Feta

Dipaki Tsa Jehova di Tadima Saense Jwang?

Dipaki Tsa Jehova di Tadima Saense Jwang?

 Re hlompha seo saense e se finyelletseng hape re tshehetsa dipatlisiso tseo saense e nang le bopaki ba tsona.

 Collins Cobuild Advanced Learner’s English Dictionary e re “saense ke thuto ya ho tseba hore na tlhaho, batho le diphoofolo di hola jwang le hore di itshwara jwang.” Le hoja Bibele e se buka ya saense, e kgothalletsa batho hore ba ithute ka popo le ho ithuta ho itseng ho tswa popong. Hlokomela mehlala e latelang:

  •   Bolepi ba dinaledi: “Phahamisetsang mahlo hodimo mme le bone. Ke mang ya bopileng dintho tsee? Ke Ya hlahisang lekgotla la tsona ka palo, e nngwe le e nngwe o e bitsa le ka lebitso.”​—Esaia 40:26.

  •   Baeloji: Solomone “o ne a bua ka difate, ho tloha ka kedare e Lebanone ho ya ho hysopa e tswang lerakong; o ne a bua ka diphoofolo le ka dibopuwa tse fofang le ka dintho tse tsamayang le ka ditlhapi.”​—1 Marena 4:​33.

  •   Lefapha la bongaka: “Ba phelang hantle ha ba hloke ngaka, empa ba kulang baa e hloka.”​—Luka 5:​31.

  •   Maemo a lehodimo: “Na o kene ka matlung a polokelo a lehlwa,kapa na o bona matlo a polokelo a sefako . . . ? Na o kene ka matlung a polokelo a lehlwa, kapa na o bona matlo a polokelo a sefako?”​—Jobo 38:22-​24.

 Dingolwa tsa rona di hlompha saense ka hore ebe di na le dihlooho tse buang ka tlhaho le ka seo saense e se finyelletseng. Batswadi ba Dipaki ba kgothalletsa bana ba bona hore ba ithute ka tlhaho e le hore ba ka utlwisisa ka ho feletseng ka popo. Dipaki Tsa Jehova tse ngata di sebetsa lefapheng la dintho tse amanang le saense, jwalo ka tshebetso ya dikhemikhale dinthong tse phelang, dipalo le fisiks.

Seo saense e sa kgoneng ho se etsa

 Ha re dumele hore saense e ka araba dipotso tse ngata tseo batho ba kgathatsehileng ka tsona. a Ka mohlala, batho ba ithutileng jeoloji ba hlahloba hore na lefatshe le entswe jwang mme batho ba ithutileng baeloji bona ba hlahloba hore na mmele wa motho o sebetsa jwang. Empa saense ha e kgone ho araba hore na ke hobaneng ha lefatshe e le lona sebaka se loketseng sa hore re phele ho lona, le hore ke hobaneng ha dikarolo tsa mmele wa motho di sebedisana hammoho.

 Re kgodisehile hore ke Bibele feela e ka kgonang ho araba dipotso tseo ka tsela e kgotsofatsang. (Pesaleme ya 139:13-​16; Esaia 45:18) Kahoo, re dumela hore ho molemo hore motho a be le tsebo ya saense le Bibele.

 Ka dinako tse ding saense ha e dumellane le Bibele. Le ha ho le jwalo, seo se bakwa ke ho se be le kutlwisiso e nepahetseng ka seo Bibele e se rutang. Ka mohlala, Bibele ha e rute hore lefatshe le ile la etswa ka matsatsi a tsheletseng a dihora tse 24.​—Genese 1:1; 2:4.

 Dithuto tse ding tse ngata tsa saense ha di na bopaki bo lekaneng ho tshehetsa dithuto tseo, ebile borasaense ba bang ba hlomphuwang ha ba dumellane le dithuto tse jwalo. Ka mohlala, ka ha lefatshe lena le na le dintho tse hlollang tse bontshang hore di entswe ka tsela e bohlale, re dumellana le batho ba ithutileng baeloji le khemistri hore dintho tse phelang ha di a e ba teng ka ho iphethola ha dintho le hore ha di a e ba teng ka ho itlhahisa.

a Erwin Schrödinger eo e neng e le setsebi sa fisiks wa Austria eo hape a ileng a fumana kgau ya Nobel, o ile a ngola a re “saense e ya makatsa ka tsela ya hore ha e bue letho ka dintho tse haufiufi le dipelo tsa rona le dintho tse re amang haholo bophelong.” Mme Albert Einstein yena o ile a re: “Re ithutile dinthong tse bohloko tseo re ileng ra kopana le tsona hore ho ba bohlale ha ho a lekana hore mathata a moloko wa batho a ka rarolleha.”