Feta

Na Dipaki Tsa Jehova ha di Batle ho Hlaba Ente ya Coronavirus?

Na Dipaki Tsa Jehova ha di Batle ho Hlaba Ente ya Coronavirus?

 Ha ho jwalo. Dipaki Tsa Jehova ha di hane ho hlaba ente eo. Ho hlaba ente ke qeto ya Mokreste ka bomong. Dipaki Tsa Jehova tse ngata di kgetha ho hlaba ente ena.

 Re sheba phekolo ya boleng bo hodimo mme re ananela haholo tswelopele eo ba tsa bongaka ba e etsang ho fokotsa lefu lena le bolayang. Re ananela haholo boitelo le mosebetsi o thata oo ditsebi tsa bophelo bo botle di o etsang nakong ena e thata.

 Dipaki Tsa Jehova di mamela keletso eo ba tsa bophelo bo botle ba fanang ka yona. Ka mohlala ho tloha ha sewa sena sa Coronavirus se qala, haesale Dipaki Tsa Jehova di ntse di ngola ka dihlooho tse buang ka mokgwa wa ho itshireletsa, tse hlahang ka dipuo tse makgolo websaeteng ena. Sena se akarelletsa ho se atamele pela batho ba bang, ho mamela tataiso e fanweng tabeng ya ho ba moo batho ba leng bangata, ho ikarola, ho hlapa matsoho, ho rwala maske le ho etsa dintho tse ding tseo ba boholong ba laetseng hore di etswe.​—Baroma 13:1, 2.

 Ka dilemo tse ngata, haesale dingolwa tsa Dipaki Tsa Jehova di ntse di hlakisa dintlha tse latelang tsa Bibele:

  •   Ke qeto ya motho ka bomong hore na o kgetha kalafo efe.​—Bagalata 6:5.

     “[Makasine ena] ha o kgothalletse moriana le ha e le ofe ho feta e meng kapa phekolo le ha e le efe ho feta e nngwe, ebile ha o fane ka keletso ditabeng tsa bongaka. Empa feela o hatisa dintlha tsa bohlokwa le ho thusa mmadi hore a iketsetse diqeto.”​—Awake!, February 8, 1987.

     “Taba ya hore wena le bana ba hao le lokela ho hlaba ente ke qeto eo o lokelang ho iketsetsa yona.”​—Awake!, August 22, 1965.

  •   Re batla phekolo hobane re nka bophelo e le ba bohlokwa.​—Liketso 17:28.

     “Dipaki di ya ngakeng haeba di kula bakeng sa ho kopa thuso. Di rata bophelo mme di etsa sohle seo di ka se kgonang hore di phele nako e telele ha feela se se kgahlanong le seo Bibele e se buang.”​—The Watchtower, July 1, 1975.

     “Dipaki Tsa Jehova di amohela meriana le ho phekolwa ke dingaka. Di batla hore di dule di phela hantle le hore di phele nako e teletsana. Haele hantle, jwalo ka Mokreste wa lekgolong la pele la dilemo Luka, Dipaki Tsa Jehova tse ding le tsona ke dingaka. . . . Dipaki Tsa Jehova di ananela haholo mosebetsi o boima le boitelo ba dingaka. Di boetse di thabela phekolo e amohelehang eo batho bao ba fanang ka yona.”​—Molula-Qhooa, February 1, 2011.