Feta

O Ile a Thabiswa ke Melemo eo a e Fumaneng

O Ile a Thabiswa ke Melemo eo a e Fumaneng

 Mme e mong ya bitswang Desicar ya dulang Venezuela o hodisa bana a le mong. Naheng eo a dulang ho yona, ho na le mathata a ditjhelete. Le ha ho le jwalo, o ne a ikemiseditse ho eketsa nako eo a e qetang a sebeletsa Jehova ka hore e be pulamadiboho ya ka mehla. E ile ya feela ya eba pulamadiboho, ha a sa ntsane a natefetswe yaba sewa sa Covid-19 se a fihla.

 Desicar o ne a thatafallwa ke ho sebedisa mekgwa e meng e metjha ya ho bolela ditaba tse monate ha sewa sa Covid-19 se ne se qala. Ho ngola mangolo ho ne ho mo thatafalla haholo ebile a sa kgone ho bolela ditaba tse monate a sebedisa video call ka ha Inthanete e tura haholo sebakeng seo a dulang ho sona. O re: “Ka ha ke ne ke se ke sa kgone ho bolela ditaba tse monate ka tsela eo ke neng ke e tlwaetse, ke ile ka nyahama haholo. Ke ne ke utlwa ke se ke sa tshwanelehe ho ba pulamadiboho ya ka mehla.”

 Ka January 2021, ofisi ya lekala ya Dipaki tsa Jehova e ile ya lokisetsa hore ho be le letsholo le kgethehileng la ho bolela ditaba tse monate Venezuela. Ho ile ha lokisetswa hore ho haswe dipuo tse thehilweng Bibeleng diyalemoyeng tse ka bang 60 le mananeong a thelevishene a supileng mafelo beke a mang le a mang kgweding eo. Dipaki Tsa Jehova di ile tsa kgothaletswa ho mema batho ba ka thabelang ho mamela dipuo tsena. E le ho thusa bara le baradi ba bo rona ha ba ntse ba paka ka fono le ho ngola mangolo, lekala le ile la fana ka dipotso tseo ba ka di sebedisang le mangolo a Bibele a arabang dipotso tseo. Ho ekelletsa moo, lekala le ile la bontsha bohlokwa ba ho romella batho molaetsa ka fono e le mokgwa o mong o motjha wa ho paka moo Venezuela.

 Desicar o ne a thabetse letsholo lena haholo. Le hoja a ne a eso bolele ditaba tse monate ka ho romela molaetsa ka fono, o ile a leka ho etsa jwalo. Empa o ne a hloka thuso. O re: “Ha ke motle haholo ka theknoloji.” Empa o ile a kopa moradi wa hae ho mo ruta ho ngola melaetsa a sebedisa fono mme ka makgetlo a mmalwa a mo bontshitse hore a etse jwang, o ne a se a loketse ho kenya letsoho letsholong leo.

Desicar

 Desicar o ile a mema batho bao a ba tlwaetseng ka ho ba romella molaetsa ka fono hore ba tlo mamela dipuo tsena tse rekotilweng. O ile a thabiswa ke melemo ya seo. Batho ba bangata bao a ba tsebang ba ile ba tla ho tla mamela dipuo tseo ba ba ba botsa dipotso tse ngata. Ke nnete ho ile ha eba le ba bang ba sa kang ba kgona ho di mamela empa Desicar o ile a ba bolella seo dipuo tseo di neng di bua ka sona. O re: “Ke ile ka bokella dintlha tseo ke neng ke di ngotse kaofela mme ka di arolelana le bona. Ha ke so ka ke etsa maeto a ho boela a fetang a mahlano ka kgwedi empa ha letsholo lena le fela ke ne ke ena le maeto a ho boela a 112. a

 Desicar o ile a mema ausi wa hae eo e neng e se paki ya dulang pela ha hae hore a tlo mamela dipuo tsena tse haswang seyalemoyeng. Desicar o re; “Ke ile ka makala ha a dumela. Sontaha se seng le se seng ka 8 hoseng ke ne ke ya moo a dulang teng ebe re mamela lenaneo leo. O ne a ena le dipotso tse ngata nakong ya lenaneo le ka mora lona.” Ausi wa Desicar o ile a ba a mamela puo ya sehopotso sa lefu la Jesu ka video-conferencing, a ba a dumella Desicar hore a sebedise Inthanete ya hae ha a ntse a bua le batho ka Bibele.

 Desicar o re: “Ke leboha Jehova haholo. Ke boetse ke leboha le baholo ba ileng ba nkgothatsa le ho nthusa hore ke boele ke thabele ho bolela ditaba tse monate hape.” (Jeremia 15:​16) Desicar e ntse e le pulamadiboho mme o thabela ho ithuta Bibele le batho bao a ileng a ba fumana ha a ntse a bolela ditaba tse monate ka fono.

a Dipaki Tsa Jehova di bolela ditaba tse monate di ipapisitse le melao ya naha ya ho sireletsa boitsebiso ba batho.