Feta

Jesu o ne a Shebahala Jwang?

Jesu o ne a Shebahala Jwang?

Karabo ya Bibele

 Ha hona motho ya tsebang hantle hore na Jesu o ne a shebahala jwang hobane Bibele ha e bue ka ponahalo ya hae. Sena ke bopaki ba hore ponahalo ya Jesu e ne e se ntho ya bohlokwa. Le ha ho le jwalo, Bibele e re fa lesedinyana la hore Jesu o ne a shebahala jwang.

  •   Tsela eo a neng a shebahala ka yona: Jesu e ne e le Mojuda mme o ne a e na le ditshobotsi tsa Bajuda tseo a di futsitseng ho mme wa hae. (Baheberu 7:​14) Ha ho bonahale e ka o ne a shebahala ka tsela e fapaneng le ya batho ba bang. Ka nako tse ding, Jesu o ne a kgona ho tloha Galilea a ye Jerusalema ho se motho ya elellwang hore ke yena. (Johanne 7:​10, 11) Le ha a ne a e na le barutuwa ba hae o ne a sa bonahale ha bonolo hobane o ne a tshwana le bona. Ke kahoo ha letshwele le neng le tshwere dibetsa le batla Jesu, Judase Iskariota a ileng a tlameha ho ba bontsha yena.​—Matheu 26:47-​49.

  •   Bolelele ba moriri wa hae: Ho ka se etsahale hore ebe Jesu o ne a e na le moriri o motelele, hobane Bibele e re “haeba monna a e na le moriri o molelele, ke tlhomphollo ho yena.”​—1 Bakorinthe 11:14.

  •   Ditedu tsa hae: Jesu o ne a e na le ditedu. O ne a latela molao wa Bajuda o neng o sa dumelle banna ba baholo ba Bajuda hore ‘ba senye mathoko a ditedu tsa bona.’ (Levitike 19:27; Bagalata 4:4) Bibele e bua ka ditedu tsa Jesu boprofeteng bo buang ka ho hloriswa ha hae.​—Esaia 50:6.

  •   Sebopeho sa mmele wa hae: Bibele e hlalosa kamoo Jesu a neng a phetse hantle kateng. Ha a ne a etsa tshebeletso ya hae ya ho bolela ditaba tse molemo, o ne a tsamaya maeto a matelele. (Matheu 9:​35) Ka makgetlo a mabedi, o ile a etsa bonnete ba hore borapedi ba Bajuda bo dula bo hlwekile, a phethola ditafole tsa ba neng ba qhekella batho ka tjhelete, a ba a leleka dinku le dikgomo a sebedisa sephadi. (Luka 19:45, 46; Johanne 2:​14, 15) Cyclopedia ya McClintock le Strong e re: “Tlaleho ya boevangedi e hlalosa kamoo Jesu a neng a phetse hantle ebile a le matla kateng.”​—Volume IV, leqephe 884.

  •   Ponahalo ya sefahleho sa hae : Jesu o ne a le mosa a bile a na le kutlwelo bohloko mme ha ho pelaelo hore sefahleho sa hae se ne se bontsha seo. (Matheu 11:28, 29) Batho ba mefuta yohle ba ne ba ya ho yena bakeng sa ho fumana thuso le matshidiso. (Luka 5:​12, 13; 7:​37, 38) Le bana ka ho tshwanang ba ne ba ikutlwa ba sireletsehile ha ba ne ba e na le yena.​—Matheu 19:13-​15; Mareka 9:​35-​37.

Seo e seng nnete ka tjhebahalo ya Jesu

 Seo e seng e seng nnete: Batho ba bang ba dumela hore Jesu e ne e le Moafrika hobane buka ya Tšenolo e tshwantsha moriri wa Jesu le boya ba nku le hore maoto a hae a ne a tshwana le “koporo e hlwekileng.”​—Tšenolo 1:14, 15, The New Jerusalem Bible.

 Seo e leng nnete: Lengolo la Tšenolo ke buka ya “dipontsho” kapa dipapiso. (Tšenolo 1:1) Tlhaloso ya moriri le maoto a Jesu ke tshwantshiso e neng e bontsha makgabane ao Jesu a neng a tla ba le ona ka mora hore a tsoswe bafung, eseng ponahalo ya ha a ne a le lefatsheng. Tšenolo 1:​14 e bua ka mmala eseng ponahalo ha e etsa papiso e reng: “hlooho ya hae le moriri wa hae di ne di le tshweu jwalo ka boya bo bosweu, jwalo ka lehlwa”. Taba ya hore o na le moriri o mosweu e bontsha hore o bohlale ka lebaka la hore kgale a le teng. (Tšenolo 3:14) Temana ena ha e bolele hore moriri wa Jesu o tshwana le ulu kapa hona hore o jwalo ka lehlwa.

 Maoto a Jesu a ne a tshwana le “koporo e hlwekileng ha e hlenne ka seboping.” (Tšenolo 1:​15) Hape sefahleho sa hae “se ne se le jwalo ka letsatsi ha le kganya ka matla a lona.” (Tšenolo 1:​16) Jwalo ka ha ho se na morabe o nang le lebala le boletsweng ka Bibeleng, e tlameha hore ebe tshwantshiso ena ke pono e bontshang Jesu e le “ya dulang leseding le sa atameleheng.”​—1 Timothea 6:​16.

 Seo e seng nnete: Jesu o ne a sena matla ebile a fokola.

 Seo e leng nnete: Boitshwaro ba Jesu bo ne bo bontsha hore ke motho ya hodileng ka ho lekaneng. Ka mohlala, o ile a itsebahatsa ho sehlopha se neng se tshwere dibetsa se batla ho mo tshwara. (Johanne 18:​4-8) Hape e tlameha ebe Jesu o ne a le matla ka ha e ne e le mmetli wa mapolanka a sebedisa dithulusi.​—Mareka 6:3.

 Jwale, ke hobaneng ha Jesu a ile a hloka thuso ya ho jariswa palo eo a neng a tlo bolaelwa ho yona? Hona ke hobaneng ha a ile a hlokahala pele ho batho bao a neng a tlo bolawa le bona? (Luka 23:26; Johanne 19:31-​33) Pele a bolawa, o ile a hloriswa habohloko. O ile a qeta bosiu kaofela a sa robale hobane o ne a saretswe haholo. (Luka 22:42-​44) Bajuda ba ile ba hlorisa Jesu bosiu mme letsatsing le latelang hoseng, Baroma ba ile ba mo hlokofatsa. (Matheu 26:67, 68; Johanne 19:​1-3) Diketso tsena di ile tsa etsa hore Jesu a shwe kapele.

 Seo e seng nnete: Jesu o ne a dula a hloname.

 Seo e leng nnete: Jesu o ne a bonahatsa botho ba Ntate wa hae ya lehodimong e leng Jehova, eo Bibele e mo hlalosang e le “Modimo ya thabileng.” (1 Timothea 1:​11; Johanne 14:9) Ha e le hantle, Jesu o ile a ruta batho hore le bona ba thabe. (Matheu 5:​3-9; Luka 11:28) Dintlha tsena di bontsha hantle hore sefahleho sa Jesu se ne se bontsha hore ke motho ya thabileng.