3:​38) Bangodi ba bang ba Bibele ba bua ka pale ya Kaine.​—Baheberu 11:4; 1 Johanne 3:​12; Juda 11.