Feta

Motse wa Letlotlo o Bontsha Batho “Mpho eo Modimo a Faneng ka Yona”

Motse wa Letlotlo o Bontsha Batho “Mpho eo Modimo a Faneng ka Yona”

Cluj-Napoca ke o mong wa metse e meholo e Romania, oo hape o tsejwang e le Motse wa Letlotlo. Ho tloha ka la 20 ho fihlela ka la 24 April, Dipaki Tsa Jehova di ile tsa hatisa bohlokwa ba ho phela ka melaomotheo ya Bibele, letsholong le bitswang Gaudeamus la ho bontsha batho dingolwa tsa Bibele. Di ile tsa etsa sebaka seo ho sona di neng di tla beha dingolwa ho sona e le hore batho ba ka di bona, mme di ile tsa buisana le batho ba dikete ba neng ba batla ho tseba ka divideo, dingolwa tse thehilweng Bibeleng le Dibibele tse neng di beilwe hore batho di bone.

Dikolo tse mmalwa di ile tsa nka maeto a ho tla bona sebaka sena, mme matitjhere a ile a tla le baithuti. Baithuti ba ile ba thabela haholo ho shebella divideo tsa dipopae tsa Eba Motswalle wa Jehova mme ba bangata ba ile ba batla dibuka tsa Buka ea ka ea Lipale Tsa Bibele le bukana ya Ruta Bana ba Hao. Ka mora hore mosadi ya hlokomelang bana a shebelle divideo tsa dipopae, o ile a re ho mosebetsimmoho le yena, “Re tlameha ho ngola websaete ena ya [www.pr418.com] fatshe e le hore re ka bontsha bana dipopae tsena.”

Baithuti ba batjha dilemong ba ile ba kgahlwa ke divideo tsa dipopae tseo ba ileng ba dishebella dithableteng. Tse ding tsa divideo tsena ke tse reng Na ke Lerato la Sebele Kapa ke ho Nkeha Maikutlo Fela?, Eba Bohlale ha o Etsa Metswalle Inthaneteng le e reng Hlola Mpodi o sa Lwane.

Moruti wa kereke ya Orthodox le mosadi wa hae ba ile ba ya ketsahalong ena ka makgetlo a mmalwa, mme ba iphumanela Bibele ya New World Translation of the Holy Scriptures le dibukana tse ding. Moruti o ile a re phetolelong ena o kgahlilwe ke karolo ya “Bible Words Index” le mehlodi e tshepahalang eo bafetoledi ba e sebedisitseng. O ile a fa barababo rona ba babedi dinomoro tsa hae tsa founo mme a ba kopa hore ba mo founele e le hore ba ka ntshetsa pele puisano ya bona e mabapi le Bibele.

Mosadi wa moruti o ile a botsa hore na ke hokae websaeteng ya jw.org moo a ka fumanang boitsebiso bo mabapi le bana, yaba ba mo tataisetsa karolong ya “Bana” hona moo websaeteng. Yaba ka mora moo o shebella video e reng Bua Nnete Kamehla, eo a ileng a e thabela haholo. Ka mora ketsahalo ena le ho sheba dikarolo tse ding tsa websaete, moruti eo o ile a bitsa ketsahalo ena “Mpho eo Modimo a Faneng ka Yona.”